Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

A3

Bibele e Fihlile Jwang ho Rona?

Mongodi wa Bibele ke yena ya ileng a e sireletsa. Ke yena ya entseng hore ho ngolwe mantswe ana:

“Lentswe la Modimo wa rona le tshwarella ka ho sa feleng.”Esaia 40:8.

Mantswe ana ke nnete, le hoja meqolo ya Bibele e ngotsweng ka letsoho ya Mangolo a Seheberu le a Searame a kapa ya Mangolo a Segerike a Bakreste e le siyo kajeno. Ka hoo, re ka kgodiseha jwang hore ditaba tse ka Bibeleng kajeno ke tse neng di le ka meqolong e ngotsweng ka letsoho?

BAKOPITSI BA SIRELETSA LENTSWE LA MODIMO

Kajeno re na le Mangolo a Seheberu hobane Modimo o ile a laela batho hore ba etse dikopi tsa ona. b Ka mohlala, Jehova o ile a laela marena a Iseraele hore a iketsetse kopi ya Molao. (Deuteronoma 17:18) Hape Modimo o ne a laetse Balevi hore ba sireletse Molao le hore ba o rute batho. (Deuteronoma 31:26; Nehemia 8:7) Ka mora hore Bajuda ba iswe botlamuweng Babilona, ho ile ha eba le sehlopha sa bakopitsi kapa bangodi (Basoferime). (Esdrase 7:6, dinaletsana) Ha nako e ntse e eya, bangodi bao ba ile ba etsa dikopi tse ngata tsa dibuka tse 39 tsa Mangolo a Seheberu.

Ka dilemo tse makgolo, bangodi ba ile ba kopitsa dibuka tsena ka hloko. Pakeng tsa dilemo tsa bo500 ho ya ho tsa bo1500, sehlopha sa bangodi ba Bajuda se bitswang Bamasorete, se ile sa tswela pele ka mosebetsi oo wa ho kopitsa. Moqolo o ngotsweng ka letsoho wa kgale ka ho fetisisa wa Masorete ke Leningrad Codex, o ngotswe ho tloha ka selemo sa 1008/1009 ka mora mehla ya Jesu. Ka bo1950 ho ile ha fumanwa meqolo ya Bibele e ngotsweng ka letsoho kapa dikarolwana tsa yona tse ka bang 220 hara Meqolo ya Lewatle le Shweleng. Meqolo eo e ngotsweng ka letsoho, e bile teng dilemo tse fetang tse 1 000 pele ho Leningrad Codex. Ha ho bapiswa Meqolo ya Lewatle le Shweleng le Leningrad Codex, re hlokometse ntlha ena ya bohlokwa: Le ha Meqolo ya Lewatle le Shweleng e sebedisitse mantswe a fapaneng, seo ha se a fetola molaetsa wa Bibele.

Ho ile ha etsahalang ka dibuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste? Dibuka tseo di ile tsa ngolwa ke baapostola ba bang ba Jesu Kreste le barutuwa ba bang ba hae. Bakreste ba mehleng ya pele ba ile ba etsisa bangodi ba Bajuda ka hore le bona ba etse dikopi tsa dibuka tseo. (Bakolose 4:16) Le hoja Morena Diocletian wa Moroma le ba bang ba ile ba leka ho fedisa dingolwa tsohle tsa Bakreste ba mehleng ya pele, ho ntse ho ena le dikarolwana tse ngata tsa dingolwa tseo le meqolo e ngotsweng ka letsoho tse ntseng di le teng le kajeno.

Dingolwa tsa Bakreste di ile tsa boela tsa fetolelwa ka dipuo tse ding. Tse ding tsa dipuo tsa mehleng ya kgale tseo Bibele e ileng ya fetolelwa ka tsona e ne e le Searmenia, Sekopti, Seethiopia, Segeorgia, Selatine le Sesiria.

HO SEBEDISITSWE MEQOLO EFE YA SEHEBERU LE SEGERIKE HA HO FETOLELWA BIBELE EE?

Meqolo e meng ya Bibele e ileng ya kopitswa ka letsoho ha e a sebedisa mantswe a tshwanang hantle le a sebedisitsweng ho e meng. Jwale re tla tseba jwang hore na hantlentle meqolo ya pelepele e ne e reng?

Taba ena re ka e tshwantsha le ha titjhere e re barutwana ba 100 ba kopitse kgaolo ya buka e itseng. Le haeba ha morao kgaolo eo ba neng ba kopitsa ho yona e ka lahleha, ho bapisa dikopi tse 100 tsa barutwana bao ho tla bontsha hore na ha e le hantle ho ne ho ngotsweng kgaolong eo e lahlehileng. Barutwana bao ba ka nna ba etsa diphoso ha ba ntse ba kopitsa empa ho ke ke ha etsahala hore kaofela ha bona ba etse diphoso tse tshwanang. Ka tsela e tshwanang, ha baithuti ba bapisa dikarolwana tsa dingolwa tsa Bakreste tse ngata le dikopi tsa Bibele tsa mehleng ya kgale tseo ba nang le tsona, ba kgona ho bona diphoso tsa bakopitsi le hore na hantlentle ho ne ho ngotsweng meqolong ya pelepele.

“Re kgodisehile hore ha ho na buka ya mehleng ya kgale e fetoletsweng ka tsela e nepahetseng jwalo ka ena”

Re tseba jwang hore ditaba tse neng di le meqolong ya Bibele ya pelepele e ngotsweng ka letsoho di fetoletswe hantle? Ha moithuti e mong ya bitswang William H. Green a bua ka Mangolo a Seheberu, o ile a re: “Re kgodisehile hore ha ho na buka ya mehleng ya kgale e fetoletsweng ka tsela e nepahetseng jwalo ka ena.” Ha moithuti wa Bibele ya bitswang F. F. Bruce a bua ka Mangolo a Segerike a Bakreste kapa a bitswang Testamente e Ntjha, o ile a ngola a re: “Ho na le bopaki bo bongata bo tshehetsang dintho tse ngotsweng Testamenteng ya rona e Ntjha ho feta bopaki bo teng ba dibuka tse ngata tsa bangodi ba mehleng ya kgale ebile ha ho na motho ya belaelang hore Testamente ena e nepahetse.” O ile a boela a re: “Haeba Testamente e Ntjha e ne e le buka e nngwe feela, ho ne ho ke ke ha eba le motho ya belaelang hore e nepahetse.”

Kgaolo ya 40 ya buka ya Esaia e Meqolong ya Lewatle le Shweleng (ya selemo sa 125 ho ya fihla selemong sa 100 pele ho mehla ya Jesu)

Ha e bapiswa le meqolo e ngotsweng ka letsoho ya Seheberu, e ngotsweng dilemo tse sekete tse fetileng, ho ile ha fumanwa diphoso tse sa reng letho mme bongata ba tsona e le tsa mopeleto

Kgaolo ya 40 ya buka ya Esaia e ho Aleppo Codex, e leng moqolo wa bohlokwa o ngotsweng ka letsoho wa Seheberu wa Bamasorete, o ngotsweng ka selemo sa bo930 ka mora mehla ya Jesu.

Mangolo a Seheberu: Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Seheberu (1953-1960) e fetoletswe ho tswa ho Biblia Hebraica ya Rudolf Kittel. Ho tloha ka nako eo, haesale Mangolo a Seheberu e leng a Biblia Hebraica Stuttgartensia le Biblia Hebraica Quinta, a ntse a ntlafatswa ho latela dipatlisiso tse entsweng Meqolong ya Lewatle le Shweleng le meqolong ya mehleng ya kgale e ngotsweng ka letsoho. Dibuka tseo di sebedisitse Leningrad Codex mme di ne di kenya le dinaletsana moo ho neng ho ena le mantswe a sa tshwaneng le a meqolong e meng e jwalo ka Dibuka Tse Hlano Tsa Pele tsa Bibele tsa Sesamaria, Meqolo ya Lewatle le Shweleng, Septuagint ya Segerike, Diphetolelo Tsa Searame, Vulgate ya Selatine le Peshitta ya Sesiria. Ha ho ne ho ntlafatswa Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ho ile ha sebediswa Biblia Hebraica Stuttgartensia le Biblia Hebraica Quinta.

Mangolo a Segerike: Ka dilemo tsa bo1853 ho ya ho 1881, ha baithuti ba Bibele e leng B. F. Westcott le F.J.A. Hort ba ne ba ngola dibuka tsa Segerike, ba ile ba bapisa meqolo e ngotsweng ka letsoho le dikarolwana tsa Bibele tseo ba neng ba nka hore di bontsha hantle se neng se ngotswe meqolong ya pelepele. Hoo e ka bang ka bo1950, Komiti ya Phetolelo ya Bibele ya Lefatshe le Letjha e ile ya sebedisa dibuka tseo tsa Segerike ha ho ne ho fetolelwa Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya pele ya Senyesemane. Ho ile ha boela ha sebediswa le meqolo e meng ya kgale ya lodi, eo ho nkwang hore ke ya ho tloha ka selemo sa 125 ho ya ho sa 300 ka mora mehla ya Jesu. Ho tloha ka nako eo, ho se ho ena le meqolo e mengata ya lodi. Ho ekelletsa moo, dibuka tse ding tsa Segerike tsa Nestle le Aland le tsa United Bible Societies di na le dipatlisiso tsa moraorao tsa baithuti. Ha ho ne ho ntlafatswa Bibele ena ho sebedisitswe dipatlisiso tse ding tse fumanweng dibukeng tseo.

Dibuka tseo tsa Segerike di bontsha hore ditemana tse ding tsa Mangolo a Segerike a Bakreste tse Dibibeleng tsa mehleng ya kgale jwalo ka King James Version, di ne di ikenyeditswe ke bakopitsi ba ileng ba tla ha morao ebile di ne di le siyo meqolong e ngotsweng ke bakopitsi ba pele ba Bibele. Le ha ho jwalo, ka bo1550 Bibele e ne e se e arotswe ka ditemana. Ka hoo, ha ditemana tseo tse neng di ikenyeditswe di ntshwa, di ile tsa sala di se na mantswe. Ditemana tseo ke Matheu 17:21; 18:11; 23:14; Mareka 7:16; 9:44, 46; 11:26; 15:28; Luka 17:36; 23:17; Johanne 5:4; Diketso 8:37; 15:34; 24:7; 28:29 le Baroma 16:24. Bibeleng ena e ntlafaditsweng, ditemana tsena tse setseng di se na mantswe di tshwauwe ka naletsana.

Ho na le bopaki bo bontshang hore sephetho se selelele se ho Mareka 16 (temana ya 9 ho ya ho 20) le sephetho se sekgutshwane se ho Mareka 16 le mantswe a mang a ho Johanne 7:53–8:11, a ne a le siyo meqolong e ngotsweng ka letsoho ya pelepele. Ka hoo, ditemana tsena tse neng di le siyo meqolong ya pelepele ha di a kenngwa Bibeleng ena. c

Ditemaneng tse ding ho kentswe mantswe a itseng ao baithuti ba Bibele ba dumelang hore a ne a le teng meqolong ya pelepele. Ka mohlala, meqolong e meng e ngotsweng ka letsoho, Matheu 7:13 e re: “Kenang ka keiti e nyenyane hobane keiti e isang timelong e kgolo le tsela e lebisang teng e sephara.” Bibeleng ya Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e hatisitsweng pele ho ena, “keiti” ya bobedi e hlahang temaneng ena e ne e le siyo. Le ha ho le jwalo, dipatlisiso tse ileng tsa nna tsa etswa meqolong e ngotsweng ka letsoho, di bontshitse hore lentswe lena le ne le le teng meqolong ya pelepele. Ka hoo, le kentswe Bibeleng ena. Ho na le ditemana tse ding tse ntlafaditsweng jwalo ka ena. Empa diphetoho tseo di nyenyane ebile ha di fetole molaetsa wa Lentswe la Modimo.

Moqolo o ngotsweng ka letsoho wa lodi wa 2 Bakorinthe 4:13–5:4, oo e ka nnang yaba o ngotswe ka selemo sa bo200 ka mora mehla ya Jesu

a Ho tloha mona ho ya pele re tla a bitsa Mangolo a Seheberu.

b Lebaka le leng le neng le etsa hore ho kopitswe meqolo e ngotsweng ka letsoho ke hore e ne e ngoletswe dinthong tse senyehang.

c Ha o batla ho tseba hore na ke hobaneng ha ho nkwa hore ditemana tsena ha se tsa nnete, o ka bala Bibele ya New World Translation of the Holy Scriptures—With References, e hatisitsweng ka 1984.