Numere 33:1-56

  • Mekgahlelo ya leeto la Baiseraele lefeelleng (1-49)

  • Ditaelo tsa ho hapa Kanana (50-56)

33  Ena e ne e le mekgahlelo ya leeto la Baiseraele ha ba ne ba tswa naheng ya Egepeta+ ka dihlopha tsa bona*+ ba tataiswa ke Moshe le Arone.+  Moshe a nna a tlaleha dibaka tseo ba tlohang ho tsona ka mekgahlelo ya leeto la bona ho ya ka taelo ya Jehova. Ena ke mekgahlelo ya leeto la bona ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng:+  Ba tloha Ramsese+ ka kgwedi ya pele, letsatsing la bo15 la kgwedi.+ Letsatsi feela ka mora Paseka,+ Baiseraele ba tloha ba sa tshoha letho* Baegepeta bohle ba ntse ba ba shebile.  Ka nako eo, Baegepeta ba ne ba pata matsibolo ohle ao Jehova a neng a a bolaile hara bona+ hobane Jehova o ne a ahlotse medimo ya bona mme a e file kotlo.+  Ka hoo, Baiseraele ba tloha Ramsese mme ba hloma ditente tsa bona Sukothe.+  Jwale ba tloha Sukothe mme ba hloma ditente tsa bona Ethame,+ e moeding wa lefeella.  Ka mora moo ba tloha Ethame mme ba kgutlela Pihahirothe, e ka pela Baale-zefone+ mme ba hloma ditente tsa bona ka pela Migdole.+  Ka mora moo, ba tloha Pihahirothe mme ba feta hara lewatle+ ho ya lefeelleng.+ Ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo lefeelleng la Ethame+ yaba ba hloma ditente tsa bona Mara.+  Jwale ba tloha Mara mme ba fihla Elime. Elime ho ne ho ena le didiba tse 12 tsa metsi le difate tsa dipalema tse 70, ka hoo, ba hloma ditente tsa bona teng.+ 10  Ka mora moo ba tloha Elime mme ba hloma ditente tsa bona pela Lewatle le Lefubedu. 11  Ka mora moo, ba tloha Lewatleng le Lefubedu mme ba hloma ditente tsa bona lefeelleng la Sine.+ 12  Jwale ba tloha lefeelleng la Sine mme ba hloma ditente tsa bona Dofeka. 13  Ha morao ba tloha Dofeka mme ba hloma ditente tsa bona Alushe. 14  Ka mora moo, ba tloha Alushe mme ba hloma ditente tsa bona Refidime,+ moo ho neng ho se na metsi hore setjhaba se nwe. 15  Ka mora moo, ba tloha Refidime mme ba hloma ditente tsa bona lefeelleng la Sinai.+ 16  Ba tloha lefeelleng la Sinai mme ba hloma ditente tsa bona Kibrothe-hatava.+ 17  Jwale ba tloha Kibrothe-hatava mme ba hloma ditente tsa bona Hazerothe.+ 18  Ka mora moo, ba tloha Hazerothe mme ba hloma ditente tsa bona Rithma. 19  Ka mora moo, ba tloha Rithma mme ba hloma ditente tsa bona Rimone-pereze. 20  Jwale ba tloha Rimone-pereze mme ba hloma ditente tsa bona Libna. 21  Ba tloha Libna mme ba hloma ditente tsa bona Risa. 22  Ka mora moo, ba tloha Risa mme ba hloma ditente tsa bona Kehelatha. 23  Jwale ba tloha Kehelatha mme ba hloma ditente tsa bona Thabeng ya Shefere. 24  Ka mora moo, ba tloha Thabeng ya Shefere mme ba hloma ditente tsa bona Harada. 25  Jwale ba tloha Harada mme ba hloma ditente tsa bona Makhelothe. 26  Ka mora moo, ba tloha+ Makhelothe mme ba hloma ditente tsa bona Tahathe. 27  Ka mora moo, ba tloha Tahathe mme ba hloma ditente tsa bona Tera. 28  Jwale ba tloha Tera mme ba hloma ditente tsa bona Mithka. 29  Ha morao ba tloha Mithka mme ba hloma ditente tsa bona Hashmona. 30  Ka mora moo, ba tloha Hashmona mme ba hloma ditente tsa bona Moserothe. 31  Jwale ba tloha Moserothe mme ba hloma ditente tsa bona Bene-jakane.+ 32  Ba tloha Bene-jakane mme ba hloma ditente tsa bona Hore-hagidegade. 33  Ka mora moo, ba tloha Hore-hagidegade mme ba hloma ditente tsa bona Jotbatha.+ 34  Ha morao ba tloha Jotbatha mme ba hloma ditente tsa bona Abrona. 35  Jwale ba tloha Abrona mme ba hloma ditente tsa bona Ezione-gebere.+ 36  Ka mora moo, ba tloha Ezione-gebere mme ba hloma ditente tsa bona lefeelleng la Zine+ e leng Kadeshe. 37  Ha morao ba tloha Kadeshe mme ba hloma ditente tsa bona Thabeng ya Hore,+ moeding wa naha ya Edomo. 38  Moprista Arone a nyolohela Thabeng ya Hore ka taelo ya Jehova mme a shwela teng selemong sa bo40 ka mora hore Baiseraele ba tswe naheng ya Egepeta, ka kgwedi ya bohlano, ka letsatsi la pele la kgwedi.+ 39  Arone o ne a le dilemo di 123 ha a shwela Thabeng ya Hore. 40  Jwale morena wa Arade+ wa Mokanana ya neng a dula Negebe naheng ya Kanana, a utlwela hore Baiseraele ba a tla. 41  Ka mora nako ba tloha Thabeng ya Hore+ mme ba hloma ditente tsa bona Zalmona. 42  Ka mora moo, ba tloha Zalmona mme ba hloma ditente tsa bona Punone. 43  Ka mora moo, ba tloha Punone mme ba hloma ditente tsa bona Obothe.+ 44  Jwale ba tloha Obothe mme ba hloma ditente tsa bona Iye-abarime, moeding wa Moabe.+ 45  Ha morao ba tloha Iyime mme ba hloma ditente tsa bona Dibone-gade.+ 46  Ka mora moo, ba tloha Dibone-gade mme ba hloma ditente tsa bona Almone-diblathaime. 47  Jwale ba tloha Almone-diblathaime mme ba hloma ditente tsa bona dithabeng tsa Abarime+ pela Nebo.+ 48  Qetellong ba tloha dithabeng tsa Abarime mme ba hloma ditente tsa bona lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko.+ 49  Ba hloma ditente tsa bona pela Jordane, ho tloha Bethe-jeshimothe ho ya fihla Abele-shitime,+ lehwatateng la Moabe. 50  Jehova a bua le Moshe lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko a re: 51  “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Tshelelang ka nqane ho Jordane, le ye naheng ya Kanana.+ 52  Le leleke baahi bohle ba naha ka pela lona mme le senye majwe ohle a bona a betlilweng+ le ditshwantsho tsohle tsa bona tsa tshepe*+ mme le lokela ho senya dibaka tsohle tsa bona tse phahameng tse halalelang.+ 53  Le hape naha eo mme le dule ho yona hobane ke tla le fa naha eo hore e be ya lona.+ 54  Le arolele malapa a lona naha eo ka lotho+ hore e be ya lona. Sehlopha se nang le batho ba bangata le se ekeletse lefa mme le fokotse lefa la sehlopha se senyenyane.+ Lefa la e mong le e mong le tla ba moo lotho ya hae e welang teng. Le tla fumana karolo ya lona ya naha e le lefa ho ya ka maloko a bontate ba lona.+ 55  Le ha ho le jwalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pela lona,+ bao le ba dumellang hore ba phele le lona, ba tla ba jwalo ka ntho e fahlang ka mahlong a lona le meutlwa mmeleng ya lona* mme ba tla le tshwenya naheng eo le tla dula ho yona.+ 56  Ke tla le fa kotlo eo ke neng ke rerile ho ba fa yona.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”
Ka Seheberu: “ba phahamisitse matsoho.”
Kapa: “diemahale tse entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Ka Seheberu: “mahlakoreng a lona.”