Ho Tite 2:1-15

  • Ba baholo le ba banyenyane ba a rutwa (1-15)

    • Ho phela ka tsela e bontshang hore re na le kelello (12)

    • Ho tjhesehela ho etsa mesebetsi e metle (14)

2  Le ha ho le jwalo, wena o nne o bue dintho tse dumellanang le thuto e nepahetseng.*+  Bontate ba hodileng ba lokela ho ba le tekatekano dinthong tsohle, e be batho ba sa nkeng dintho hanyenyane, ba nang le kelello,* ba nang le tumelo e matla, lerato le mamello.  Ka ho tshwanang, bomme ba hodileng ba itshware ka tsela e bontshang hore ba hlompha Modimo, e se ke ya eba baetselletsi, e se ke ya eba makgoba a veine, ba rute dintho tse lokileng  e le hore ba ka eletsa* basadi ba batjha hore ba rate banna ba bona, ba rate bana ba bona,  ba be le kelello,* ba be le boitshwaro bo hlwekileng, e be basebetsi malapeng,* ba be mosa, ba mamele banna ba bona+ e le hore lentswe la Modimo le se ke la buuwa hampe.  Ka ho tshwanang, o nne o eletse banna ba batjha hore ba be le kelello.*+  O be mohlala mesebetsing yohle e metle. Ka boitlhompho o rute thuto e hlwekileng.*+  O bue dipuo tse hlwekileng* ha o ruta e le hore ho se ke ha eba le letho leo batho ba o qosang ka lona+ le hore batho ba re hanyetsang ba ka swaba hobane ba se na letho le lebe* leo ba ka le buang ka rona.+  Makgoba a lokela ho mamela beng ba ona dinthong tsohle+ mme a leke ho ba kgahlisa, a sa ba arabise. 10  A se ke a ba utswetsa+ empa a bontshe hore a tshepahala ka hohle e le hore a ka kgabisa thuto ya Mopholosi wa rona Modimo dinthong tsohle.+ 11  Etswe mosa* wa Modimo o pholosang batho ba mefuta yohle o bonahetse.+ 12  O re ruta ho phela ka tsela e bontshang hore re na le kelello* ka ho etsa dintho tse lokileng le ho sebeletsa Modimo ka botshepehi mehleng ena.*+ Hape o re ruta ho hana dintho tse mpe tseo batho ba lefatshe lena ba di lakatsang le tsohle tse kgahlanong le thato ya Modimo.+ 13  Hona jwale, a re duleng re letetse ho phethahala ha dintho tse thabisang tseo re nang le tshepo ya tsona+ le hore Modimo Ya Matla Ohle le Jesu Kreste Mopholosi wa rona ba bonahatse matla a bona. 14  Jesu o ile a inehela bakeng sa rona+ ho re pholosa*+ e le hore re qobe ho etsa mofuta o mong le o mong wa bokgopo* le hore a hlwekise batho bao e leng letlotlo la hae le kgethehileng ba tjhesehelang ho etsa mesebetsi e metle.+ 15  O nne o rute dintho tsena, o kgothatse* le ho kgalemela ka ha o na le matla a ho etsa jwalo.+ O se ke wa dumella mang kapa mang ho o kgella fatshe.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “e phedisang; e molemo.”
Kapa: “ba etsang diqeto tse nepahetseng; ba hlaphohetsweng kelellong.”
Kapa: “rupela.”
Kapa: “ba etse diqeto tse nepahetseng; ba hlaphohelwe kelellong.”
Kapa: “ba hlokomele mahae a bona.”
Kapa: “ba etse diqeto tse nepahetseng; ba hlaphohelwe kelellong.”
Kapa: “o se ke wa sotha letho ha o ruta.”
Kapa: “tse phedisang; tse molemo.”
Kapa: “nyonyehang.”
Kapa: “re etsa diqeto tse nepahetseng; hlaphohetswe kelellong.”
Kapa: “lefatsheng lena.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “lopolla.”
Kapa: “tlolo ya molao.”
Kapa: “susumetse; eletse.”