Sofonia 2:1-15

  • Tloong ho Jehova pele letsatsi la hore a le halefele le fihla (1-3)

    • Sebeletsang ho etsa dintho tse lokileng le hore le ikokobetse (3)

    • “Mohlomong le ka pholoha” (3)

  • Ditjhaba tse potapotileng Baiseraele di a ahlolwa (4-15)

2  Bokanang, le kgobokane+Lona setjhaba se sa swabeleng diketso tsa sona.+   Pele ho fanwa ka molao,Pele letsatsi leo le feta kapele jwalo ka ditlhaka tse fefolwang ke moya,Pele Jehova a le tukela ka bohale,+Pele letsatsi la hore Jehova a le halefele le fihla,   Tloong ho Jehova+ lona bohle ba bonolo,*Ba mametseng melao ya hae e lokileng. Sebeletsang ho etsa dintho tse lokileng le hore le ikokobetse.* Mohlomong le ka pholoha letsatsing leo Jehova a halefileng ka lona.+   Motse wa Gaza e tla ba dithako,Ashkelone e hloke baahi.+ Sera se tla leleka baahi ba Ashdode hara motshehare,Ekrone e fediswe ka ho feletseng.+   Lona ba ahileng pela lewatle le madimabe, lona setjhaba sa Bakerethe,+Jehova o le kgalemetse. Wena Kanana, naha ya Bafilista, le wena ke tla o fedisaHore o se hlole o eba le baahi.   Sebaka se haufi le lewatle se tla fetoha makguloA nang le didiba bakeng sa badisa le masaka a majwe bakeng sa dinku.   E tla ba sebaka sa batho ba setseng ba ntlo ya Juda,+Mehlape ya bona e tla fulela moo. Mantsiboya e tla robala e phutholohile ka tlung ya AshkeloneHobane Jehova Modimo wa bona o tla e hlokomela,A kgutlise batshwaruwa.+   Ke utlwile ditlhapa tsa Amone+ le nyefolo ya Moabe,+Ka utlwa ha ba hlapaola setjhaba sa ka, ba ithorisetsa ho inkela naha ya sona.+   Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Ke le tiisetsa ka nna Modimo ya phelang,Moabe e tla tshwana le Sodoma,+Amone e tshwane le Gomora,+E be lehwatata le nang le bobatsi le sekoti sa letswai.+Batho ba ka ba setseng ba tla ba tlatlapaMme ba ba nkele naha. 10  Ba tla hlahelwa ke dintho tsena hobane ba ikgohomosa,+Ba rohaka batho ba Jehova wa mabotho ba bile ba ithorisetsa bona. 11  Ba tla utlwa ba tshaba JehovaHobane o tla fedisa* medimo yohle lefatsheng,Ditjhaba tse dulang dihlekehlekeng di tla mo inamela*+Hohle moo di leng teng. 12  Le lona Baethiopia le tla bolawa ka sabole ya ka.+ 13  O tla phahamisetsa letsoho ka leboya a fedise Asiria,A etse hore Ninive e hloke baahi,+ e be lehwatata. 14  Mehlape e tla botha moo ha mmoho le diphoofolo tsohle tse hlaha. Dinoko le matata di tla hlola bosiu dipakeng tsa dipilara tsa yona tse weleng. Ho tla utlwahala molodi wa dinonyana* fensetereng. Ho tla ba le qubu ya dithole monyakoHobane mapolanka a kedare a tla tlohelwa hore a otlwe ke metjheso le dipula. 15  Ona ke motse o neng o ikotla sefuba, o dula o sireletsehileEbe o re: ‘Ke nna ke nna, ha ho ya tshwanang le nna.’ Hona jwale e se e le ntho e makatsang,Ke sebaka seo diphoofolo tse hlaha di bothang ho sona. Batho ba fetang ka tsela ba letsa molodi ebile ba opa diatla.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba ikokobeditseng.”
Kapa: “hore le be bonolo.”
Kapa: “fokodisa.”
Kapa: “rapela.”
Kapa: “moya o fokang.” Ka Seheberu: “phoofolo e hlaha.”