Zakaria 12:1-14

  • Jehova o tla lwanela Juda le Jerusalema (1-9)

    • Jerusalema ke “lejwe le boima” (3)

  • Ba llela ya hlabilweng (10-14)

12  Phatlalatso e tswang ho Modimo: “Ona ke molaetsa wa Jehova mabapi le Iseraele,” ke Jehova ya tjhong,Ya otlolotseng mahodimo,+Ya radileng motheo wa lefatshe+Le ya etseditseng motho phefumoloho.  “Ke etsa hore Jerusalema e be kopi* e etsang hore ditjhaba tsohle tse e potolohileng di thekesele. Motse wa Juda le wa Jerusalema o tla thibellwa.+  Letsatsing leo, ke tla etsa hore Jerusalema e be lejwe le boima ho ditjhaba tsohle. Bohle ba le phahamisang ba tla lemala haholo.+ Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bokellwa hore di mo hlasele.”+  Jehova o re, “Letsatsing leo, ke tla etsa hore pere e nngwe le e nngwe e tshohe le hore mopalami wa yona a hlanye. Ke tla dula ke shebile batho ba Juda empa ke tla etsa hore pere e nngwe le e nngwe ya dira tsa bona e foufale.  Baetapele ba Juda ba tla re ka dipelong tsa bona, ‘Baahi ba Jerusalema ba mpha matla ka lebaka la Jehova wa mabotho Modimo wa bona.’+  Letsatsing leo, ke tla etsa hore baetapele ba Juda ba be jwalo ka mashala a tukang hara patsi le jwalo ka lelakabe la mollo hara mangata a koro.+ Ba tla tjhesa ditjhaba tsohle tse ba potolohileng ka lehlakoreng le letona le ka ho le letshehadi.+ Baahi ba Jerusalema ba tla boela ba dule sebakeng sa bona e leng Jerusalema.+  Jehova o tla pholosa ditente tsa Juda pele e le hore botle ba ditloholo* tsa Davida le ba baahi ba Jerusalema bo se ke ba eba boholo haholo ho feta ba Juda.  Letsatsing leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema.+ Letsatsing leo, ya kgoptjwang* hara bona o tla ba jwalo ka Davida mme ditloholo* tsa Davida di tla ba jwalo ka lengeloi la Jehova le ba tataisang.+  Letsatsing leo, ke tla fedisa ditjhaba tsohle tse hlaselang Jerusalema.+ 10  Ke tla tshollela moya wa ka ho ditloholo tsa Davida le ho baahi ba Jerusalema. Ke tla ba amohela mme ba tla nketsetsa thapedi. Ba tla sheba eo ba mo hlabileng+ mme ba mo llele jwalo ka ha eka ba llela mora a le mong feela wa bona. Ba tla utlwa bohloko haholo ka lebaka la hae jwalo ka ha eka ba utlwile bohloko ka lebaka la mora wa bona wa letsibolo. 11  Letsatsing leo, ho tla ba le sello se seholo Jerusalema, se jwalo ka sello sa Hadadrimone Thoteng ya Megido.+ 12  Naha e tla lla, lelapa le leng le le leng le tla lla le le leng. Lelapa la Davida le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. Lelapa la Nathane+ le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. 13  Lelapa la Levi+ le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. Lelapa la Bashimei+ le tla lla le le leng le basadi ba lona ba lle ba le bang. 14  Lelapa le leng le le leng ho malapa ohle a setseng le tla lla le le leng le basadi ba ona ba tla lla ba le bang.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “sekotlolo.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Kapa: “ya fokolang.”
Ka Seheberu: “ntlo.”