Sefela sa Difela 3:1-11

3  Ke ile ka batla moratuwa wa ka,*+Ke le betheng ya ka bosiu. Ke ile ka mo batla empa ha ke a ka ka mo fumana.+   Ke tla ema mme ke pote motse,Diterateng le dimmarakeng,Ke tla batla moratuwa wa ka.* Ke ile ka mo batla empa ha ke a ka ka mo fumana.   Balebedi ba potolohang motseng ba ile ba kopana le nna.+ Ka re ho bona: ‘Na le bone moratuwa wa ka?’*   Yare ke sa tswa ba fetaKa fumana moratuwa wa ka.* Ke ile ka mo tshwara mme ke ne ke sa batle ho mo tlohelaHo fihlela ke mo tlisitse ka tlung ya Mme,+Ka kamoreng ya ya ntswetseng.   Baradi ba Jerusalema, ke le hlapantshaKa dikgama tse tshehadi tsa naha le ka ditshephe: Le se ke la leka ho tsosa lerato ka ho nna ho fihlela lerato le itlhahisa.”+   “Keng ntho ee e nyolohang naheng jwalo ka mosi,E nkgisitsweng ha monate ka mira, dibano tse tshweuLe diphofshwana tsa rakgwebo tsa mefuta yohle tse nkgang ha monate?”+   “Ke setulo* sa Solomone. Banna ba 60 ba matla ba se potapotile,Ke banna ba matla ba Iseraele,+   Kaofela ha bona ba tshwere disabole,Ba kwetliseditswe ho lwana,E mong le e mong o sabole thekeng la haeE le ho mo sireletsa dinthong tse kotsi bosiu.”   “Ke setulo* sa Morena SolomoneSeo a iketseditseng sona ka difate tsa Lebanone.+ 10  O entse ditshiya* tsa sona ka silevera,Mokokotlo wa sona ke kgauta. Moo a dulang teng ho entswe ka boya bo pherese,Bokahare ba sona bo kgabisitswe hantleKe baradi ba Jerusalema.” 11  “Tswang lona baradi ba Sione,Le bone Morena Solomone. O rwetse korone* eo mme wa hae+ a mo etseditseng yonaKa letsatsi la lenyalo la hae,Letsatsing leo pelo ya hae e neng e thabile.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
Kapa: “eo moya wa ka o mo ratang.”
E ne e le setulo se neng se sebedisetswa ho nka ba boholong.
E ne e le setulo se neng se sebedisetswa ho nka ba boholong.
E ne e le ditshiya tse tshehetsang marulelo a setulo seo, e le hore morena a be tlasa moriti.
E ka nna yaba korone eo e ne e entswe ka dipalesa kapa makgasi.