Zakaria 1:1-21

  • Setjhaba se kgothaletswa ho kgutlela ho Jehova (1-6)

    • ‘Kgutlelang ho nna mme ke tla kgutlela ho lona’ (3)

  • Pono ya pele: Banna ba palameng dipere hara difate tsa mirte (7-17)

    • “Jehova o tla tshedisa Sione hape” (17)

  • Pono ya bobedi: Manaka a mane le batho ba bane ba tsebang mosebetsi wa matsoho (18-21)

1  Ka kgwedi ya borobedi selemong sa bobedi sa puso ya Dariuse,+ Jehova o ile a bua le moprofeta Zakaria*+ mora wa Berekia mora wa Ido a re:  “Nna Jehova, ke ile ka halefela bontate ba lona haholo.+  Ere ho setjhaba, ‘Jehova wa mabotho o re: “‘Kgutlelang ho nna,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong, ‘ke tla kgutlela ho lona,’+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”’  ‘Le se ke la tshwana le bontate ba lona, bao baprofeta ba pele ba ileng ba re ho bona: “Jehova wa mabotho o re, ‘Ke kopa le tlohele dintho tse mpe tseo le di etsang le diketso tsa lona tse kgopo.’”’+ ‘Empa ha ba a ka ba mmamela ebile ha ba a ka ba utlwa mantswe a ka,’+ ke Jehova ya tjhong.  ‘Jwale ba hokae bontate ba lona? Na baprofeta bao ba ntse ba phela?  Ke ile ka fa bontate ba lona melao hore ba e mamele, ka romela bahlanka ba ka e leng baprofeta hore ba ba bolelle se tlo etsahala haeba ba sa mamele melao eo. Na dintho tseo tsohle ha di a ka tsa fela tsa ba etsahalla?’+ Ka hoo, ba ile ba kgutlela ho nna mme ba re: ‘Jehova wa mabotho o entse seo a neng a se rerile ka rona ka lebaka la dintho tseo re di entseng.’”+  Ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya bo11 e leng kgwedi ya Shebate,* selemong sa bobedi sa puso ya Dariuse,+ Jehova a etsa hore* moprofeta Zakaria mora wa Berekia mora wa Ido a bone pono yaba Zakaria o re:  “Ke ile ka bona pono bosiu. Ho ne ho ena le monna ya palameng pere e kgubedu a eme a sa sisinyehe hara difate tsa mirte ka hara kgohlo. Ka mora hae ho ne ho ena le dipere tse kgubedu, tse bosootho bo bofubedu le tse tshweu.”  Ka re ho lengeloi le neng le bua le nna: “Ke bomang baa morenaka?” La re: “Ke tla o bontsha hore na ke bomang.” 10  Monna ya neng a eme a sa sisinyehe hara difate tsa mirte a re: “Bana ke bao Jehova a ba rometseng hore ba tsamaye hohle lefatsheng.” 11  Ba re ho lengeloi la Jehova le neng le eme hara difate tsa mirte: “Re tsamaile hohle lefatsheng. Lefatshe lohle le kgutsitse ebile le na le kgotso.”+ 12  Lengeloi la Jehova la re: “Jehova wa mabotho, o tla nka nako e kae o sa hauhele Jerusalema le metse ya Juda,+ eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse 70?”+ 13  Jehova a araba lengeloi le neng le bua le nna ka mosa le ka mantswe a tshedisang. 14  Lengeloi le neng le bua le nna la re ho nna: “Hweletsa o re, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke tla lwanela Jerusalema le Sione. Ke tla di lwanela ka pelo yohle ya ka.+ 15  Ditjhaba tse nahanang hore di sireletsehile ke di halefetse haholo+ hobane ke ne ke halefetse batho ba ka hanyenyane+ empa ditjhaba tseo tsona di ba utlwisitse bohloko haholo.”’+ 16  Ka lebaka leo, Jehova o re: ‘“Ke tla hauhela Jerusalema hape+ mme ntlo ya ka e tla hahwa teng.+ Jerusalema e tla lekanngwa ka kgwele e lekanyang,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.’+ 17  Hweletsa hape o re, ‘Jehova wa mabotho o re: “Metse ya ka e tla boela e be le dintho tse ngata tse molemo. Jehova o tla tshedisa Sione+ hape a be a kgethe Jerusalema hape.”’”+ 18  Ka sheba hodimo yaba ke bona manaka a mane.+ 19  Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Dintho tsee keng?” La re: “Ana ke manaka a qhalakantseng Juda,+ Iseraele+ le Jerusalema.”+ 20  Ka mora moo, Jehova a mpontsha batho ba bane ba tsebang mosebetsi wa matsoho. 21  Ka botsa ka re: “Ba tlilo etsang?” A re: “Ana ke manaka a qhalakantseng Juda hoo ho sa kang ha eba le motho ya kgonang ho phahamisa hlooho ya hae. Bana ba bang ba tla tla ba tlo a tshosa, ba tlo lahlela fatshe manaka a ditjhaba tse ileng tsa phahamisa manaka a tsona ho hlasela naha ya Juda le ho e qhalakanya.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Jehova o Hopotse.”
Ka Seheberu: “lentswe la Jehova la tla ho.”