Numere 35:1-34

  • Metse ya Balevi (1-8)

  • Metse ya setshabelo (9-34)

35  Jehova a tswela pele ho bua le Moshe lehwatateng la Moabe, pela Jordane+ haufi le Jeriko a re:  “Bolella Baiseraele hore lefeng leo ba tla le fuwa, ba fe Balevi metse eo ba ka dulang ho yona+ mme ba fe Balevi makgulo a potapotileng metse eo.+  Ba dule metseng eo mme makgulo e tla ba a mehlape ya bona, a thepa ya bona le a diphoofolo tsohle tsa bona.  Makgulo a metse ao le tla a fa Balevi e tla ba dimithara tse 445* ho tloha lerakong ho potapota motse wohle.  Le lekanye dimithara tse 890* ka ntle ho motse lehlakoreng le ka botjhabela, tse 890 ka lehlakoreng le ka borwa, tse 890 ka lehlakoreng le ka bophirimela le tse 890 ka lehlakoreng le ka leboya, motse o le bohareng. Ana e tla ba makgulo a metse ya bona.  Metse eo le tla e fa Balevi e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo,+ eo le tla fana ka yona hore mmolai a balehele teng+ ha mmoho le metse e meng e 42.  Metse yohle eo le tla e fa Balevi e be metse e 48 ha mmoho le makgulo a yona.+  Metse eo le tla ba fa yona e be e tswang lefeng la Baiseraele.+ Lelokong le nang le batho ba bangata le nke metse e mengata mme ho leloko le nang le batho ba seng bakae le nke e seng mekae.+ Leloko ka leng le fe Balevi e meng ya metse ya lona ho ya ka hore na leloko leo le fumane lefa le lekae.”  Jehova a tswela pele ho bua le Moshe a re: 10  “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Tshelelang ka nqane ho Jordane le ye naheng ya Kanana.+ 11  Le ikgethele metse e le loketseng eo e tla ba metse ya lona ya setshabelo, moo mmolai ya bolayang motho e se ka morero a tla balehela teng.+ 12  Metse ena e tla ba setshabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ya amanang le motho ya bolailweng*+ e le hore mmolai a se ke a shwa ho fihlela nyewe ya hae e hlahlojwa ka pela phutheho.+ 13  Metse e tsheletseng ya setshabelo eo le tla fana ka yona e tla sebedisetswa morero ona. 14  Le fane ka metse e meraro ka lehlakoreng lena la Jordane+ le metse e meraro naheng ya Kanana+ hore e be metse ya setshabelo. 15  Metse ena e tsheletseng e tla ba setshabelo bakeng sa Baiseraele, bakeng sa moditjhaba+ le bakeng sa moahi ya sa tswa fihla hara bona hore mang kapa mang ya bolayang motho e se ka morero a balehele teng.+ 16  Empa haeba a mo otlile ka ntho e entsweng ka tshepe mme a shwa, ke mmolai. Mmolai o lokela ho bolawa.+ 17  Haeba a mo otlile ka lejwe le neng le ka mo bolaya mme a shwa, ke mmolai. Mmolai o lokela ho bolawa. 18  Haeba a mo otlile ka ntho e entsweng ka lepolanka e neng e ka mo bolaya mme a shwa, ke mmolai. Mmolai o lokela ho bolawa. 19  Motho ya amanang le motho ya bolailweng ke yena ya tla bolaya mmolai. Ha a kopana le yena, o tla mo bolaya. 20  Haeba a shwele hobane a mo sutumeditse ka lebaka la lehloyo kapa a mo betsitse ka ntho e itseng ka morero wa ho mo lematsa*+ 21  kapa ka lebaka la lehloyo a mo otlile ka letsoho mme a shwa, ya mo otlileng o tla bolawa. Ke mmolai. Motho ya amanang le motho ya bolailweng o tla bolaya mmolai ha a kopana le yena. 22  Empa haeba a mo sutumeditse e se ka boomo ebile e se hobane a mo hloile kapa a mo betsitse ka ntho le ha e le efe e se ka morero wa ho mo lematsa*+ 23  kapa haeba a sa mo bona mme a entse hore lejwe le mo wele hodimo empa e ne e se sera sa hae kapa a ne a sa batle ho mo ntsha kotsi mme motho eo a shwa, 24  phutheho e ahlole pakeng tsa hae le motho ya amanang le motho ya bolailweng, ho ya ka dikahlolo tsena.+ 25  Jwale phutheho e pholose mmolai letsohong la motho ya amanang le motho ya bolailweng mme e mo kgutlisetse motseng wa hae wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona mme a dule ho wona ho fihlela moprista ya phahameng ya tlotsitsweng ka oli e halalelang a shwa.+ 26  Empa haeba mmolai a tlola moedi wa motse wa habo wa setshabelo oo a balehetseng ho wona 27  mme motho ya amanang le motho ya bolailweng a mo fumana ka ntle ho moedi wa motse wa habo wa setshabelo mme a bolaya mmolai, ha a na molato wa madi. 28  Mmolai a dule motseng wa habo wa setshabelo ho fihlela moprista ya phahameng a shwa. Empa ka mora lefu la moprista ya phahameng, mmolai a ka kgutlela naheng ya hae.+ 29  Dintho tsena e tla ba ditaelo tsa kahlolo bakeng sa lona melokong yohle ya lona dibakeng tsohle tsa lona tsa bodulo. 30  Haeba motho a bolaya e mong mme ho ena le bopaki* bo fanweng ke dipaki+ ba hore o mo bolaile, motho eo a bolawe hobane ke mmolai.+ Empa ha ho na motho ya tla bolawa ka lebaka la bopaki ba paki e le nngwe feela. 31  Le se ke la amohela tjhelete ya ho lopolla bophelo ba mmolai ya tshwanelang ho shwa hobane o lokela ho bolawa.+ 32  Le se ke la amohela tjhelete ya topollo ho ya balehetseng motseng wa habo wa setshabelo mme la mo dumella hore a qale hape ho dula naheng ya hae pele moprista ya phahameng a shwa. 33  Le se ke la silafatsa naha eo le dulang ho yona hobane madi a silafatsa naha.+ Ho ke ke ha eba le tshwarelo ya dibe bakeng sa madi a tshollotsweng hodima naha, ntle le ka madi a ya a tshollotseng.+ 34  Le se ke la silafatsa naha eo le dulang ho yona, eo ke dulang ho yona hobane nna, Jehova, ke dula hara setjhaba sa Iseraele.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse 2 000.”
Kapa: “mopheteletsi wa madi.”
Ka Seheberu: “e itseng ha a ntse a mo laletse.”
Ka Seheberu: “a ne a sa mo lalla.”
Ka Seheberu: “molomo.”