Numere 8:1-26

  • Arone o kgantsha mabone a supileng (1-4)

  • Balevi ba a hlwekiswa, ba qala ho sebeletsa (5-22)

  • Dilemo tse lekanyeditsweng bakeng sa tshebeletso ya Balevi (23-26)

8  Jehova a bua le Moshe a re:  “Bua le Arone o re ho yena, ‘Ha o kgantsha mabone, mabone a supileng a lokela ho etsa hore sebaka se ka pela sedulwana sa lebone se kganye.’”+  Ka hoo, Arone a kgantsha mabone bakeng sa sebaka se ka pela sedulwana sa lebone+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.  Sedulwana sa lebone se ne se entswe ka tsela ena: Se ne se entswe ka kgauta e tutsweng ka hamore+ ho tloha kutung ya sona ho fihlela ho dithunthung tsa sona. Sedulwana sa lebone se ne se entswe ho ya ka pono+ eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.  Jehova a boela a bua le Moshe a re:  “Nka Balevi hara Baiseraele mme o ba hlwekise.+  O ba hlwekise ka tsela ena: O ba fafatse ka metsi a hlwekisang sebe. Ba kute moriri wohle o mmeleng wa bona ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona mme ba itlhwekise.+  Jwale ba nke pohwana+ le nyehelo ya yona ya dijo*+ ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli. O nke pohwana e nngwe bakeng sa nyehelo ya sebe.+  O hlahise Balevi ka pela tente ya pokano mme o bokelle setjhaba sohle sa Baiseraele.+ 10  Ha o hlahisa Balevi ka pela Jehova, Baiseraele ba behe matsoho a bona hodima Balevi.+ 11  Arone a fane ka* Balevi ka pela Jehova jwalo ka nyehelo e tsokwang+ e tswang ho Baiseraele mme ba tla etsa tshebeletso ya Jehova.+ 12  Jwale Balevi ba tla beha matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipoho.+ Ka mora moo, o fane ka poho e nngwe e le nyehelo ya sebe mme e nngwe e be nyehelo ya setjheso ya Jehova ho etsetsa Balevi sehlabelo sa tshwarelo ya dibe.+ 13  O etse hore Balevi ba eme ka pela Arone le bara ba hae mme o fane ka bona* jwalo ka nyehelo e tsokwang ho Jehova. 14  O kgethe Balevi hara Baiseraele mme Balevi e tla ba ba ka.+ 15  Ka mora moo, Balevi ba kene ho sebeletsa tenteng ya pokano. O ba hlwekise ka tsela ena le ho fana ka bona* jwalo ka nyehelo e tsokwang. 16  Ke ba fanweng, bao ke ba filweng hara Baiseraele. Ke tla inkela bona ho ena le ho nka matsibolo ohle a Baiseraele.+ 17  Matsibolo ohle hara Baiseraele ke a ka, a batho le a diphoofolo.+ Ke ile ka ikgethela ona* letsatsing leo ka lona ke ileng ka otla matsibolo ohle naheng ya Egepeta.+ 18  Ke tla nka Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle hara Baiseraele. 19  Ke tla fana ka Balevi e le ba filweng Arone le bara ba hae hara Baiseraele, hore ba etsetse Baiseraele tshebeletso tenteng ya pokano+ le hore ba etsetse Baiseraele mahlabelo a tshwarelo ya dibe, e le hore Baiseraele+ ba se ke ba hlahelwa ke ntho e mpe ka lebaka la ho atamela sebaka se halalelang.” 20  Moshe le Arone le setjhaba sohle sa Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se boleletse Moshe mabapi le Balevi. 21  Ka hoo, Balevi ba itlhwekisa mme ba hlatswa diaparo tsa bona.+ Ka mora moo, Arone a fana ka bona* jwalo ka nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ Jwale Arone a ba etsetsa mahlabelo a tshwarelo ya dibe ho ba hlwekisa.+ 22  Ka mora moo, Balevi ba kena bakeng sa ho etsa tshebeletso ya bona tenteng ya pokano ka pela Arone le bara ba hae. Setjhaba sa etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe mabapi le Balevi. 23  Jwale Jehova a bua le Moshe, a re: 24  “Ditaba tse latelang ke tse amang Balevi: Banna ba dilemo di 25 ho ya hodimo, ba tla kena sehlopheng sa ba sebeletsang tenteng ya pokano. 25  Empa ha ba le dilemo di 50, ba kgaotse ho sebeletsa. 26  Ba ka nna ba sebeletsa bana ba bo bona ba etsang mesebetsi e etswang tenteng ya pokano empa bona ba se ke ba sebeletsa moo. O etse jwalo mabapi le Balevi le mesebetsi ya bona.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a tsoke” e leng ho isa kwana le kwana.
Ka Seheberu: “o ba tsoke” e leng ho isa kwana le kwana.
Ka Seheberu: “ho ba tsoka,” e leng ho isa kwana le kwana.
Kapa: “Ke a halaleditse.”
Ka Seheberu: “a ba tsoka,” e leng ho isa kwana le kwana.