Zakaria 7:1-14

  • Jehova ha a batle batho ba itimang dijo e se ka pelo yohle (1-14)

    • ‘Na le ne le etsetsa nna ha le ne le itima dijo?’ (5)

    • “Ahlolang ka toka, le ratane le be le hauhelane” (9)

7  Ka selemo sa bone sa puso ya Morena Dariuse, Jehova a bua le Zakaria+ ka letsatsi la bone la kgwedi ya borobong e leng kgwedi ya Kisleve.*  Batho ba Bethele ba roma Sharezere, Regeme-meleke le banna ba hae hore ba yo kopa Jehova hore a ba hauhele,  yaba ba re ho baprista ba ntlo* ya Jehova wa mabotho le ho baprofeta: “Na re lle ka kgwedi ya bohlano+ re be re itime dijo jwalo ka ha re entse ka dilemo tse ngata?”  Jehova wa mabotho a boela a bua le nna a re:  “Bua le batho bohle naheng le baprista o re, ‘Ha le ne le itima dijo ebile le lla ka kgwedi ya bohlano le ka kgwedi ya bosupa+ ka dilemo tse 70,+ na le ne le hlile le etsetsa nna?  Ha le ne le ja ebile le nwa, na le ne le sa etsetse ho ithabisa?  Na ha le a lokela ho mamela mantswe a Jehova ao a a buileng a sebedisa baprofeta ba pele,+ ha Jerusalema le metse e haufi le yona e ne e ena le baahi ebile e ena le kgotso le ha Negebe le Shefela di ne di ena le baahi?’”  Jehova a boela a bua le nna Zakaria a re:  “Jehova wa mabotho o re, ‘Ahlolang ka toka,+ le ratane+ le be le hauhelane. 10  Le se ke la etsetsa mohlolohadi bolotsana kapa kgutsana,*+ moditjhaba+ kapa mofutsana.+ Le se ke la rerelana bokgopo.’+ 11  Empa ba nna ba hana ho mamela,+ ba ba manganga+ mme ba ithiba ditsebe hore ba se ke ba utlwa.+ 12  Ba ile ba etsa hore dipelo tsa bona di be thata jwalo ka taemane*+ mme ba hana ho mamela molao* le mantswe ao Jehova wa mabotho a ileng a a romela ka moya wa hae a sebedisa baprofeta ba pele.+ Ka hoo, Jehova wa mabotho a halefa haholo.”+ 13  “Jehova wa mabotho o re, ‘Jwalo ka ha ba ne ba sa mmamele ha ke ba bitsa,+ le nna ke ne ke sa ba mamele ha ba mpitsa.+ 14  Ke ile ka ba hasanyetsa ditjhabeng tsohle tseo ba neng ba sa di tsebe ka moya wa sefefo+ yaba naha e sala e se na baahi, ho se na motho ya fetang kapa ya kgutlang.+ Ba ne ba fetotse naha e ntle ntho e tshosang.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tempele.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
Kapa mohlomong: “lejwe le thata,” jwalo ka lejwe la emeri.
Kapa: “taelo.”