Zakaria 6:1-15

  • Pono ya borobedi: Dikariki tsa ntwa tse nne (1-8)

  • Lehlomela e tla ba morena le moprista (9-15)

6  Ka sheba hodimo hape yaba ke bona dikariki tsa ntwa tse nne di hlaha pakeng tsa dithaba tse pedi. Dithaba tseo e ne e le tsa koporo.  Kariki ya pele e ne e hulwa ke dipere tse kgubedu, ya bobedi e hulwa ke tse ntsho.+  Kariki ya boraro e ne e hulwa ke dipere tse tshweu mme kariki ya bone e hulwa ke tse matheba le tse mebalabala.+  Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Dintho tsee di emelang morenaka?”  La nkaraba la re: “Di emela dibopuwa tse nne+ tsa lehodimo tse tswang ka mora hore di eme ka pela Morena wa lefatshe lohle.+  Kariki e hulwang ke dipere tse ntsho e ya naheng ya leboya.+ Tse tshweu di ya ka nqane ho lewatle mme tse matheba di ya naheng ya borwa.  Tse mebalabala di ne di batla ho tswa di yo tsamaya hohle lefatsheng.” Yaba le re: “Eyang, le tsamaye hohle lefatsheng.” Ka hoo, tsa tsamaya hohle lefatsheng.  La mpitsa la re: “Dipere tse yang naheng ya leboya di entse hore Jehova a se ke a halefela naha eo.”*  Jehova a boela a bua le nna a re: 10  “Nkela Heldai, Tobija le Jedaia dintho tseo ba tlileng le tsona ho tswa ho batho ba botlamuweng. Letsatsing leo, o ye ntlong ya Josiase mora wa Sofonia le batho bana ba tswang Babilona. 11  O nke silevera le kgauta, o etse korone* mme o e rwese moprista ya phahameng Joshua+ mora wa Jozadake. 12  O re ho yena, ‘Jehova wa mabotho o re: “Monna ya bitswang Lehlomela ke enwa.+ O tla hlaha sebakeng sa hae mme a hahe tempele ya Jehova.+ 13  Ke yena ya tla haha tempele ya Jehova ebile ke yena ya tla hlompheha. O tla dula teroneng ya hae a buse, hape e tla ba moprista.+ O tla etsa mesebetsi eo e mmedi* ka tsela e tla etsa hore ho be le kgotso. 14  Korone* eo e tla dula tempeleng ya Jehova e le sehopotso sa Heleme, Tobija, Jedaia+ le Hene mora wa Sofonia. 15  Batho ba tla tloha hole ba tlo thusa ho haha tempele ya Jehova.” Le tla tseba hore Jehova wa mabotho o nthometse ho lona. Dintho tsena di tla etsahala haeba le ka mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “hore moya wa Jehova o dule naheng ya leboya.”
Kapa: “korone e kgolo.”
E leng ho ba mmusi le ho ba moprista.
Kapa: “Korone e kgolo.”