Sofonia 1:1-18

  • Letsatsi la Jehova la kahlolo le haufi (1-18)

    • Letsatsi la Jehova le potlakile haholo (14)

    • Silevera kapa kgauta e ke ke ya ba lopolla (18)

1  Sofonia* e ne e le mora wa Kushi, Kushi ya tswalwang ke Gedalia, Gedalia ya tswalwang ke Amaria, Amaria ya tswalwang ke Ezekiase. Mehleng ya ha Josiase+ mora wa Amone+ a ne a busa Juda, Jehova o ile a bua le Sofonia a re:   “Ke tla fedisa ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng,” ke Jehova ya tjhong.+   Hape Jehova o re: “Ke tla fedisa motho le phoofolo. Ke fedise dinonyana le ditlhapi,+Ke tla fedisa ntho e nngwe le e nngwe e kgelosang*+Ha mmoho le batho ba kgopo, ke fedise batho bohle hodima lefatshe.   Ke tla otla JudaKe be ke otle baahi ba Jerusalema,Ke fiele mesaletsa ya Baale sebakeng sena,+Ha mmoho le baprista ba medimo esele le baprista ba bohata,+   Ke fedise bohle ba kgumamelang dintho tsohle tse mahodimong* ba le ka hodima matlo a bona+Le ba kgumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tshepahalla+Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tshepahalla Malkame+   Le ba emisang ho latela Jehova+Le ba sa kang ba batla keletso ho Jehova hore a ba tataise.”+   Dulang le kgutsitse ka pela Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle hobane letsatsi la Jehova le haufi,+Ho na le sehlabelo seo Jehova a tla se etsa ho halaletsa batho bao a ba memmeng.   “Nna Jehova, ke tla otla dikgosanaLe bara ba morena+ le bohle ba aparang jwalo ka baditjhaba letsatsing leo ke etsang sehlabelo sa ka ka lona.   Ke tla otla bohle ba atamelang terone* letsatsing leo,Ba tletseng dikgoka ba bile ba le bolotsana.” 10  Jehova o re: “Letsatsing leo,Batho ba tla bokolla ba le Keiting ya Ditlhapi,+Ba bokolle ba le Seterekeng se Setjha,+Ho be le lerata maralleng. 11  Bokollang lona baahi ba Makteshe*Hobane borakgwebo* bohle ba timeditswe,*Bohle ba bekgang silevera ba fedisitswe. 12  Nakong eo, ke tla hlahloba Jerusalema ke e kgantshitse ka mabone,Ke otle bohle ba kgotsofaletseng tsela eo ba phelang* ka yona ba ntse ba re ka dipelong tsa bona:‘Jehova a ke ke a etsa letho, a ke ke a etsa ntho e mpe kapa e molemo.’+ 13  Ba tla nkelwa maruo, matlo a bona a senngwe.+ Ba tla haha matlo empa ba ke ke ba dula ho ona,Ba tla lema masimo a morara empa ba ke ke ba nwa veine ya ona.+ 14  Letsatsi le leholo la Jehova le haufi,+Le haufi mme le potlakile haholo.+Letsatsi la Jehova ke letsatsi le tshosang haholo+Esita le bahlabani ba tla bokolla.+ 15  Letsatsi leo e tla ba la kgalefo,+Letsatsi la mahlomola le tlokotsi,+Letsatsi la sefefo le tshenyeho,Letsatsi la lefifi le leholo,+Letsatsi la maru le lefifi le letsholetsho,+ 16  E tla ba letsatsi la ho letsa lenaka le la mohoo wa ntwa,+E tla ba letsatsi la ho hlasela metse e sireleditsweng ha mmoho le ditora tse phahameng.+ 17  Ke tla bakela batho mahlomola,Ba tla tsamaya jwalo ka batho ba foufetseng+Hobane ba sitetswe Jehova.+ Madi a bona a tla tshollwa jwalo ka lehlabatheLe mala a bona a tswe jwalo ka bolokwe.+ 18  Letsatsing la kgalefo ya Jehova, silevera kapa kgauta ya bona e ke ke ya kgona ho ba lopolla.+ Bohale ba ka bo tshwanang le mollo bo tla tjhesa lefatshe lohle,+E tla ba letsatsi le bohloko hobane o tla bolaya baahi bohle ba lefatshe.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Jehova o bolokile.”
Ho bonahala e le ntho e nngwe le e nngwe e amanang le borapedi ba ditshwantsho.
Ka Seheberu: “makgotla a lehodimo.” E leng letsatsi, kgwedi le dinaledi.
Kapa: “sefalana.” Mohlomong setupu sa terone ya morena.
Ka Seheberu: “ba kwetswe melomo.”
Kapa: “borakgwebo ba tsamayang.”
Sebaka se Jerusalema se haufi le Keiti ya Ditlhapi.
Ka Seheberu: “ditshifa tse qitileng.”