Sofonia 3:1-20

  • Jerusalema, motse wa marabele o tletseng bobodu (1-7)

  • Ho ahlolwa le ho tsosoloswa (8-20)

    • Batho ba tla bua puo e hlwekileng (9)

    • Ba ikokobeditseng ba tla pholoswa (12)

    • Jehova o tla thabela Sione (17)

3  Ho madimabe motse* wa marabele, o ditshila o bileng o hatellang baahi ba wona.+   Baahi ba motse oo ha ba mamele,+ ba hana ho kgalemelwa.+Ha ba tshepe Jehova+ ebile ba suthetse hole le Modimo wa bona.+   Dikgosana tsa wona di jwalo ka ditau tse purumang.+ Baahlodi ba wona ekare diphiri tse tsomang bosiu E re bosiu bo esa di be di jele di qetile.   Baprofeta ba teng ke balotsana ba ikakasang.+ Baprista ba teng bona ba silafatsa ntho e halalelang,+Ba tlola molao.+   Jehova o dula motseng oo empa o lokile,+ ha a etse letho le fosahetseng. Jwalo ka ha letsatsi le tjhaba hoseng ho hong le ho hong,O dula a tsebisa batho ba motse oo melao ya hae hoseng ho hong le ho hong.+ Motho ya sa lokang ha a hlajwe ke dihlong.+   Ke ile ka fedisa ditjhaba, ka heletsa ditora tsa tsona. Ka senya diterata tsa tsona e le hore ho se ke ha eba le motho ya fetang moo. Metse ya sona ka e siya e se na letho, ya sala e se na baahi.+   Ke ile ka re ho baahi ba motse oo: ‘Le tla ntlhompha le be le mamele ha ke le kgalemela,’+E le hore ke se ke ka ba otlela diphoso tsa bonaLe hore motse wa bona* o se ke wa fediswa.+ Empa ba ne ba potlakela ho etsa diphoso.+   Jehova o re: “Dulang le ntebeletse,+Le nkemele ho fihlela letsatsing leo ke tla hlasela batho ke nke thepa ya bona*Hobane ke tla ahlola ditjhaba ka hore ke di bokelle, ke bokelle le mebusoEbe ke ba tukela ka bohale.+ Bohale ba ka bo tshwanang le mollo bo tla tjhesa lefatshe lohle.+   Ka nako eo ke tla etsa hore batho ba bue puo e hlwekilengE le hore ba rorise lebitso la ka e leng Jehova,Ba ntshebeletse mahetla a bapile.*+ 10  Batho ba ka ba hasantsweng hohle, ba ntshebeletsang ba tla ntlisetsa mpho,+ Ba e tlise ba hlaha haufi le dinoka tsa Ethiopia. 11  Letsatsing leo, o* ke ke wa hlola o hlajwa ke dihlongKa lebaka la diphoso tseo o nketseditseng tsona+Hobane ka nako eo ke tla tlosa batho ba ikgohomosang ho wenaMme o ke ke wa hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e halalelang.+ 12  Ke tla siya ba ikokobetsang feela,+Ba tla tshabela ho Jehova. 13  Baiseraele ba setseng+ ba ke ke ba etsa dintho tse fosahetseng,+Ba ke ke ba bua leshano kapa ba thetsa batho. Ba tla ja, ba robale* mme ha ho na motho ya tla ba tshosa.”+ 14  Hweletsa o thabile wena moradi wa Sione. Hlaba ditlatse wena Iseraele.+ O thabe ka pelo yohle wena moradi wa Jerusalema, o nyakalle.+ 15  Jehova o hlakotse kahlolo ya hao.+ O tebetse sera sa hao.+ Jehova Morena wa Iseraele o na le wena.+ O se ke wa hlola o tshoha hore o tla hlahelwa ke tlokotsi.+ 16  Letsatsing leo ho tla thwe ho Jerusalema: “Wena Sione, o se ke wa tshoha.+ O se ke wa kgathala matla.* 17  Jehova Modimo wa hao o na le wena.+ O tla o pholosa hobane o matla ohle. O tla o thabela haholo,+A kgotsofalle ho o rata,O tla o binela hobane a o thabetse. 18  Ke tla bokanya batho ba utlwileng bohloko hobane ba ne ba le siyo meketeng ya hao,+Ba ne ba le siyo hobane ba hapuwe.+ 19  Ka nako eo, ke tla sebetsana le batho ba o hlorisang,+Ke thuse ba hlotsang+Ebe ke phutha ba qhalakantsweng.+Ke tla etsa hore ba tsebahale ba be ba rorisweNaheng e nngwe le e nngwe eo ba ileng ba tlotlollwa ho yona. 20  Ka nako eo, ke tla le kgutlisetsa hae,Ke le bokelle. Ke tla etsa hore batho bohle ba le tsebe, ba le rorise+ nakong eo ke lokollang batho ba habo lona. Le tla hle le ho bone,” ke Jehova ya tjhong.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng Jerusalema.
Ka Seheberu: “sebaka seo a dulang ho sona.” E leng Jerusalema.
Kapa mohlomong: “ho fihlela letsatsi leo ke bang paki ka lona.”
Kapa: “ba ntshebeletse mmoho.”
E leng Jerusalema.
Kapa: “ba bothe jwalo ka dinku.”
Kapa: “Matsoho a hao a se ke a tepella.”