Obadia 1:1-21

  • Edomo ya ikgohomosang o tla kokobetswa (1-9)

  • Edomo o lwantsha Jakobo (10-14)

  • Letsatsi la hore Jehova a ahlole ditjhaba tsohle (15, 16)

  • Ntlo ya Jakobo e tla tsosoloswa (17-21)

    • Jakobo o tla fedisa Edomo (18)

    • Jehova e tla ba Morena (21)

 Pono ya Obadia:* Ona ke molaetsa o tswang ho Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle oo Obadia a o bolelang mabapi le Edomo:+ “Re utlwile tlaleho e tswang ho Jehova,Moromuwa o rometswe hara ditjhaba o re: ‘Emang, re itokisetseng ho lwantsha Edomo.’”+   “Ke o entse ya se nang thuso hara ditjhaba. Di o nyatsa haholo.+   Boikgohomoso ba hao bo o thetsitse,+Wena ya balehelang* lefikeng,Ya dulang hodimo dithabeng, o ntse o re ka pelong,‘Ke mang ya tla ntiha?’   Le haeba o ka dula hodimo* jwalo ka ntsuKapa wa hahela hara dinaledi,Ke tla o theola hona moo,” ke Jehova ya tjhong.   “Haeba mashodu a ka tla ho wena, le dinokwane tsa tla bosiu,(O ne o tla fediswa)* Na di ne di ke ke tsa utswa dintho tseo di di batlang feela? Kapa haeba batho ba kotulang morara ba ka tla ho wena,Na ba ne ba ke ke ba siya o mong?+   Wena Esau, dintho tsohle tsa hao di fumanwe. Maruo ohle a hao ao o a patileng a nkilwe.   Ba o tebetse naheng ya habo bona. Bohle ba entseng tumellano le wena ba o thetsitse. Banna ba entseng kgotso le wena ba o hlotse. Ba jang bohobe le wena ba tla o tjhehela leraba Empa o ke ke wa lemoha.   Letsatsing leo,” ke Jehova ya tjhong,“Ke tla timetsa ba bohlale ba tswang Edomo+Le ba nang le temoho ba tswang dithabeng tsa Esau.   Bahlabani ba hao ba tla tshoha,+ wena Temane+Hobane e mong le e mong ya dithabeng tsa Esau o tla bolawa.+ 10  Ka ha o kentse letsoho ho lwantsha ngwaneno Jakobo+O tla swaba haholo+Mme o tla timella ruri.+ 11  Letsatsing leo o neng o emeletse ka thoko,Mohla ba direng* ba isang masole a Jakobo botlamuweng,+Ha ba direng ba kena motseng* wa hae mme ba arolelana maruo a Jerusalema ka lotho,*+O ne o le hara bona. 12  O ne o sa lokela ho thabela ho bona ditsietsi tsa ngwaneno letsatsing la tlokotsi ya hae,+O ne o sa lokela ho thabela batho ba Juda letsatsing la ho timela ha bona+Ebile o ne o sa lokela ho ba soma letsatsing la mahlomola a bona. 13  O ne o sa lokela ho kena motseng wa batho ba ka mohla ba neng ba welwa ke koduwa,+O ne o sa lokela ho thabela ho bona tlokotsi ya hae mohla a neng a hlahelwa ke koduwa. O ne o sa lokela ho inkela maruo a hae letsatsing la koduwa ya hae.+ 14  O ne o sa lokela ho ema mateanong a ditsela ho lalla ba phonyohileng ba hae e le hore o ba bolaye.+ O ne o sa lokela ho nehelana ka bona ho dira tsa hae letsatsing la mahlomola.+ 15  Etswe letsatsi la hore Jehova a ahlole ditjhaba tsohle le haufi.+ Ho tla etswa ho wena jwalo ka ha o entse ho yena.+ O tla tshwarwa ka tsela eo o tshwereng ba bang ka yona. 16  Tsela eo le nweleng veine ka yona hodima thaba ya ka e halalelang,Ke tsela eo ka yona ditjhaba tsohle di tla nne di nwe kgalefo ya ka.+ Di tla nwa kgalefo ya ka le ho e menyeletsa. Di tla nyamela jwalo ka ha eka ha di eso ka di eba teng. 17  Empa ba phonyohileng ba tla dula Thabeng ya Sione,+E tla halalela+Mme ba ntlo ya Jakobo ba tla lata thepa ya bona.+ 18  Ba ntlo ya Jakobo e tla ba mollo,Ba ntlo ya Josefa e be lelakabe,Ba ntlo ya Esau bona ba be jwalo ka ditlhaka. Ba tla ba tjhesa mme ba ba fedise. Ha ho motho ho ba ntlo ya Esau ya tla phonyoha+Hobane Jehova o tjhulo. 19  Ba tla nka Negebe le sebaka se dithaba sa Esau,+Sa Shefela le naha ya Bafilista.+ Ba tla nka naha ya Efraime le naha ya Samaria,+Benjamine yena a nke Gileade. 20  Ha e le baphaphathehi ba tswang totomeng ena+E leng Baiseraele, ba tla nka naha ya Bakanana ho ya fihla Sarepta.+ Baphaphathehi ba Jerusalema ba neng ba le Sefarade ba tla nka metse ya Negebe.+ 21  Bapholosi ba tla nyolohela Thabeng ya SioneHo ahlola batho ba dulang dithabeng tsa Esau+Mme Jehova e tla ba Morena.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Mohlanka wa Jehova.”
Kapa: “ya tshabelang.”
Kapa mohlomong: “fofela hodimo.”
Kapa mohlomong: “Di ne di ka senya hakae?”
Ka Seheberu: “keiting.”
Ka Seheberu: “batho bao o sa ba tsebeng.”