Sefela sa Difela 2:1-17

  • Mantswe a morwetsana (1)

    • “Ke palesa ya safrone feela”

  • Mantswe a modisana (2)

    • ‘Moratuwa wa ka o tshwana le mohaladitwe’

  • Mantswe a morwetsana (3-14)

    • ‘Le se ke la tsosa lerato ho fihlela le itlhahisa’ (7)

    • Morwetsana o qotsa mantswe a modisana (10b-14)

      • “Seponono sa ka, a re tsamaye” (10b, 13)

  • Dikgaitsedi tsa morwetsana (15)

    • “Re tshwareleng diphokojwe”

  • Mantswe a morwetsana (16, 17)

    • “Moratuwa wa ka ke wa ka ke le mong mme nna ke wa hae” (16)

2  Nna ke palesa ya safrone feela e pela lebopo la lewatle,Ke mohaladitwe wa dikgohlo.”+   “Jwalo ka mohaladitwe hara meutlwa,Moratuwa wa ka o jwalo hara barwetsana.”   “Jwalo ka sefate sa diapole hara moru,Moratuwa wa ka o jwalo hara bahlankana. Ke labalabela ho dula moriting wa haeMme ditholwana tsa hae di a nnatefela.   O ile a ntlisa ntlong ya mokete*Mme batho bohle ba ne ba bona hore o a nthata.   Nkgatholleng ka dipolokwe tsa morara o omisitsweng,+Le mmatlafatse ka diapoleHobane ke a shwa ke lerato.   Letsoho la hae le letshehadi le tlasa hlooho ya ka,O nkopa ka letsoho la hae le letona.+   Baradi ba Jerusalema, ke le hlapantshaKa dikgama+ tse tshehadi tsa naha le ka ditshephe: Le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho nna ho fihlela lerato le itlhahisa.+   Ke utlwa lentswe la moratuwa wa ka. Bonang! Ke eo a tla,O hlwa dithaba, o tlolaka maralleng.   Moratuwa wa ka o tshwana le tshephe, o tshwana le namane e tona ya kgama.+ Ke eo o eme ka mora lerako la rona,O shebile ka difensetere,O nyaretse ka fensetere. 10  Moratuwa wa ka o re ho nna: ‘Ema, lerato la ka,Seponono sa ka, o tsamaye le nna. 11  Bona, mariha a* fetile,Dipula di emisitse, di fetile. 12  Dithunthung di hlahile naheng,+Nako ya ho kuta difate e fihlile+Mme pina ya leebanakgorwana e a utlwahala naheng ya rona.+ 13  Sefateng sa feie,* difeie tse butswang pele di se di butswitse.+ Difate tsa morara di thuntse, di ntsha monko o monate. Ema, o tle moratuwa wa ka,Seponono sa ka, a re tsamaye. 14  Leeba la ka le itshireleditseng lefikeng,+Mahaheng a selomo,Ere ke o bone ke be ke utlwe lentswe la hao+Hobane lentswe la hao le monate ebile o motle.’”+ 15  “Re tshwareleng diphokojwe,Madinyane a diphokojwe a senyang dirapa tsa moraraKa ha dirapa tsa rona tsa morara di thuntse.” 16  “Moratuwa wa ka ke wa ka ke le mong mme nna ke wa hae.+ O disetsa+ moo ho nang le mehaladitwe.+ 17  Pele ho phola* le meriti e baleha,O kgutle kapele, moratuwa wa ka,Jwalo ka tshephe+ kapa namane e tona ya kgama+ e hodima dithaba tse re arohantseng.”*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ntlong ya veine.”
Kapa: “nako ya dipula e.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “letsatsi le phola.”
Kapa mohlomong: “dithaba tse arohaneng.” Kapa: “dithaba tsa Bethere.”