Zakaria 8:1-23

  • Jehova o fa Sione kgotso le nnete (1-23)

    • Jerusalema “motse wa nnete” (3)

    • “Le bolellane nnete” (16)

    • Ho itima dijo ho fetoha mekete e thabisang (18, 19)

    • ‘A re kopeng hore Jehova a re hauhele’ (21)

    • Banna ba leshome ba tshwara seaparo se selelele sa Mojuda (23)

8  Jehova wa mabotho a boela a bua le nna a re:  “Jehova wa mabotho o re, ‘Ke ikemiseditse ho lwanela Sione,+ ke ikemiseditse ho e lwanela ke halefile haholo.’”  “Jehova o re, ‘Ke tla kgutlela Sione+ mme ke dule Jerusalema.+ Jerusalema e tla bitswa motse wa nnete*+ le thaba ya Jehova wa mabotho e tla bitswa thaba e halalelang.’”+  “Jehova wa mabotho o re, ‘Bannabaholo le basadibaholo ba tla dula mabaleng a Jerusalema hape, kaofela ba tshwere melamu ya bona hobane ba se ba tsofetse.+  Bashanyana le banana ba tla tlala mabaleng a motse, ba bapalle ho ona.’”+  “Jehova wa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, le hoja ho batho ba setseng ba setjhaba sena ho ka bonahala eka ho ke ke ha kgoneha, na le ho nna ho tla bonahala eka ho ke ke ha kgoneha?’ ke Jehova wa mabotho ya tjhong.”  “Jehova wa mabotho o re, ‘Ke pholosa batho ba ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela.*+  Ke tla ba tlisa Jerusalema mme ba tla dula teng.+ E tla ba batho ba ka mme nna ke tla ba Modimo wa bona+ ya tshepahalang* le ya lokileng.’”  “Jehova wa mabotho o re, ‘Le be sebete mme le be matla,+ lona ba utlwang mantswe ana ho tswa ho baprofeta+ e leng mantswe a ileng a buuwa letsatsing leo motheo wa ntlo ya Jehova wa mabotho o neng o behwa hore ho hahwe tempele. 10  Pele ho nako eo, diphoofolo le batho ba ne ba sebetsa empa ba ne ba sa fumane moputso.+ Ho ne ho le kotsi ho tsamaya ka lebaka la dira hobane ke ne ke entse hore batho bohle ba lwantshane.’ 11  Jehova wa mabotho o re, ‘Le ha ho le jwalo, batho ba setseng ba setjhaba sena nke ke ka ba tshwara jwalo ka nakong e fetileng.+ 12  Ba tla jala peo ya kgotso. Sefate sa morara se tla hlahisa ditholwana tsa sona, lefatshe le hlahise dijalo+ le mahodimo a fane ka phoka. Ke tla etsa hore batho ba setseng ba setjhaba sena ba fumane dintho tsena tsohle e le lefa la bona.+ 13  Lona batho ba Juda le batho ba Iseraele jwalo ka ha ditjhaba di ne di sebedisa lebitso la lona ha di rohaka ntho e itseng,+ ke tla le pholosa mme di tla sebedisa lebitso la lona ha di hlohonolofatsa ntho e itseng.+ Le se ke la tshoha.+ Le be sebete mme le be matla.’+ 14  Jehova wa mabotho o re, ‘“Qalong ke ne ke ikemiseditse ho le tlisetsa tlokotsi hobane baholoholo ba lona ba ne ba nkgalefisitse ebile ke ne ke sa ikwahlaye ka seo,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.+ 15  “Lekgetlong lena ke ikemiseditse ho etsetsa Jerusalema le batho ba Juda dintho tse molemo.+ Le se ke la tshoha.”’+ 16  ‘Le lokela ho etsa dintho tsena: Le bolellane nnete.+ Le ahlole ka toka dikeiting tsa lona mme le etse hore ho be le kgotso.+ 17  Le se ke la rerelana bolotsana ka dipelong tsa lona+ le be le tlohele* ho etsa dikano tsa leshano+ hobane dintho tsena tsohle ke di hloile,’+ ke Jehova ya tjhong.” 18  Jehova wa mabotho a boela a bua le nna a re: 19  “Jehova wa mabotho o re, ‘Dinako tsa ho itima dijo tseo le bang le tsona ka kgwedi ya bone,+ ka kgwedi ya bohlano,+ ka kgwedi ya bosupa+ le ka kgwedi ya leshome+ e tla ba dinako tse monate le tsa ho thaba ho batho ba Juda, e tla ba mekete e thabisang.+ Ka hoo le rate nnete le kgotso.’ 20  Jehova wa mabotho o re, ‘Ho tla fihla nako eo ka yona batho le baahi ba metse e mengata ba tla tla sebakeng sena. 21  Baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba motse o mong ba re: “A re yeng re yo kopa hore Jehova a re hauhele mme re sebeletse Jehova wa mabotho. Le rona re a ya.”+ 22  Batho ba bangata le ditjhaba tse matla di tla tla Jerusalema di tlo sebeletsa Jehova wa mabotho+ le ho tla kopa hore Jehova a di hauhele.’ 23  Jehova wa mabotho o re, ‘Matsatsing ao, banna ba leshome ba tswang dipuong tsohle tsa ditjhaba+ ba tla tshwara seaparo* se selelele sa Mojuda,* ba tla etsa bonnete ba hore ba a se tshwara mme ba re: “Re batla ho tsamaya le lona+ hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.”’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “o tshepahalang.”
Kapa: “naheng ya botjhabatsatsi le naheng ya bophirimatsatsi.”
Kapa: “wa nnete.”
Kapa: “le se ke la rata.”
Kapa: “mophetho wa seaparo.”
Kapa: “monna wa Mojuda.”