Zakaria 11:1-17

  • Ditlamorao tsa ho se amohele modisa wa Modimo wa nnete (1-17)

    • “Disa mohlape o tlo bolawa” (4)

    • Melamu e mmedi: Mohau le Kopano (7)

    • Moputso wa modisa: Dikotwana tse 30 tsa silevera (12)

    • Tjhelete e lahlelwa ka polokelong ya matlotlo (13)

11  “Bula mamati a hao, wena LebanoneE le hore mollo o ka tjhesa difate tsa hao tsa kedare.   Llang lona difate tsa junipere hobane difate tsa kedare di wele. Difate tse hlomphehang di sentswe. Llang lona difate tsa ouku* tsa BashaneHobane moru o teteaneng o wele.   Utlwang sello sa badisaHobane kganya ya bona e fedile. Utlwang ha ditawana di purumaHobane mahlaka a teteaneng a haufi le Jordane a sentswe.  Jehova Modimo wa ka o re, ‘Disa mohlape o tlo bolawa,+  oo batho ba o rekang ba o bolayang+ empa ba sa nkwe ba le molato. Ba o rekisang+ ba re, “Jehova a ke a roriswe hobane ke tla ba morui.” Badisa ba wona ha ba o qenehele ho hang.’+  Jehova o re, ‘Nke ke ka hlola ke qenehela baahi ba naha ena. Ke tla etsa hore e mong le e mong a hatellwe ke moahisani wa hae le morena wa hae. Ba tla fedisa naha ena mme nke ke ka ba pholosa ho bona.’”  Ke ile ka disa mohlape o neng o tlo bolawa, molemong wa lona,+ lona ba utlwileng bohloko hara mohlape. Ka hoo, ka nka melamu e mmedi, o mong ka o bitsa Mohau mme o mong ka o bitsa Kopano+ yaba ke disa mohlape oo.  Ka leleka badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe hobane ke ile ka ba fella pelo mme le bona ba ne ba ntlhoile.  Ka re: “Nke ke ka dula ke le disitse. Ya shwang a ke a shwe. Ya bolawang a ke a bolawe. Ba setseng ba ke ba harolane.” 10  Ka nka molamu wa ka o bitswang Mohau+ ka o roba e le ha ke roba selekane seo ke se entseng le batho bohle ba ka. 11  Sa robeha letsatsing lona leo. Ba utlwileng bohloko hara mohlape ba neng ba ntjhebile, ba tseba hore ke molaetsa o tswang ho Jehova. 12  Ka re ho bona: “Mpheng moputso wa ka haeba le bona ho etsa jwalo ho le molemo. Empa haeba ho se jwalo, le se ke la mpha wona.” Ba mpatala* moputso wa ka wa dikotwana tse 30 tsa silevera.+ 13  Jehova a re ho nna: “Tjhelete eo e nyenyane eo ba bonang e ntshwanetse,+ e lahlele ka hara polokelo ya matlotlo.” Ka nka dikotwana tseo tse 30 tsa silevera yaba ke di lahlela polokelong ya matlotlo ka tlung ya Jehova.+ 14  Ka roba molamu wa ka wa bobedi o bitswang Kopano+ e le ha ke fedisa selekane se pakeng tsa Juda le Iseraele.+ 15  Jehova a re ho nna: “Nka dintho tse sebediswang ke modisa ya se nang thuso.+ 16  Ke etsa hore ho hlahe modisa naheng ena. A ke ke a hlokomela dinku tse shwang.+ A ke ke a batlana le dikonyana tse lahlehileng kapa a fodisa tse lemetseng+ kapa a fepa tse phetseng hantle. Ho ena le hoo, o tla ja nama ya tse nonneng+ ebile o ntsha ditlhako tsa dinku.+ 17  Modisa wa ka ya se nang thuso,+ ya siyang mohlape,+O tla tlelwa ke ditlamorao tse bohloko. O tla otlwa ka sabole letsohong le leihlong la hae le letona.Letsoho la hae le tla omella le leihlo la hae le letona le tla foufala.”*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tsa eike.”
Ka Seheberu: “ntekanyetsa.”
Ka Seheberu: “ba lerootho.”