Sefela sa Difela 5:1-16

5  “Ke kene ka serapeng sa ka,+Wena moratuwa wa ka, monyaduwa wa ka. Ke kgile mira ya ka le senoko sa ka.+ Ke jele mahe a ka a dinotshi a tswang kgekgeng. Ke nwele veine ya ka le lebese la ka.”+ “Jang, metswalle ya ka. Nwang mme le tahwe ke lerato.”+   “Ke robetse empa pelo ya ka e a hlobaela.+ Ke utlwa moratuwa wa ka a kokota. ‘Mpulele, lerato la ka,Leeba la ka le se nang sekodi. Etswe hlooho ya ka e kolobisitswe ke phoka,Moriri wa ka o metsi ke mongobo wa bosiu.’+   Ke se ke hlobotse seaparo sa ka se selelele. Ke se apare hape? Ke se ke hlatswitse maoto a ka. Ke a silafatse hape?   Moratuwa wa ka o tlositse letsoho la hae lesobeng la lematiMme maikutlo a ka a ferekana.   Ke ile ka tsoha ho bulela moratuwa wa ka. Matsoho a ka a ne a rotha miraLe menwana ya ka e rotha oli ya mira,Ya rothela hodima loko ya lemati.   Ke ile ka bulela moratuwa wa kaEmpa o ne a se a tlohile, a se a ile. Ke ile ka utlwa bohloko ha a tsamaya.* Ka mo batla empa ha ke a ka ka mo fumana.+ Ka mo bitsa empa ha a ka a nkaraba.   Balebedi ba neng ba potoloha motse ba ile ba mphumana. Ba nkotla, ba nntsha maqeba. Balebedi ba marako ba ntlhobodisa sholo ya ka.*   Lona baradi ba Jerusalema, ke a le hlapantsha horeHaeba le fumana moratuwa wa ka,Le mo bolelle hore ke a shwa ke lerato.”   “Ke jwang moratuwa wa hao a fetang mohlankana le ha e le ofe e mong,Wena e motle ka ho fetisisa hara basadi? Ke jwang moratuwa wa hao a fetang mohlankana le ha e le ofe e mong,Hoo o batlang hore re etse kano ee?” 10  “Moratuwa wa ka o motle mme o mofubedu,O a ikgetha hara ba dikete tse leshome. 11  Hlooho ya hae e tshwana le kgauta, kgauta e ntle ka ho fetisisa. Moriri wa hae o tshwana le makgasi a difate tsa palema a fokwang ke moya.* Moriri wa hae o motsho jwalo ka lekgwaba. 12  Mahlo a hae a jwalo ka maeba a pela melatswana ya metsi,A itlhatswang ka lebese,A dutseng pela letamo le nang le metsi a mangata.* 13  Marama a hae a jwalo ka serapa sa dinoko,+Serapa sa ditlama tse nkgang ha monate. Molomo wa hae o tshwana le mehaladitwe e rothang oli ya mira.+ 14  Menwana ya hae ke kgauta e kgabisitsweng ka krisolite. Mpa ya hae e tshwana le lenaka la tlou le bentshitsweng le kgabisitsweng ka disafire. 15  Ditlhafu tsa hae ke dipilara tsa mmabole tse hlonngweng hodima ditshehetso tsa kgauta e ntle ka ho fetisisa. O motle jwalo ka naha ya Lebanone, o motle jwalo ka dikedare.+ 16  Molomo* wa hae o monate,Ntho e nngwe le e nngwe ka yena e a kgahleha.+ Enwa ke lerato la ka, ke moratuwa wa ka, lona baradi ba Jerusalema.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “Ka batla ke akgeha ha a bua.”
Kapa: “lesira la ka.”
Kapa mohlomong: “masihla a ditholwana tsa palema.”
Kapa mohlomong: “sediba.”
Ka Seheberu: “Mahalapa.”