Zakaria 4:1-14

  • Pono ya bohlano: Sedulwana sa lebone le difate tse pedi tsa mohlwaare (1-14)

    • ‘Eseng ka matla empa ka moya wa ka’ (6)

    • O se ke wa kgella fatshe letsatsi leo dintho di qadileng di le nyenyane (10)

4  Lengeloi le neng le ntse le bua le nna la kgutla mme la ntsosa jwalo ka ha eka ke ne ke robetse.  La re ho nna: “O bonang?” Ka re: “Ke bona sedulwana sa lebone se entsweng ka kgauta,+ hodima sona ho na le sekotlolo le mabone a supileng+ mme mabone ao a hodima sona a na le diphaephe tse supileng.  Pela sona ho na le difate tse pedi tsa mohlwaare,+ se seng se ka lehlakoreng le letona la sekotlolo mme se seng se ka lehlakoreng le letshehadi.”  Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Dintho tsee di emelang morenaka?”  Lengeloi leo la re: “Na ha o tsebe hore na dintho tsee di emelang?” Ka re: “Ha ke tsebe morenaka.”  La re ho nna: “Jehova o re ho Zorobabele: ‘“Dintho tsena tsohle di ke ke tsa etsahala ka lebotho la sesole kapa ka matla a batho+ empa di tla etsahala ka moya wa ka,”+ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.  O mang wena thaba e kgolo? Zorobabele+ o tlo etsa hore o be thota feela.+ O tla tlisa lejwe le hodimo hara batho ba ntseng ba hweletsa ba re: “Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!”’”  Jehova a boela a re ho nna:  “Zorobabele o entse motheo wa ntlo ena+ mme ke yena ya tla e qetella.+ Le tla tseba hore Jehova wa mabotho o nthometse ho lona. 10  Ke mang ya kgellang fatshe letsatsi leo ka lona dintho di qadileng di le nyenyane?+ Batho ba tla thaba ha ba bona Zorobabele a tshwere kgwele e methang.* Mahlo ana a supileng a shebileng lefatsheng lohle, ke a Jehova.”+ 11  Ka mora moo ka re: “Difate tsee tse pedi tsa mohlwaare tse ka lehlakoreng le letona le le letshehadi la sedulwana sa lebone, di emelang?”+ 12  Ka mo botsa ka lekgetlo la bobedi ka re: “Makala* aa a mabedi a difate tsa mohlwaare a ntshang oli ya kgauta ka diphaephe tsa kgauta tse pedi, a emelang?” 13  La mpotsa la re: “Na ha o tsebe hore na dintho tsee di emelang?” Ka re: “Ha ke tsebe morenaka.” 14  Yaba le re: “Dintho tsena di emela batlotsuwa ba babedi ba emeng pela Morena wa lefatshe lohle.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “lejwe, lekotikoti.”
E leng makala a sefate a nang le ditholwana.