Sefela sa Difela 6:1-13

6  “Moratuwa wa hao o ile kae,Wena e motle ka ho fetisisa hara basadi? Moratuwa wa hao o tswile le kae? Ere re mo batle le wena.”   “Moratuwa wa ka o theohetse serapeng sa hae,Serapeng sa dimela tsa dinoko,Ho disetsa dirapeng,Le ho kga mehaladitwe.+   Moratuwa wa ka ke wa ka ke le mong,+Nna ke wa hae. O disetsa moo ho nang le mehaladitwe.”+   “Moratuwa wa ka,+ o motle jwalo ka motse wa Tirza,*+O motle jwalo ka Jerusalema,+O kgahleha jwalo ka mabotho a potapotileng difolakga tsa wona.+   Ha o ntjheba,+Pelo ya ka e a ferekana. Moriri wa hao o jwalo ka mohlape wa dipodiTse theohang dithabeng tsa Gileade.+   Meno a hao a jwalo ka mohlape wa dinku,Di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng,Tseo kaofela ha tsona di tswalang mafahla,Ho se e shwetsweng ke dikonyana.   Marama* a hao ka hara lesiraA jwalo ka kgarenate e arotsweng.   Hara mafumahadi a 60,Basadi ba direthe ba 80Le barwetsana ba se nang palo,+   O mong eo e leng leeba+ la ka le se nang sekodi. Ke moratuwa wa mme wa hae,Thatohatsi ya* ya mo tswetseng. Barwetsana ba a mo bona mme ba re o lehlohonolo,Mafumahadi le basadi ba direthe ba a mo rorisa, 10  ‘Ngwanana eo ya kganyang* jwalo ka mafube ke mang,E motle jwalo ka kgwedi e tolokileng,Ya hlwekileng jwalo ka kganya ya letsatsi,Ya kgahlehang jwalo ka mabotho a potapotileng difolakga tsa wona?’”+ 11  “Ke ile ka theohela serapeng sa difate tsa ditholwana,+Ho bona tse qalang ho mela ka kgohlong,*Ho bona hore na sefate sa morara se hlometse,Hore na difate tsa dikgarenate di thuntse. 12  Pele ke hlokomela,Ka iphumana ke le*Dikariking tsa batho ba heso ba hlomphehang.”* 13  “Kgutla, kgutla, wena Moshulame.Kgutla, kgutlaE le hore re bone botle ba hao.” “Le bonang ho Moshulame?”+“O tshwana le tantshi e etswang ke dihlopha tse pedi.”*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Motse o Kgahlehang.”
Kapa: “Ditlhafunelo.”
Ka Seheberu: “Ya hlwekileng wa.”
Ka Seheberu: “shebang tlase.”
Kapa: “Takatso ena ya ka ya nkisa.”
Kapa: “ba itetseng.”
Kapa: “tantshi ya Mahanaime.”