Zakaria 13:1-9

13  “Letsatsing leo, ditloholo tsa Davida le baahi ba Jerusalema ba tla tjhekelwa sediba hore ba hlwekiswe sebeng le diketsong tsa bona tse ditshila.”+  Jehova wa mabotho o re, “Letsatsing leo, ke tla tlosa mabitso a ditshwantsho tse rapelwang naheng ena+ mme di ke ke tsa hlola di hopolwa. Ke tla tlosa baprofeta naheng ena+ le ba hlohlelletsang batho hore ba etse dintho tse sa hlwekang.  Haeba motho a ka boela a profeta, ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla re ho yena, ‘O tla shwa hobane o buile leshano ka lebitso la Jehova.’ Ntate wa hae le mme wa hae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba hobane a ile a profeta.+  Letsatsing leo, baprofeta bohle ba tla swabela dipono tsa bona ha ba profeta ebile ba ke ke ba apara diaparo tsa boya tse kgethehileng+ e le hore ba thetse batho.  E mong le e mong wa bona o tla re, ‘Nna ha ke moprofeta. Ke molemi feela. Ke ile ka rekwa ke monna e mong ke sa le motjha.’  Ha motho e mong a ka mo botsa a re, ‘Maqeba aa a pakeng tsa mahetla a hao* ke a eng?’ O tla re, ‘Ke ile ka otlwa ka tlung ya metswalle ya ka.’”*   Jehova wa mabotho o re, “Wena sabole, hlasela modisa wa ka,+O hlasele motho eo ke tlwaelaneng le yena. Otla modisa,+ dinku* di qhalane.+ Ke tla kgalemela ba nkwang e se ba bohlokwa.”   Jehova o re, “Naheng yohle,Batho ba bangata ba tla bolawa mme ba fediswe. Ke ba mmalwa feela ba tla sala ho yona.   Ba setseng, ke tla ba fetisa mollong,Ke ba hlwekise jwalo ka ha ho hlwekiswa sileveraKe be ke ba hlahlobe jwalo ka ha ho hlahlojwa kgauta.+ Ba tla bitsa lebitso la kaMme ke tla ba araba. Ke tla re, ‘Ke batho ba ka,’+Bona ba tla re, ‘Jehova ke Modimo wa rona.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “pakeng tsa matsoho a hao?” E leng sefubeng kapa ka mokokotlong.
Kapa: “ba nthatang.”
Kapa: “mohlape.”