Numere 7:1-89

  • Dinyehelo tsa ha ho kgakolwa tabernakele (1-89)

7  Letsatsing leo Moshe a qetileng ho hloma tabernakele+ ka lona, o ile a e tlotsa+ le ho e hlwekisa* ha mmoho le thepa yohle ya yona, aletare le disebediswa tsohle tsa yona.+ Ha a se a di tlotsitse mme a di hlwekisitse,+  dikgosana tsa Iseraele+ tseo e neng e le dihlooho tsa maloko, tsa etsa nyehelo. Dikgosana tsena tse neng di okametse mosebetsi wa ho ngodisa  di ile tsa tlisa nyehelo ya tsona ka pela Jehova. E ne e le nyehelo ya dikariki tse tsheletseng tse kwahetsweng le dipoho tse 12. Di ne di tlisitse kariki e le nngwe bakeng sa dikgosana tse pedi le poho e le nngwe bakeng sa e mong le e mong wa bona mme tsa di hlahisa ka pela tabernakele.  Jehova a re ho Moshe:  “O amohele dintho tsena tse tswang ho dikgosana tsena ka ha di tla sebedisetswa tshebeletso ya tente ya pokano mme o di fe Balevi. O fe e mong le e mong wa bona seo a se hlokang bakeng sa mosebetsi wa hae.”  Ka hoo, Moshe a amohela dikariki le dipoho tseo mme a di fa Balevi.  O ile a fa bara ba Gershone dikariki tse pedi le dipoho tse nne, ho ya ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi wa bona.+  A fa bara ba Merari dikariki tse nne le dipoho tse robedi ho ya ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi wa bona mme Ithamare mora wa moprista Arone e ne e le motsamaisi wa mosebetsi wa bona.+  Empa ha a ka a fa bara ba Kohathe letho hobane mosebetsi wa bona o ne o amana le tshebeletso ya sebaka se halalelang+ mme ba ne ba jara dintho tse halalelang ka mahetla a bona.+ 10  Jwale dikgosana tsa etsa nyehelo ha ho kgakolwa aletare letsatsing leo e neng e tlotswa ka lona.+ Ha dikgosana di hlahisa dinyehelo tsa tsona ka pela aletare, 11  Jehova a re ho Moshe: “Letsatsi le leng le le leng kgosana e le nngwe e hlahise nyehelo ya yona ha ho kgakolwa aletare. Ba tle ka matsatsi a latellanang.” 12  Kgosana e ileng ya tlisa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele e ne e le Nashone+ mora wa Aminadabe wa leloko la Juda. 13  Nyehelo ya hae e ne e le sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo,* le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798* ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.*+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 14  A tlisa le kopi e le nngwe* ya kgauta e boima ba dikramo tse 114* e tletseng dibano. 15  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 16  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 17  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko* tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Nashone mora wa Aminadabe.+ 18  Ka letsatsi la bobedi, Nethaniele+ mora wa Zuare, kgosana ya Isakare, a tlisa nyehelo. 19  O ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 20  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 21  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e selemong sa yona sa pele.+ 22  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 23  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Nethaniele mora wa Zuare. 24  Ka letsatsi la boraro, kgosana ya bara ba Zabulone, e leng Eliabe+ mora wa Helone, 25  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 26  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 27  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 28  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 29  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Eliabe+ mora wa Helone. 30  Ka letsatsi la bone, kgosana ya bara ba Rubene, e leng Elizure+ mora wa Shedeure, 31  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 32  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 33  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 34  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 35  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Elizure+ mora wa Shedeure. 36  Ka letsatsi la bohlano, kgosana ya bara ba Simeone, e leng Shelumiele+ mora wa Zurishadai, 37  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 38  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 39  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 40  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 41  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Shelumiele+ mora wa Zurishadai. 42  Ka letsatsi la botshelela, kgosana ya bara ba Gade, e leng Eliasafe+ mora wa Deuele, 43  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 44  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 45  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 46  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 47  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Eliasafe+ mora wa Deuele. 48  Ka letsatsi la bosupa, kgosana ya bara ba Efraime, e leng Elishama+ mora wa Amihude, 49  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 50  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 51  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 52  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 53  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Elishama+ mora wa Amihude. 54  Ka letsatsi la borobedi, kgosana ya bara ba Manase, e leng Gamaliele+ mora wa Pedazure, 55  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 56  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 57  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 58  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 59  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Gamaliele+ mora wa Pedazure. 60  Ka letsatsi la borobong, kgosana+ ya bara ba Benjamine, e leng Abidane+ mora wa Gideoni, 61  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 62  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 63  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 64  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 65  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Abidane+ mora wa Gideoni. 66  Ka letsatsi la leshome, kgosana ya bara ba Dane, e leng Akiezere+ mora wa Amishadai, 67  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 68  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 69  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 70  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 71  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Akiezere+ mora wa Amishadai. 72  Ka letsatsi la bo11, kgosana ya bara ba Ashere, e leng Pagiele+ mora wa Okrane, 73  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 74  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 75  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 76  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 77  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Pagiele+ mora wa Okrane. 78  Ka letsatsi la bo12, kgosana ya bara ba Nefthali, e leng Ahira+ mora wa Enane, 79  o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 80  A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 81  Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 82  Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 83  Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Ahira+ mora wa Enane. 84  Tsena ke dintho tseo dikgosana tsa Iseraele di ileng tsa fana ka tsona e le nyehelo ha ho kgakolwa+ aletare le ha e tlotswa: Dijana tsa silevera tse 12, dikotlolo tsa silevera tse 12, dikopi tsa kgauta tse 12.+ 85  Sejana se seng le se seng sa silevera se ne se le boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo, sekotlolo se seng le se seng se le boima ba dikramo tse 798, silevera yohle ya dijana e le dikhilokramo tse ka bang 27* ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ 86  Kopi ka nngwe ho dikopi tsa kgauta tse 12 tse tletseng dibano e ne e le boima ba dikramo tse 114 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang, kgauta yohle ya dikopi e ne e le boima bo ka hodimonyana ho khilokramo.* 87  Diphoofolo tsohle bakeng sa nyehelo ya setjheso e ne e le dipoho tse 12, diramo tse 12, dikonyana tse tona tse 12 e nngwe le e nngwe e ena le selemo le dinyehelo tsa tsona tsa dijo* le dipotsanyane tse 12 bakeng sa nyehelo ya sebe. 88  Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo se kopanetsweng e ne e le dipoho tse 24, diramo tse 60, diphooko tse 60, dikonyana tse tona tse 60 e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Tsena ke dintho tseo ho ileng ha fanwa ka tsona e le nyehelo ha ho ne ho kgakolwa+ aletare ka mora hore e tlotswe.+ 89  Neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ya pokano ho ya bua le Modimo,+ o ne a utlwa lentswe le bua le yena le tswa ka hodima sekwahelo+ sa areka ya Bopaki, pakeng tsa dikerubime+ tse pedi mme Modimo o ne a bua le yena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “halaletsa.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 130.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 70.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sekotlolo se senyenyane.”
Ka Seheberu: “dishekele tse leshome.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “dipodi tse tona.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dishekele tse 2 400.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 120.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.