Numere 36:1-13

  • Molao wa lenyalo bakeng sa basadi ba nang le lefa (1-13)

36  Dihlooho tsa malapa a ditloholo tsa Gileade mora wa Makire+ mora wa Manase tse neng di tswa malapeng a bara ba Josefa, tsa atamela mme tsa bua ka pela Moshe le dikgosana tsa Baiseraele.  Tsa re ho bona: “Jehova o laetse wena, morena wa rona hore o abele Baiseraele naha ka lotho+ e le lefa mme Jehova o laetse wena morena wa rona hore o fane ka lefa la ngwanabo rona Zelofehade ho baradi ba hae.+  Haeba ba nyalwa ke banna ba tswang lelokong le leng la Iseraele, lefa la basadi bao le lona le tla tloswa lefeng la bontate ba rona, le ekelletswe lefeng la leloko leo ba tla beng ba nyetswe ho lona mme le tla tloswa lefeng leo re le fuweng ka lotho.  Jwale ha Selemo sa Tokoloho*+ se fihla bakeng sa setjhaba sa Iseraele, lefa la basadi bao le lona le tla ekelletswa lefeng la leloko leo ba tla beng ba nyetswe ho lona mme lefa la bona le tla tloswa lefeng la leloko la bontate ba rona.”  Jwale Moshe a bolella Baiseraele seo Jehova a ba laetseng sona a re: “Ntho eo leloko la bara ba Josefa le e buang ke nnete.  Jehova o fane ka taelo ena bakeng sa baradi ba Zelofehade: ‘Ba ka nyalwa ke mang kapa mang eo ba mo ratang. Le ha ho le jwalo, ba lokela ho nyalwa ke motho ya tswang lelokong la ntate wa bona.  Ha ho na lefa la Baiseraele le tla potoloha ho tloha lelokong le leng ho ya ho le leng hobane Baiseraele ba lokela ho kgomarela lefa la leloko la baholoholo ba bona.  Moradi e mong le e mong ya nang le lefa lelokong la Iseraele o lokela ho nyalwa ke motho ya tswang lelokong la ntate wa hae,+ e le hore Baiseraele ba se ke ba lahlehelwa ke lefa la baholoholo ba bona.  Ha ho na lefa le tla potoloha ho tloha lelokong le leng ho ya ho le leng hobane leloko le leng le le leng la Iseraele le lokela ho kgomarela lefa la lona.’” 10  Baradi ba Zelofehade ba ile ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 11  Ka hoo, baradi ba Zelofehade e leng Mahela, Tirza, Hogla, Milka le Noe,+ ba ile ba nyalwa ke bara ba borangwane ba bona. 12  Ba ile ba nyalwa ke banna ba tswang lelapeng la Manase mora wa Josefa e le hore lefa la bona le se ke la tloha lelokong la ntate wa bona. 13  Tsena ke ditaelo le melao eo Jehova a e fileng Baiseraele ka Moshe lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Jubile.”