Numere 4:1-49

  • Mosebetsi wa Bakohathe (1-20)

  • Mosebetsi wa Bagershone (21-28)

  • Mosebetsi wa Bamerari (29-33)

  • Kakaretso ya palo ya batho (34-49)

4  Jwale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re:  “Balang bara ba Kohathe+ hara bara ba Levi ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona,  bohle ba dilemo di 30+ ho ya ho ba dilemo di 50+ ba leng sehlopheng se abetsweng ho sebetsa ka tenteng ya pokano.+  Ona ke mosebetsi wa bara ba Kohathe ka tenteng ya pokano.+ Ke mosebetsi o halalelang ka ho fetisisa:  Ha batho ba hlomolla ditente tsa bona mme ba tloha, Arone le bara ba hae ba kene mme ba theole kgaretene ya sehalalelo+ ebe ba kwahela areka+ ya Bopaki ka yona.  Ba e kwahele ka matlalo a diqibi* mme ka hodima ona ba ale lesela le leputswa mme ba kenye dipalo+ tseo e jarwang ka tsona.  Hape ba ale lesela le leputswa hodima tafole ya bohobe ba pontsho+ mme hodima yona ba behe dijana, dikopi, dikotlolo le dijeke tsa nyehelo ya seno.+ Bohobe bo nyehelwang ka mehla+ bo dule bo le hodima yona.  Ba ale lesela le lefubedu* hodima tsona mme ba kwahele tafole ka matlalo a diqibi* ebe ba kenya dipalo+ tseo e jarwang ka tsona.  Ka mora moo, ba nke lesela le leputswa mme ba kwahele sedulwana sa lebone+ ha mmoho le mabone a sona,+ ditong* tsa sona, dipane tsa sona tsa mollo+ le dijana tsohle tsa sona tsa oli tse sebediswang ho e hlokomela. 10  Ba se phuthele ha mmoho le disebediswa tsohle tsa sona ka matlalo a diqibi* mme ba se behe hodima palo eo se jarwang ka yona. 11  Ba ale lesela le leputswa hodima aletare ya kgauta,+ ba e kwahele ka matlalo a diqibi* mme ba kenye dipalo+ tseo e jarwang ka tsona. 12  Ka mora moo, ba nke disebediswa+ tsohle tseo ba di sebedisang ho sebeletsa ka mehla sebakeng se halalelang. Ba di behe ka hara lesela le leputswa mme ba di kwahele ka matlalo a diqibi* ebe ba di beha hodima palo eo di jarwang ka yona. 13  Ba tlose molora* aletareng+ mme ba ale lesela le entsweng ka ulu e pherese hodima yona. 14  Ba behe disebediswa tsohle tsa aletare hodima yona, tse sebediswang ha ba sebeletsa aletareng: Dipane tsa mollo, difereko, dikgarafu le dikotlolo e leng disebediswa tsohle tsa aletare+ mme ba e kwahele ka matlalo a diqibi* ebe ba kenya dipalo+ tseo e jarwang ka tsona. 15  Ha batho ba hlomolla ditente tsa bona mme ba tloha, Arone le bara ba hae ba kwahele dintho tsa sebaka se halalelang le thepa yohle ya sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba di nke+ empa ba se ke ba thetsa dintho tsa sebaka se halalelang, ho seng jwalo ba tla shwa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela dintho tsena tse amanang le tente ya pokano. 16  Boikarabelo ba Eleazare+ mora wa moprista Arone ke ho ba molebedi wa oli ya ho kgantsha,+ dibano tse nkgang ha monate,+ nyehelo ya ka mehla ya dijo* le oli e halalelang.*+ Ke yena molebedi wa tabernakele yohle le dintho tsohle tse ka ho yona, ho akarelletsa le sebaka se halalelang le disebediswa tsa sona.” 17  Jehova a boela a bua le Moshe le Arone, a re: 18  “Le se ke la etsa hore leloko la malapa a Bakohathe+ le fediswe hara Balevi. 19  Empa le etse mosebetsi wa lona hantle e le hore ba tswele pele ba phela mme ba se ke ba shwa ka lebaka la ho atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ Arone le bara ba hae ba tle mme ba abele e mong le e mong mosebetsi wa hae le seo a lokelang ho se jara. 20  Ba se ke ba kena ebe ba bona dintho tse halalelang le ha e le ka motsotswana, ho seng jwalo ba tla shwa.”+ 21  Yaba Jehova o bua le Moshe, o re: 22  “O bale bara ba Gershone+ ho ya ka matlo a bontate ba bona le ho ya ka malapa a bona. 23  O ngodise bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50, ba sehlopheng se abetsweng ho sebeletsa ka tenteng ya pokano. 24  Dintho tsena ke tseo malapa a Bagershone a abetsweng ho di hlokomela le ho di jara:+ 25  Ba jare masela a tente a tabernakele,+ lesela la tente ya pokano, lesela la tente le entsweng ka matlalo a diqibi* le lesela la tente le ka tlasa lona.+ Hape ba jare kgaretene ya monyako wa tente ya pokano,+ 26  masela a lepeletseng a lebala,+ kgaretene ya monyako wa keiti ya lebala+ le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tsona tsa tente le disebediswa tsohle tsa tsona le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong ya yona. Ona ke mosebetsi wa bona. 27  Arone le bara ba hae e be balebedi ba mosebetsi wohle le mejaro yohle ya Bagershone.+ A ba abele mejaro ena yohle hore e be boikarabelo ba bona. 28  Ena ke tshebeletso eo malapa a Bagershone a tla e etsa ka tenteng ya pokano.+ Ithamare mora wa moprista Arone e be motsamaisi wa mosebetsi wa bona.+ 29  Ha e le bara ba Merari,+ o ba ngodise ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona. 30  O ba ngodise ho tloha ka ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50, bohle ba sehlopheng se abetsweng ho sebeletsa tenteng ya pokano. 31  Tsena ke dintho tseo ba lokelang ho di jara+ mabapi le tshebeletso ya bona ya tente ya pokano: Diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo tsa yona,+ dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti,+ 32  dipilara+ tse potolohileng lebala, ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente+ le dithapo tsa tsona tsa tente ha mmoho le disebediswa tsohle tsa tsona le tshebeletso yohle e amanang le dintho tsena. O ba abele disebediswa tseo ba lokelang ho di jara ho ya ka mabitso a bona. 33  Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari+ a tla sebeletsa ka yona tenteng ya pokano. Ithamare mora wa moprista Arone+ e be motsamaisi wa mosebetsi wa bona.” 34  Jwale Moshe le Arone le dikgosana+ tsa setjhaba ba ngodisa bara ba Bakohathe+ ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, 35  bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 ba neng ba le sehlopheng se abetsweng ho sebeletsa tenteng ya pokano.+ 36  Palo ya bohle ba ngodisitsweng ho ya ka malapa a bona e ne e le 2 750.+ 37  Bana ke ba neng ba ngodisitswe ho tswa ho malapa a Bakohathe, bohle ba neng ba sebeletsa tenteng ya pokano. Moshe le Arone ba ile ba ba ngodisa ka taelo ya Jehova a sebedisa Moshe.+ 38  Bara ba Gershone+ ba ile ba ngodiswa ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, 39  bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 ba neng ba le sehlopheng se neng se abetswe ho sebeletsa tenteng ya pokano. 40  Palo ya bohle ba ngodisitsweng ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, e ne e le 2 630.+ 41  Ena ke tsela eo malapa a bara ba Gershone a ileng a ngodiswa ka yona, bohle ba neng ba sebeletsa tenteng ya pokano. Moshe le Arone ba ile ba ba ngodisa ho ya ka taelo ya Jehova.+ 42  Bara ba Merari ba ile ba ngodiswa ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, 43  bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 ba neng ba le sehlopheng se neng se abetswe ho sebeletsa tenteng ya pokano.+ 44  Palo ya bohle ba ngodisitsweng ho bona ho ya ka malapa a bona e ne e le 3 200.+ 45  Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari a ileng a ngodiswa ka yona, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngodisa ho ya ka taelo ya Jehova a sebedisa Moshe.+ 46  Moshe le Arone le dikgosana tsa Iseraele ba ile ba ngodisa Balevi bana bohle ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona. 47  E ne e le ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 mme kaofela ha bona ba ne ba abetswe hore ba sebeletse tenteng ya pokano le ho jara mejaro ya yona.+ 48  Palo ya bohle ba ngodisitsweng e ne e le 8 580.+ 49  E mong le e mong o ile a ngodiswa ho ya ka mosebetsi oo a o abetsweng le ho ya ka mojaro wa hae. Ba ile ba ngodiswa ho ya ka taelo ya Jehova a sebedisa Moshe. Ba ngodiswa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng phoofolo ya lewatleng.
Kapa: “le mmala o sekareleta.”
E leng phoofolo ya lewatleng.
Kapa: “matlao.” Sheba Tlhaloso.
E leng phoofolo ya lewatleng.
E leng phoofolo ya lewatleng.
E leng phoofolo ya lewatleng.
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
E leng phoofolo ya lewatleng.
Ka Seheberu: “Mojaro.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.
E leng phoofolo ya lewatleng.
E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.