Numere 6:1-27

  • Boitlamo ba ho ba Monazari (1-21)

  • Ditlhohonolofatso tsa baprista (22-27)

6  Jehova a bua le Moshe a re:  “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Haeba monna kapa mosadi a etsa boitlamo bo kgethehileng ba ho phela e le Monazari*+ wa Jehova,  ha a lokela ho nwa veine le dino tse ding tse tahang. Ha a lokela ho nwa vinika e entsweng ka veine kapa vinika e entsweng ka seno se tahang.+ Ha a lokela ho nwa seno se entsweng ka morara kapa ho ja morara, ebang ke o sa tswa kguwa kapa o omisitsweng.  Ka matsatsi ohle a Bonazari ba hae ha a lokela ho ja ntho e tswang sefateng sa morara ebang ke morara o sa butswang kapa makgapetla.  A se ke a kuta moriri+ wa hae* ka matsatsi ohle a boitlamo ba hae ba Bonazari. A dule a halalela ka hore a tlohele moriri wa hlooho ya hae hore o hole ho fihlela matsatsi ao a inehetseng ho Jehova ka ona a fedile.  A se ke a atamela* motho ya shweleng ka matsatsi ohle ao a inehetseng ho Jehova ka ona.  A se ke a itshilafatsa ka motho ya shweleng+ le haeba ntate wa hae, mme wa hae, morabo kapa kgaitsedi ya hae e ka shwa hobane moriri o hloohong ya hae ke letshwao la hore ke Monazari.  O a halalela ho Jehova ka matsatsi ohle a Bonazari ba hae.  Empa haeba motho a ka shwella haufi le yena+ ka tshohanyetso mme a mo thetsa ebe o silafatsa moriri o bontshang hore o inehetse ho Modimo,* a kute hlooho+ ya hae ka lehare letsatsing leo a hlwekiswang ka lona. A e kute ka letsatsi la bosupa. 10  Ka letsatsi la borobedi, a tlise maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi monyako wa tente ya pokano ho moprista. 11  Moprista a etse nyehelo ya sebe ka le leng mme ka le leng a etse nyehelo ya setjheso ebe o mo etsetsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa sebe+ sa hae se mabapi le motho ya shweleng. Jwale a halaletse hlooho ya hae letsatsing leo. 12  A inehele hape ho Jehova mme a qale matsatsi a hae a Bonazari botjha ebe o tlisa ramo e nyenyane e nang le selemo e le nyehelo ya molato. Le ha ho le jwalo, matsatsi a seng a fetile a ke ke a balwa hobane o silafaditse Bonazari ba hae. 13  Jwale ona ke molao o mabapi le Monazari: Ha matsatsi a hae a Bonazari+ a fedile, a tliswe monyako wa tente ya pokano. 14  A hlahise nyehelo ya hae ho Jehova moo. Nyehelo eo e be ramo e le nngwe e nyenyane e nang le selemo e phetseng hantle e le nyehelo ya setjheso,+ konyana e le nngwe e nang le selemo e phetseng hantle e tshehadi e le nyehelo ya sebe,+ ramo e le nngwe e phetseng hantle e le sehlabelo se kopanetsweng,+ 15  baskete ya mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a entsweng ka phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli, diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli le nyehelo ya tsona ya dijo*+ le dinyehelo tsa tsona tsa seno.+ 16  Moprista a di hlahise ka pela Jehova mme a fane ka nyehelo ya hae ya sebe le nyehelo ya hae ya setjheso. 17  A fane ka ramo e le sehlabelo se kopanetsweng ho Jehova ha mmoho le baskete ya mahobe a se nang tomoso mme moprista a hlahise nyehelo ya yona ya dijo*+ le nyehelo ya yona ya seno. 18  Jwale Monazari a kute moriri o hloohong ya hae*+ ka lehare a le monyako wa tente ya pokano mme a nke moriri ona oo a o hodisitseng ha e ntse e le Monazari, a o kenye mollong wa sehlabelo se kopanetsweng. 19  Moprista a nke sephaka se phehilweng+ sa ramo, a nke bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo se nang tomoso ka basketeng le sephaphatha se le seng se se nang tomoso mme a di behe diatleng tsa Monazari ka mora hore a kute moriri wa hae, e leng letshwao la Bonazari ba hae. 20  Moprista a di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ Ke ntho e halalelang bakeng sa moprista ha mmoho le sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto le fanwang e le monehelo.+ Ka mora moo, Monazari a ka nwa veine. 21  Ona ke molao o mabapi le Monazari+ ya etsang boitlamo: Haeba a itlama hore a ka kgona ho fana ka nyehelo ho Jehova e fetang eo a lokelang ho e ntsha bakeng sa Bonazari ba hae, a phethe boitlamo ba hae e le hore a hlomphe molao wa Bonazari ba hae.’” 22  Jwale Jehova a re ho Moshe: 23  “Bolella Arone le bara ba hae o re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ setjhaba sa Iseraele ka yona. Le re ho sona: 24  “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ mme a le sireletsa. 25  E se eka Jehova a ka le bontsha mosa*+ mme a le hauhela. 26  E se eka Jehova a ka le bontsha mosa mme a le fa kgotso.”’+ 27  Ba bitse lebitso la ka setjhabeng sa Iseraele+ e le hore nka ba hlohonolofatsa.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Lentswe la Seheberu na·zir′ le bolela “Ya Kgethilweng; Ya Inehetseng; Ya Arotsweng.”
Ka Seheberu: “Lehare le se ke la feta hloohong ya hae.”
Kapa: “a ba haufi le.”
Kapa: “a silafatsa hlooho ya Bonazari ba hae.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a kute hlooho ya Bonazari ba hae.”
Ka Seheberu: “a ka le kgantshetsa sefahleho sa hae.”