Sefela sa Difela 1:1-17

  • Pina e monate ka ho fetisisa (1)

  • Mantswe a morwetsana (2-7)

  • Mantswe a baradi ba Jerusalema (8)

  • Mantswe a Morena (9-11)

    • “Re tla o etsetsa mekgabiso ya kgauta” (11)

  • Mantswe a morwetsana (12-14)

    • “Moratuwa wa ka o jwalo ka mokotla wa mira o nkgang ha monate” (13)

  • Mantswe a modisana (15)

    • “O motle, moratuwa wa ka” (16)

  • Mantswe a morwetsana (16, 17)

    • “O motle, moratuwa wa ka” (16)

1  Pina e monate ka ho fetisisa* ya Solomone:+   “Ntshune, ntshune ka molomo wa haoHobane lerato la hao le monate ho feta veine.+   Dioli tsa hao di nkga ha monate.+ Lebitso la hao le jwalo ka oli e monko o monate,+ e tshetsweng hodima hlooho. Ha se feela barwetsana ba o ratang.   A re tsamaye.* A re mathe. Morena o nkentse ka dikamoreng tsa hae. A re nyakalle mme re thabe mmoho. A re bue* ka tsela eo o nthatang ka yona. Lerato la hao le monate ho feta veine. Ba* o rata ka nepo.   Lona baradi ba Jerusalema le ha ke le motshwana,* ke motle,Ke tshwana le ditente tsa Kedare+ le masela a tente+ a Solomone.   Le se ke la mmakalla hobane ke le motshwanaKa ha ke tjhesitswe ke letsatsi. Dikgaitsedi tsa ka di ile tsa nkgalefela. Tsa nketsa mohlokomedi wa dirapa tsa moraraEmpa ha ke a ka ka hlokomela serapa sa ka sa morara.   Mpolelle wena moratuwa wa ka,O disetsa mohlape wa hao hokae?+ O o bothisa hokae motshehare? Ke hobaneng ha ke lokela ho ba jwalo ka mosadi ya apereng lesira*Hara mohlape wa metswalle ya hao?”   “Haeba o sa tsebe, wena e motle ka ho fetisisa hara basadi,Latela mohlala wa mohlape,O fudisetse dipotsanyane tsa hao pela ditente tsa badisana.”   “Wena moratuwa wa ka, o motle jwalo ka pere* e tshehadi dikariking tsa Faro.+ 10  Marama a hao a matle ha a kgabisitswe,*Le molala wa hao o motle ka difaha. 11  Re tla o etsetsa mekgabiso ya kgauta*Ha mmoho le masale a silevera.” 12  “Ha morena a le tafoleng ya hae,Nareda* ya ka+ e ntse e ntsha monko o monate. 13  Moratuwa wa ka o jwalo ka mokotla wa mira o nkgang ha monate+O dulang pakeng tsa matswele a ka bosiu. 14  Ho nna moratuwa wa ka o motle jwalo ka lekala la hena+Hara dirapa tsa morara tsa Ene-gedi.”+ 15  “O motle, moratuwa wa ka. O motle haholo. Mahlo a hao ekare a maeba.”+ 16  “Le wena o motle,* moratuwa wa ka, o a kgahleha.+ Jwang bo botala ke bethe ya rona. 17  Dibalaka tsa ntlo ya rona* ke tsa dikedare,Maballo a rona ke a difate tsa junipere.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Sefela sa difela.” E leng “pina ya dipina.”
Ka Seheberu: “Nkgule.”
Kapa: “ikgopotse.”
E leng barwetsana.
Ka Seheberu: “motsho.”
Kapa: “ya apereng lesira la motho ya utlwileng bohloko.”
Kapa: “pere ya ka.”
Kapa mohlomong: “a matle hara dithapo tsa moriri.”
Kapa: “ya kgauta e sedikadikwe.”
Kapa: “Oli e nkgang ha monate.”
Kapa: “tjaka.”
Kapa: “ntlo ya rona e ntle.”