Ruthe 4:1-22

  • Boase e ba molopolli (1-12)

  • Boase le Ruthe ba tswala Obede (13-17)

  • Leloko la Davida (18-22)

4  Boase a nyolohela keiting ya motse+ mme a dula moo. Molopolli eo Boase a neng a buile ka yena+ a feta ka tsela. Boase a re: “Nnyeo, tloo o dule mona.” A ya mme a dula fatshe.  Ka mora moo, Boase a nka banna ba leshome ho banna ba baholo ba motse+ a re: “Dulang mona.” Ka hoo ba dula.  Boase a re ho molopolli:+ “Naomi ya kgutlileng naheng ya Moabe,+ o lokela ho rekisa tshimo eo e neng e le ya ngwanabo rona Elimeleke.+  Ka hoo, ke ile ka nahana hore ke lokela ho o tsebisa sena ka hore ke re ho wena: ‘Reka tshimo eo ka pela baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba o tla e lopolla, etsa jwalo. Empa haeba o ke ke wa e lopolla, mpolelle e le hore nka tseba ka ha ke wena ya ka e lopollang mme nna ke a o hlahlama.’” Yaba molopolli o re: “Ke ikemiseditse ho e lopolla.”+  Boase a re: “Letsatsing leo ka lona o rekang tshimo ho Naomi, o boetse o lokela ho e reka ho Ruthe mohlolohadi wa Momoabe e le hore lefa la monna ya shweleng le ka kgutlisetswa lebitsong la hae.”+  Yaba molopolli o re: “Ha ke kgone ho itopollela yona hobane nka tloha ka senya lefa la ka. Itopollele yona ka tokelo ya ka ya ho lopolla ka ha ha ke kgone ho e lopolla.”  Ena e ne e le tlwaelo ya mehleng ya pele Iseraele malebana le tokelo ya ho lopolla le ya phapanyetsano, e le ho tiisa ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e rekisetsanang: Monna o ne a lokela ho rola seeta* sa hae+ mme a se fe e mong. Baiseraele ba ne ba tiisa ditumellano tsa bona ka tsela ena.  Ka hoo, molopolli a re ho Boase: “Ithekele yona” yaba o rola seeta* sa hae.  Boase a re ho banna ba baholo le batho bohle: “Kajeno le dipaki+ tsa hore ke reka dintho tsohle tseo e neng e le tsa Elimeleke le tsohle tseo e neng e le tsa Kilione le Mahalone ho Naomi. 10  Ke nka le Ruthe mosadi wa Momoabe, mosadi wa Mahalone hore e be mosadi wa ka ho kgutlisetsa lefa la monna ya shweleng lebitsong la hae+ e le hore lebitso la monna ya shweleng le se ke la fediswa hara bana babo le keiting ya motse wa habo. Kajeno le dipaki tsa sena.”+ 11  Yaba batho bohle ba neng ba le keiting ya motse le banna ba baholo ba re: “Re dipaki! E se eka Jehova a ka dumella mosadi ya kenang ka tlung ya hao ho ba jwalo ka Ragele le jwalo ka Lea, bao ka bobedi ba hahileng ntlo ya Iseraele.+ E se eka o ka atleha Efratha+ le ho etsa lebitso* le letle Bethlehema.+ 12  E se eka ntlo ya hao e ka ba jwalo ka ntlo ya Pereze,+ eo Tamare a ileng a mo tswalla Juda, ka bana bao Jehova a tla o fa bona ka mosadi enwa e motjha.”+ 13  Ka hoo, Boase a nka Ruthe mme ya eba mosadi wa hae. A robala le yena yaba Jehova o mo dumella hore a ime yaba o tswala mora. 14  Jwale basadi ba re ho Naomi: “Ho bokwe Jehova ya sa etsang hore o sale o se na molopolli kajeno. E se eka lebitso la hae le ka phatlalatswa Iseraele! 15  O* tsosolositse bophelo* ba hao ebile o tla o hlokomela botsofading ba hao hobane o tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang+ le e molemo ho wena ho feta bara ba supileng.” 16  Naomi a nka ngwana yaba o mo beha sefubeng sa hae mme a mo hlokomela.* 17  Basadi ba baahelani ba mo reha lebitso. Ba re: “Naomi o tswaletswe mora” yaba ba mo reha Obede.+ Ke yena ntate wa Jese,+ ntate wa Davida. 18  Lena ke leloko* la Pereze:+ Pereze a tswala Hezrone,+ 19  Hezrone a tswala Rame, Rame a tswala Aminadabe,+ 20  Aminadabe+ a tswala Nashone, Nashone a tswala Salmone, 21  Salmone a tswala Boase, Boase a tswala Obede, 22  Obede a tswala Jese,+ Jese a tswala Davida.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “moqathatso.”
Ka Seheberu: “moqathatso.”
Ka Seheberu: “phatlalatsa lebitso.”
Ke setloholo sa Naomi.
Kapa: “moya.”
Kapa: “ya eba mohlokomedi wa hae.”
Ka Seheberu: “ena ke meloko ya.”