Zakaria 3:1-10
3 A mpontsha Joshua+ moprista ya phahameng a eme ka pela lengeloi la Jehova mme Satane+ a eme ka letsohong la hae le letona hore a mo hanyetse.
2 Lengeloi la Jehova la re ho Satane: “Satane, e se eka Jehova a ka o kgalemela ka matla.+ E se eka Jehova ya kgethileng Jerusalema+ a ka o kgalemela ka matla. Na Joshua ha se palo* e tukang e tlositsweng mollong?”
3 Joshua o ne a apere diaparo tse ditshila, a eme ka pela lengeloi.
4 Lengeloi la re ho ba emeng ka pela lona, “Mo hlobodiseng diaparo tseo tse ditshila.” Ka mora moo, la re ho yena, “Ke tlositse phoso* ya hao mme o tla apeswa diaparo tse ntle.”*+
5 Ka re: “Ha a rweswe tuku e hlwekileng hloohong.”+ Ba mo rwesa tuku e hlwekileng mme ba mo apesa diaparo. Lengeloi la Jehova le ne le eme haufi.
6 Ka mora moo, lengeloi la Jehova la re ho Joshua:
7 “Jehova wa mabotho o re, ‘Haeba o tla tsamaya ditseleng tsa ka le ho etsa mesebetsi eo ke o fileng yona, o tla ba moahlodi ntlong ya ka+ mme o tla hlokomela* mabala a ka. Ke tla o dumella hore o nkatamele ka bolokolohi jwalo ka bana ba emeng mona.’
8 ‘Moprista ya phahameng Joshua, ke kopa o mamele, wena le baprista ba dulang ka pela hao hobane le pontsho ya se tlo etsahala. Ke tlisa mohlanka wa ka ya+ bitswang Lehlomela.+
9 Bona lejwe leo ke le behileng ka pela Joshua. Hodima lejwe le leng ho na le mahlo a supileng. Ke fata mongolo hodima lona mme ke tla tlosa molato wa naha eo ka letsatsi le le leng,’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.+
10 Jehova wa mabotho o re, ‘Letsatsing leo, e mong le e mong wa lona o tla bitsa moahisani wa hae hore a tlo dula ka tlasa sefate sa hae sa morara le sa difeie.’”+
Dintlha tse qetellong ya sehloho
^ Kapa: “lefatsa.”
^ Kapa: “molato.”
^ Kapa: “tsa maemo.”
^ Kapa: “okamela; lebela.”