Numere 5:1-31

  • Batho ba sa hlwekang ba behwa ka thoko (1-4)

  • Ho ipolela dibe le ho patala (5-10)

  • Metsi a hlahlobang hore na motho o entse bofebe (11-31)

5  Jehova a tswela pele ho re ho Moshe:  “Laela Baiseraele hore ba ntshetse ka ntle ho diahelo batho bohle ba nang le lepera,+ bohle ba dutlang+ mmeleng ha mmoho le batho bohle ba silafaditsweng ke motho ya shweleng.+  Ebang ke e motona kapa e motshehadi, le mo ntshetse ka ntle. Le mo ntshetse ka ntle ho diahelo e le hore a se ke a silafatsa+ diahelo tsa bao ke dulang* hara bona.”+  Ka hoo, Baiseraele ba etsa jwalo mme ba ba ntshetsa ka ntle ho diahelo. Feela jwalo ka ha Jehova a boleletse Moshe, Baiseraele ba etsa jwalo.  Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re:  “Bolella Baiseraele, o re: ‘Haeba monna kapa mosadi a etsa sebe le ha e le sefe mme a sa tshepahalle Jehova, motho eo o molato.+  A* bolele+ sebe seo a se entseng* mme a patale ditshenyehelo tse feletseng bakeng sa molato wa hae. Hape a ntshe karolo ya bohlano ya boleng ba tsona,+ a e fe motho eo a mo foseditseng.  Empa haeba motho ya foseditsweng a se na wa habo ya amanang le yena haufi, ya ka amohelang tefo ya ditshenyehelo, e kgutlisetswe ho Jehova mme e be ya moprista. Tefo eo e iswe mmoho le ramo eo moprista a tla etsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa mofosi ka yona.+  Monehelo o mong le o mong o halalelang+ oo Baiseraele ba o fang moprista e be wa hae.+ 10  Dintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e dule e le tsa hae. Ntho efe kapa efe eo batho bohle ba e fang moprista e tla ba ya moprista.’” 11  Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 12  “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Haeba mosadi a kgeloha mme a sa tshepahalle monna wa hae, 13  a etsa thobalano le monna e mong+ monna wa hae a sa tsebe ebile taba eo e dula e patilwe, ka mantswe a mang haeba mosadi eo a itshilafaditse empa ho se na bopaki ba ho mo qosa mme a sa tshwarwa, ho etswe tjena: 14  Haeba monna a boulela mme a belaela hore mosadi wa hae ha a mo tshepahalla ebang mosadi wa hae o itshilafaditse kapa tjhe, 15  monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista mme a mo tlise ha mmoho le nyehelo e tla fanwa bakeng sa hae, e leng dilithara tse pedi* tsa phofo ya harese. A se ke a e tshela ka oli kapa a beha dibano tse tshweu hodima yona hobane ke nyehelo ya dijo* ya poulelo, nyehelo ya dijo e hopotsang phoso. 16  Moprista a mo tlise ka pele mme a mo emise ka pela Jehova.+ 17  Moprista a nke metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a nke mobu fatshe tabernakeleng mme a o tshele ka hara metsi. 18  Moprista a emise mosadi eo ka pela Jehova ebe o fasolla moriri wa mosadi eo. A behe nyehelo ya dijo* e hopotsang phoso diatleng tsa hae, ke hore, nyehelo ya dijo ya poulelo+ mme ka letsohong la hae moprista a nke metsi a babang a tlisang thohako.+ 19  Ka mora moo, moprista a etse hore a hlapanye, a re ho mosadi eo: “Haeba haesale o nyalane le monna wa hao* ha ho na monna e mong ya robetseng le wena+ mme ha o a ka wa kgeloha le ho itshilafatsa, metsi ana a babang a tlisang thohako a se ke a o ntsha kotsi. 20  Empa haeba o ile wa kgeloha ha o ntse o nyalane le monna wa hao ka hore o itshilafatse ka ho etsa thobalano le monna e mong+ ntle ho monna wa hao,” 21  Jwale moprista a etse hore mosadi eo a hlapanye ka ho etsa kano* mme moprista a re ho mosadi eo: “E se eka Jehova a ka etsa hore o be thohako le kano hara batho ba heno, ha Jehova a etsa hore o se ke wa kgona ho ba le bana* le hore mpa ya hao e ruruhe. 22  Metsi ana a tlisang thohako a kene ka maleng a hao ho etsa hore mpa ya hao e ruruhe le ho etsa hore o se ke wa kgona ho ba le bana.”* Mosadi a re: “Amen! Amen!”* 23  Jwale moprista a ngole dithohako tsena bukeng mme a di hlatswetse ka hara metsi a babang. 24  Ka mora moo, a nwese mosadi eo metsi a babang a tlisang thohako. Metsi a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae mme a etse hore a utlwe bohloko. 25  Moprista a nke nyehelo ya dijo* ya poulelo+ letsohong la mosadi eo mme a tsokele nyehelo ya dijo kwana le kwana ka pela Jehova, ebe o e atametsa aletareng. 26  Moprista a nke karolo e seng kae ya nyehelo ya dijo e le karolo e emelang nyehelo yohle mme a etse hore e kubelle aletareng+ ebe ka mora moo o nwesa mosadi eo metsi. 27  Ha a mo nwesa metsi ao, haeba a itshilafaditse mme a sa tshepahalla monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae mme a etse hore a utlwe bohloko. Mpa ya hae e tla ruruha ebile a ke ke a kgona ho pepa.* Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara batho ba habo. 28  Le ha ho le jwalo, haeba mosadi eo a sa ka a itshilafatsa mme a hlwekile, a ke ke a fumana kotlo e jwalo mme o tla kgona ho ima le ho ba le bana. 29  Ona ke molao wa poulelo+ haeba mosadi a ka kgeloha ha a ntse a nyalane le monna wa hae mme a itshilafatsa 30  kapa ha monna a boulela mme a belaela hore mosadi wa hae ha a mo tshepahalle. Monna eo a emise mosadi wa hae ka pela Jehova mme moprista a phethe molao ona wohle ho yena. 31  Monna eo a ke ke a ba molato empa mosadi wa hae o tla ikarabella bakeng sa molato wa hae.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ke dulang ka nakwana.”
Ka Seheberu: “Ba.”
Ka Seheberu: “ba se entseng.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
E leng karolo ya leshome ya efa. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ha o ntse o le tlasa bolaodi ba monna wa hao.”
Ka Seheberu: “kano e akarelletsang thohako.”
Ka Seheberu: “hore serope sa hao se senyehe.”
Ka Seheberu: “hore serope sa hao se senyehe.”
Kapa: “Ha ho be jwalo! Ha ho be jwalo!”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “serope sa hae se tla senyeha.”