Numere 34:1-29

  • Meedi ya Kanana (1-15)

  • Banna ba fuwang mosebetsi wa hore ba arole naha (16-29)

34  Jehova a boela a bua le Moshe a re:  “Bolella Baiseraele ditaelo tsena: ‘Ha le kena naheng ya Kanana,+ le tla fuwa naha eo ha mmoho le meedi ya yona e le lefa.+  Moedi wa lona o ka borwa o name ho tloha lefeelleng la Zine haufi le Edomo mme moedi wa lona o ka borwa lehlakoreng le ka botjhabela, o tla tloha qetellong ya Lewatle la Letswai.*+  Moedi wa lona o thinye, o fete ka borwa ho moepa wa Akrabime+ mme o tswele pele ho ya fihla Zine, ebe o fella ka borwa ho Kadeshe-barnea.+ Ho tloha moo o tla fihla Hazare-adare+ o be o fetele Azmone.  Moedi o thinye Azmone ho ya Kgohlong* ya Egepeta mme o felle Lewatleng.*+  Moedi wa lona o ka bophirimela e tla ba Lewatle le Leholo* le lebopo la lewatle. Ona e tla ba moedi wa lona o ka bophirimela.+  Jwale ona e tla ba moedi wa lona o ka leboya: Ho tloha Lewatleng le Leholo, le tshwaye Thaba ya Hore e le moedi wa lona.  Ho tloha Thabeng ya Hore le tshwaye moedi ho fihlela Lebo-hamathe*+ mme moedi o fihle le Zedade.+  Moedi o tswele pele ho ya fihla Zifrone mme o felle Hazare-enane.+ Ona e tla ba moedi wa lona o ka leboya. 10  Jwale le tshwaye moedi wa lona wa ka botjhabela ho tloha Hazare-enane ho ya Shefame. 11  Moedi oo o tlohe Shefame ho ya Ribla ka botjhabela ho Aine mme moedi o theohe, o fete maralla a ka botjhabela a Lewatle la Kinerethe.*+ 12  Moedi o fihle Jordane mme o felle Lewatleng la Letswai.+ Ena e tla ba naha ya lona le meedi e e potapotileng.’”+ 13  Ka hoo, Moshe a re ho Baiseraele: “Naha ena e tla ba ya lona mme le tla e arola ka lotho+ feela jwalo ka ha Jehova a laetse hore e fuwe meloko e robong le halofo. 14  Ba leloko la Barubene, la Bagade le halofo ya leloko la Manase, ba se ba nkile lefa la bona.+ 15  Meloko eo e mmedi le halofo e se e nkile lefa la yona ka lehlakoreng le ka botjhabela la sebaka sa Jordane pela Jeriko.”+ 16  Jehova a boela a bua le Moshe a re: 17  “Mabitso a banna ba tla le arolela naha e tla ba ya lona ke moprista Eleazare+ le Joshua+ mora wa Nune. 18  Le tla nka kgosana e le nngwe lelokong ka leng ho arola naha eo e tla ba lefa la lona.+ 19  Ana ke mabitso a dikgosana tseo: Lelokong la Juda+ e be Kalebe+ mora wa Jefune, 20  lelokong la bara ba Simeone+ e be Shemuele mora wa Amihude, 21  lelokong la Benjamine+ e be Elidade mora wa Kislone, 22  lelokong la bara ba Dane+ e be kgosana Buki mora wa Jogli, 23  ho bara ba Josefa,+ lelokong la bara ba Manase+ e be kgosana Haniele mora wa Efode, 24  lelokong la bara ba Efraime+ e be kgosana Kemuele mora wa Shiftane, 25  lelokong la bara ba Zabulone+ e be kgosana Elizafane mora wa Parenake, 26  lelokong la bara ba Isakare+ e be kgosana Paltiele mora wa Azane, 27  lelokong la bara ba Ashere+ e be kgosana Akihude mora wa Shelomi, 28  lelokong la bara ba Nefthali+ e be kgosana Pedahele mora wa Amihude.” 29  Bana ke bao Jehova a ba laetseng hore ba arolele Baiseraele naha ya Kanana.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng Lewatle le Shweleng.
E leng Lewatle le Leholo la Mediterranean.
E leng Lewatle la Mediterranean.
Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”
E leng letsha la Genesarete kapa Lewatle la Galilea.