Zakaria 9:1-17

  • Modimo o ahlola ditjhaba tse haufi (1-8)

  • Morena wa Sione o a tla (9, 10)

    • Morena ya ikokobeditseng o palame tonki (9)

  • Batho ba Jehova ba tla lokollwa (11-17)

9  Phatlalatso e tswang ho Modimo: “Ona ke molaetsa wa Jehova o ahlolang naha ya HadrakeHape o lebisitswe ho Damaseka+Hobane Jehova o sheba batho bohle+Le meloko yohle ya Iseraele   ebile o ahlola le naha e haufi ya Hamathe+ ha mmohoLe Tire+ le Sidone+ hobane di bohlale haholo.+   Tire e ikahetse lerako* hore e itshireletse. E bokeletse silevera jwalo ka leroleLe kgauta jwalo ka matlakala a diterateng.+   Jehova o tla e nkela thepa ya yona,O tla lahlela masole a yona lewatleng+Mme e tla tjheswa ke mollo.+   Ashkelone e tla bona seo mme e tshohe. Gaza e tla utlwa bohloko haholo,Ekrone le yona e tla utlwa bohloko hobane seo e se tshepileng se hlabisitswe dihlong. Morena o tla fediswa GazaMme Ashkelone e ke ke ya eba le baahi.+   Moditjhaba* o tla dula Ashdode. Ke tla etsa hore Mofilista a se ke a hlola a ikgohomosa.+   Ke tla ntsha dintho tse nang le madi molomong wa MofilistaLe dintho tse nyonyehang pakeng tsa meno a haeMme ya salang e tla ba wa Modimo wa rona. O tla ba jwalo ka moetapele Juda,+Ekrone a be jwalo ka Mojebuse.+   Ke tla ema* ka ntle ho ntlo ya ka+Hore ke e lebele e le hore ho se ke ha eba le ya kenang kapa ya tswang. Ha ho na mohatelli* ya tla feta moo hape+Hobane jwale ke bone se etsahalang* ka mahlo a ka.   Thaba haholo wena moradi wa Sione. Hweletsa o thabile hobane o hlotse wena moradi wa Jerusalema. Morena wa hao o tla ho wena.+ O lokile, o tlo o pholosa,*O ikokobeditse+ ebile o palame tonki,O palame petsana* e leng petsana ya tonki e tshehadi.+ 10  Ke tla nkela Efraime kariki ya hae ya ntwa,Ke nkele Jerusalema pere ya hae. Ho ke ke ha hlola ho eba le seqha sa ntwa.Morena wa hao o tla phatlalatsa kgotso ditjhabeng.+ O tla busa ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le lengLe ho tloha Nokeng* ho ya dikarolong tse hole tsa lefatshe.+ 11  Ha e le wena mosadi,* ke tla ntsha batshwaruwa ba hao ka sekoting se se nang metsi+Ka lebaka la madi a selekane sa hao. 12  Kgutlelang sebakeng se sireleditsweng ka thata, lona batshwaruwa ba nang le tshepo.+ Kajeno ke a o bolella Sione,‘Ke tla o fa tlhohonolofatso e imenneng habedi.+ 13  Ke tla koba* Juda jwalo ka seqha sa ka,Ke kenye Efraime seqheng seo jwalo ka ha eka ke motsu. Sione, ke tla tsosa bara ba haoHore ba hlasele bara ba GreeceEbile ke tla etsa hore o be jwalo ka sabole ya monna ya matla.’ 14  Jehova o tla bontsha ka ho hlaka hore o na le batho ba hae. Motsu wa hae o tla tswa jwalo ka lehadima. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o tla letsa lenaka+Ebile o tla tsamaya ka sefefo sa borwa. 15  Jehova wa mabotho o tla ba lwanela. Dira di tla ba hlasela ka majwe a letjeketjane empa ba tla di hlola.+ Ba tla nwa, ba be lerata jwalo ka ha eka ba nwa veine. Ba tla tlala jwalo ka sekotloloLe jwalo ka dikhona tsa aletare.+ 16  Jehova Modimo wa bona o tla ba pholosa letsatsing leoJwalo ka ha modisa a pholosa dinku tsa hae.+ Ba tla ba jwalo ka majwe a bohlokwa a korone a phatsimang hodima mobu wa hae.+ 17  Modimo o molemo haholo+Le botle ba hae bo boholo. Dijo le veine e ntjhaDi tla etsa hore bahlankana le barwetsana ba be matla.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “sebaka se sireleditsweng ka thata.”
Kapa: “Mora wa matsheo.”
Ho ka etsahala hore ho buuwa ka bohloko ba batho ba hae.
Kapa: “motho ya fanang ka mosebetsi.”
Kapa: “hloma tente.”
Kapa: “o hlotse.”
Kapa: “tonki e tona.”
E leng ya Eufrate.
E leng Sione kapa Jerusalema.
Ka Seheberu: “hatakela.”