Zakaria 5:1-11

  • Pono ya botshelela: Moqolo o fofang (1-4)

  • Pono ya bosupa: Nkgo e lekanyang (5-11)

    • Mosadi ya ka hara nkgo o bitswa Bokgopo (8)

    • Nkgo e iswa Shinare (9-11)

5  Ka boela ka sheba hodimo mme ka bona moqolo o fofang.  Lengeloi la mpotsa la re: “O bonang?” Ka re: “Ke bona moqolo o fofang, o bolelele ba dimithara tse ka bang robong* le bophara ba dimithara tse ka bang nne le halofo.”  La re ho nna: “Ena ke thohako e yang lefatsheng lohle hobane ka lehlakoreng le leng la moqolo oo ho ngotswe batho bohle ba utswang+ empa ba sa fuwa kotlo. Ka lehlakoreng le leng ho ngotswe batho bohle ba etsang dikano+ empa ba sa fuwa kotlo.  Jehova wa mabotho o re, ‘Ke o rometse mme o tla kena ntlong ya leshodu le ntlong ya motho ya etsang kano ya leshano ka lebitso la ka. O tla dula ntlong eo, o e fedise o be o fedise mapolanka le majwe a yona.’”  Lengeloi le neng le bua le nna la tla ho nna la re: “Ke kopa o shebe hodimo o bone hore na ho tswang.”  Ka le botsa ka re: “Ke eng?” Yaba le re: “Ntho eo e tswang ke nkgo e lekanyang.”* La boela la re: “Ena ke tsela eo batho bohle ba kgopo lefatsheng ba shebahalang ka yona.”  Ke ile ka bona sekwahelo se sedikadikwe sa loto se phahamiswa mme ho ne ho ena le mosadi ya dutseng ka hara nkgo eo.  La re: “Mosadi enwa o bitswa Bokgopo.” Yaba o mo kgutlisetsa ka hara nkgo e lekanyang. Ka mora moo, a e kwahela ka sekwahelo se boima sa loto.  Ka sheba hodimo yaba ke bona ho tla basadi ba babedi, ba fofa moyeng. Ba ne ba ena le mapheo a kang a mokotatsie yaba ba nyollela nkgo eo sepakapakeng. 10  Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Ba isa nkgo eo hokae?” 11  La re: “Ba e isa naheng ya Shinare*+ hore ba yo mo hahela ntlo. Ha e se e lokisitswe, o tla behwa moo sebakeng sa hae se mo loketseng.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bolelele ba ditswe tse 20 le bophara ba ditswe tse leshome.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “efa,” mona ho buuwa ka nkgo kapa baskete e sebedisetswang ho lekanya efa. Efa e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.
E leng Babilonia.