Zakaria 14:1-21

  • Bodumedi ba nnete bo tla hlola (1-21)

    • Thaba ya Mehlwaare e tla arolwa ka lehare (4)

    • Jehova e tla ba yena feela Modimo ebile ho tla tlotliswa lebitso la hae feela (9)

    • Bolwetse bo tla tlela batho ba lwantshang Jerusalema (12-15)

    • Ho ketekwa Mokete wa Maphephe (16-19)

    • Pitsa e nngwe le e nngwe e tla ba ntho e halalelang ho Jehova (20, 21)

14  “Letsatsi la Jehova le a tla mme thepa ya lona eo le e nketsweng* e tla arolwa ka pela lona.  Ke tla bokella ditjhaba tsohle hore di lwantshe Jerusalema. Motse o tla haptjwa, ho nkwe thepa ka matlung mme basadi ba betwe. Halofo ya batho ba motse e tla ya botlamuweng empa ba setseng ba ke ke ba tloswa motseng.  Jehova o tla lwantsha ditjhaba+ tseo jwalo ka ha a lwana letsatsing la ntwa.+  Letsatsing leo, maoto a hae a tla ema hodima Thaba ya Mehlwaare,+ e shebileng ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba eo ya Mehlwaare e tla arolwa ka lehare, ho tloha ka botjhabela ho ya ka bophirimela* mme e tla etsa kgohlo e kgolo haholo. Halofo e nngwe ya thaba e tla ya ka leboya, e nngwe e ye ka borwa.  Le tla balehela kgohlong ya dithaba tsa ka hobane kgohlo ya dithaba e tla ba kgolo ho ya fihla Azele. Le tla baleha, jwalo ka ha le ile la baleha ka lebaka la tshisinyeho ya lefatshe mehleng ya Morena Uzia wa Juda.+ Jehova Modimo wa ka o tla tla mme bahalaledi bohle ba tla be ba ena le yena.+  Letsatsing leo, ho ke ke ha eba le kganya e phatsimang.+ Dintho di tla be di hatsetse.*  E tla ba letsatsi le tsejwang e le la Jehova.+ Ho ke ke ha eba le motshehare kapa bosiu, le mantsiboya ho tla ba le kganya.  Letsatsing leo, metsi a phedisang+ a tla phalla a tswa Jerusalema.+ Halofo e nngwe ya ona e tla ya lewatleng le ka botjhabela*+ mme halofo e nngwe e ye lewatleng le ka bophirimela.*+ Sena se tla etsahala hlabula le mariha.  Jehova e tla ba Morena wa lefatshe lohle.+ Letsatsing leo, Jehova e tla ba yena feela Modimo ya rapelwang+ ebile ho tla tlotliswa lebitso la hae feela.+ 10  Naha yohle e tla ba jwalo ka Araba,+ ho tloha Geba+ ho ya Rimone+ ka borwa ho Jerusalema. Jerusalema e tla phahamiswa sebakeng sa yona mme batho ba tla dula ho yona,+ ho tloha Keiting ya Benjamine+ ho ya fihla sebakeng sa Keiti ya Pele, ho ya fihla Khoneng ya Keiti le ho tloha Toreng ya Hananiele+ ho ya fihla dihatelong tsa veine tsa morena. 11  Batho ba tla dula ho yona. Jerusalema e ke ke ya hlola e rohakwa hore e fediswe+ mme batho ba tla dula ho yona ba sireletsehile.+ 12  Bona ke bolwetse boo Jehova a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshang Jerusalema ka bona:+ Nama ya bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto, mahlo a bona a bolle ka hara mekoti ya ona le maleme a bona a bolle ka melomong ya bona. 13  Letsatsing leo, Jehova o tla etsa hore ho be le pherekano e kgolo hara bona. E mong le e mong o tla tshwara letsoho la motswalle wa hae mme ba hlaselane.+ 14  Juda le yona e tla lwana ntweng ya Jerusalema. Maruo a ditjhaba tsohle tse haufi a tla bokellwa ka bongata e leng kgauta, silevera le diaparo.+ 15  Bolwetse bo tshwanang le boo bo tla tshwara le dipere, dimmoulo, dikamele, ditonki le diphoofolo tsohle tse ditenteng tsa dira. 16  Bohle ba tla sala ho ditjhaba tsohle tse hlaselang Jerusalema, ba tla nyolohela Jerusalema selemo le selemo+ hore ba yo rapela* Morena e leng Jehova wa mabotho+ le ho keteka Mokete wa Maphephe.*+ 17  Haeba motho le ha e le ofe hara ditjhaba tse lefatsheng a sa nyolohele Jerusalema ho ya rapela Morena e leng Jehova wa mabotho, setjhaba seo se ke ke sa fumana pula.+ 18  Haeba batho ba Egepeta ba sa nyolohe mme ba sa kene motseng, ba ke ke ba fumana pula. Ho ena le hoo, Jehova o tla etsa hore ba tshwarwe ke bolwetse bo tshwanang le boo a otlang ditjhaba tse sa yeng ho ya keteka Mokete wa Maphephe ka bona. 19  Ena ke kotlo ya sebe sa Egepeta le ya sebe sa ditjhaba tsohle tse sa yeng ho ya keteka Mokete wa Maphephe. 20  Letsatsing leo, mantswe a reng, ‘Kgalalelo ke ya Jehova,’+ a tla ngolwa ditlelokong tsa dipere. Dipitsa*+ tse ka tlung ya Jehova di tla halalela jwalo ka dikotlolo+ tse ka pela aletare. 21  Pitsa* e nngwe le e nngwe e Jerusalema le e Juda e tla ba ntho e halalelang ebile e tla ba ya Jehova wa mabotho. Bohle ba etsang mahlabelo ba tla kena mme ba phehe ka tse ding tsa tsona. Letsatsing leo, ho ke ke ha hlola ho eba le Mokanana* ka tlung ya Jehova wa mabotho.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng motse oo ho buuwang ka wona temaneng ya bobedi.
Ka Seheberu: “lewatle.”
Kapa: “hwamme.”
E leng Lewatle la Mediterranean.
E leng Lewatle le Shweleng.
Kapa: “inamela.”
Kapa: “Dipitsa tse kgolo.”
Kapa: “Pitsa e kgolo.”
Kapa mohlomong: “motho ya rekisang.”