Ruthe 3:1-18

  • Naomi o eletsa Ruthe (1-4)

  • Ruthe le Boase ba seotlong (5-15)

  • Ruthe o kgutlela ho Naomi (16-18)

3  Naomi e leng matsale wa hae a re ho yena: “Moradi wa ka, ke lokela ho o batlela lehae+ e le hore dintho di ka o tsamaela hantle.  Na Boase ha se e mong wa leloko la rona?+ Ke yena eo o neng o ena le barwetsana ba hae. Mantsiboyeng ana o olosa harese seotlong.*  Ka hoo, o hlape mme o itlotse ka oli e nkgang ha monate. O apare diaparo tse ntle* mme o theohele seotlong. O etse hore monna eo a se ke a o bona ho fihlela a qetile ho ja le ho nwa.  Ha a robala, o mo shebe hore na o robala hokae mme o ye o kwaholle maoto a hae ebe o a robala. O tla o bolella hore na o lokela ho etsang.”  Yaba o re ho yena: “Ke tla etsa sohle seo o reng ke se etse.”  A theohela seotlong mme a etsa sohle seo matsale wa hae a neng a mo laetse sona.  Ka nako eo, Boase a ja mme a nwa yaba o ikutlwa a thabile. A yo robala qetellong ya qubu ya harese. Ka mora moo, Ruthe a tla a thotse, a kwaholla maoto a Boase mme a robala pela ona.  Hara mpa ya bosiu monna eo a qala ho thothomela, yare ha a sheba maotong, a bona mosadi a robetse maotong a hae.  A re ho yena: “O mang?” Yaba o re: “Ke nna Ruthe, mosebeletsi wa hao. Apesa mosebeletsi wa hao seaparo sa hao ka ha o molopolli.”+ 10  Yaba o re: “E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa moradi wa ka. O bontshitse lerato* haholo lekgetlong lena ho feta lekgetlong la pele+ ka ho se sale bahlankana morao, ebang ke ba futsanehileng kapa ba ruileng. 11  Moradi wa ka, o se ke wa tshaba. Ke tla o etsetsa sohle seo o se bolelang+ ka ha e mong le e mong ya motseng* o a tseba hore o mosadi ya kgabane ka ho fetisisa. 12  Ke nnete hore ke molopolli+ empa ho na le molopolli ya amanang le lona ho mpheta.+ 13  Dula mona bosiung bona mme hoseng haeba o tla o lopolla, ho tla be ho lokile. A ke a etse jwalo.+ Empa haeba a sa batle, ke o tiisetsa ka Jehova Modimo ya phelang hore ke tla o lopolla. Robala mona ho fihlela hoseng.” 14  A robala maotong a hae ho fihlela hoseng. A tsoha pele ho ka kganya e le hore batho ba se ke ba mo bona. Boase a re: “Ho se ke ha tsebahala hore mosadi o ne a tlile seotlong.” 15  A boela a re: “Tlisa seaparo sa hao sa ka hodimo seo o se apereng mme o se phutholle.” Ka hoo, a se phutholla yaba Boase o tshela dibaskete tse tsheletseng* tsa harese mme o mo fa tsona. Ka mora moo, Boase a ya motseng. 16  Ruthe a tsamaya a ya ho matsale wa hae, eo jwale a ileng a re: “O tsamaile jwang* moradi wa ka?” Yaba Ruthe o mo bolella ntho e nngwe le e nngwe eo monna eo a mo etseditseng yona. 17  A boela a re: “O mphile ditekanyo tsena tse tsheletseng tsa harese mme a re ho nna, ‘O se ke wa ya ho matsale wa hao o sa nka letho.’” 18  Yaba Naomi o re: “Dula mona moradi wa ka, ho fihlela o utlwa hore na taba eo e tla fella jwang ka ha monna eo a ke ke a phomola ho fihlela a lokisitse taba ena kajeno.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.
Kapa: “O apare diaparo tsa hao tsa ka hodimo.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “e mong le e mong ya keiting ya batho ba heso.”
Ho ka etsahala hore e ne e le ditekanyo tse tsheletseng tsa seah kapa dilithara tse 44. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “O mang?”