Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

A5

Lebitso la Modimo Mangolong a Segerike a Bakreste

Ditsebi tsa Bibele di a dumela hore lebitso la Modimo, le emelwang ke ditlhaku tse nne e leng (יהוה), le hlaha ka makgetlo a ka bang 7 000 Mangolong a pelepele a Seheberu. Le ha ho le jwalo, ditsebi tse ngata di dumela hore le ne le sa hlahe ka Mangolong a pelepele a Segerike a Bakreste. Ka lebaka lena, boholo ba Dibibele tsa kajeno tsa Senyesemane ha di sebedise lebitso lena Jehova ha di fetolela seo ho thweng ke Testamente e Ntjha. Esita le ha bafetoledi ba bangata ba qotsa Mangolong a Seheberu moo ditlhaku tse nne tse emelang lebitso la Modimo di hlahang, ba sebedisa “Morena” ho ena le hore ba sebedise lebitso la Modimo.

BibelePhetolelo ya Lefatshe le Letjha ha e latele mokgwa ona o tlwaelehileng empa e sebedisa lebitso Jehova ka makgetlo a 237 Mangolong a Segerike a Bakreste. Ha bafetoledi ba fihlela qeto ya ho etsa seo, ba ile ba nahanisisa ka mabaka ana a mabedi a bohlokwa: (1) Hore mangolo a ngotsweng ka letsoho a Segerike ao re nang le ona kajeno ha se a pelepele ha ho ne ho ngolwa Bibele. A diketekete a leng teng kajeno, ke ao boholo ba ona a ileng a ngolwa bonyane dilemo tse makgolo ka mora hore a pelepele a ngolwe. (2) Le hore nakong eo ba neng ba kopitsa mangolo ao ba ile ba tlosa ditlhaku tse nne mme sebakeng sa tsona ba ngola Kyʹri·os, e leng lentswe la Segerike le bolelang “Morena” kapa ba ile ba kopitsa mangolong a ngotsweng ka letsoho moo lebitso lena le neng le se le tlositswe.

Komiti ya Phetolelo ya Bibele ya Lefatshe le Letjha e ile ya fihlela qeto ya hore ho na le bopaki bo matla ba hore Tetragrammaton e ne e le teng dibukeng tsa pele tse ngotsweng ka letsoho tsa Segerike. Qeto eo e ne e thehilwe bopaking bo latelang:

  • Mangolo a Seheberu a neng a sebediswa mehleng ya Jesu le baapostola ba hae a ne a ena le Tetragrammaton. Nakong e fetileng, batho ba bangata ba ne ba dumellana le qeto eo. Taba eo e netefaditswe ka tsela e sa siyeng kgwao ya letho ka ha ho fumanwe Mangolo a Seheberu a mehleng ya Jesu le baapostola haufi le Qumran.

  • Mehleng ya Jesu le baapostola ba hae, Tetragrammaton e ne e boetse e hlahella diphetolelong tsa Segerike tsa Mangolo a Seheberu. Ka dilemo tse makgolo, ditsebi di ne di nahana hore Tetragrammaton ha e yo dibukeng tse ngotsweng ka letsoho tsa phetolelo ya Septuagint ya Segerike ya Mangolo a Seheberu. Bohareng ba dilemo tsa bo1900, ditsebi di ile tsa hlokomediswa ka dikarolwana tse ding tsa kgale tsa phetolelo ya Septuagint ya Segerike tsa mehleng ya Jesu. Dikarolwana tseo di na le lebitso la Modimo le ngotsweng ka ditlhaku tsa Seheberu. Ka hoo, mehleng ya Jesu Mangolo a Segerike a ne a ena le lebitso la Modimo. Le ha ho le jwalo, dilemong tsa bo300 ka mora mehla ya Jesu, dibuka tse kgolo tse ngotsweng ka letsoho tsa Septuagint ya Segerike, tse kang Codex Vaticanus le Codex Sinaiticus, di ne di se na lebitso la Modimo ho tloha bukeng ya Genese ho ya ho Malakia (moo le neng le le teng dibukeng tse ngotsweng ka letsoho tsa pejana). Ka hoo, ha ho makatse hore Mangolong a bolokilweng ho tloha ka nako eo, lebitso la Modimo ha le hlahe ho seo ho thweng ke Testamente e Ntjha kapa karolo ya Bibele ya Mangolo a Segerike.

    Jesu o ile a re: “Ke tlile ka lebitso la Ntate.” O ile a boela a hlalosa hore o ne a etsa mesebetsi ya hae ka “lebitso la Ntate” wa hae.

  • Mangolo a Segerike a Bakreste ka bowona a tlaleha hore hangata Jesu o ne a bua ka lebitso la Modimo a bile a le tsebisa ba bang. (Johanne 17:6, 11, 12, 26) Jesu o ile a bua ka ho toba a re: “Ke tlile ka lebitso la Ntate.” O ile a boela a hatisa hore o ne a etsa mesebetsi “ka lebitso la Ntate” wa hae.—Johanne 5:43; 10:25.

  • Ka ha Modimo ke yena ya entseng hore Mangolo a Segerike a Bakreste le Mangolo a halalelang a Seheberu a ngolwe, ha ho utlwahale hore lebitso la Jehova le ntshwe ka Mangolong a Segerike. Mehleng ya baapostola morutuwa Jakobo o ile a re ho baholo ba Jerusalema: “Simeone o sa tswa re phetela ka moo ka lekgetlo la pele Modimo a ileng a amohela batho ba ditjhaba tse ding e le hore ba ka bitswa ka lebitso la hae.” (Diketso 15:14) E ne e ke ke ya eba ntho e utlwahalang hore Jakobo a bue mantswe ao haeba mehleng ya baapostola ho ne ho se na motho ya tsebang lebitso la Modimo kapa ya le sebedisang.

  • Lebitso la Modimo le hlaha le kgutsufaditswe Mangolong a Segerike a Bakreste. Ho Tshenolo 19:1, 3, 4, 6, lebitso la Modimo le kenyeleditswe lentsweng lena “Halelujah.” Lentswe lena le hlaha polelong ya Seheberu eo ha e le hantle e bolelang “Rorisang Jah.” “Jah” ke kgutsufatso ya lebitso Jehova. Mabitso a mangata a sebedisitsweng ka Mangolong a Segerike a Bakreste a nkilwe lebitsong la Modimo. Ha e le hantle, dibuka tse ding di hlalosa hore lebitso la Jesu le bolela hore “Jehova ke Poloko.”

  • Dibuka tsa Sejuda tsa kgale di bontsha hore Bakreste ba Bajuda ba ne ba sebedisa lebitso la Modimo dibukeng tsa bona. Ha Tosefta, e leng pokello ya melao e fetiswang ka molomo, e ileng ya phethwa hoo e ka bang ka selemo sa bo300 ka mora mehla ya Jesu, e bua ka dibuka tsa Bakreste tse ileng tsa tjheswa ka Sabatha e re: “Ba ile ba tjhesa dibuka tsa Baevangedi le dibuka tsa baminim [bao ho nahanwang hore e ne e le Bakreste ba Bajuda]. Dibuka tseo tse neng di ena le Lebitso la Modimo di ile tsa tjheswa.” Yona buka eo e qotsa Rabi Yosé wa Mogalilea, ya neng a phela maqalong a dilemo tsa bo100 ka mora mehla ya Jesu, ha a ne a bolela hore matsatsing a mang a beke, “motho o tabola dikarolo tseo Lebitso la Modimo le neng le hlaha ho tsona [ke hore tse ka hara dibuka tsa Bokreste], o di boloka sebakeng se seng ebe o tjhesa dikarolo tsohle tse setseng.”

  • Ditsebi tse ding tsa Bibele di a dumela hore ho bonahala eka lebitso la Modimo le ne le hlaha Mangolong a Segerike a Bakreste dikarolong tse qotsitseng Mangolo a Seheberu. Tlasa sehlooho se reng “Tetragrammaton ka Testamenteng e Ntjha,” The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho na le bopaki ba hore Tetragrammaton, e leng Lebitso la Modimo, Yahweh, le ne le hlaha dikarolong tse ding kapa dikarolong tsohle moo Testamente e Ntjha e neng e qotsitse dikarolo tsa Testamente ya Kgale teng ha ditokomane tsa Testamente e Ntjha di ne di qala ho ngolwa.” Setsebi se bitswang George Howard se re: “Ka ha Tetragram e ne e ntse e ngotswe dikoping tsa Bibele ya Segerike [ya Septuagint], eo e neng e le karolo ya Mangolo a kereke ya pele, ho a utlwahala ho dumela hore bangodi ba Testamente e Ntjha, ba ne ba sa ntshe Tetragram tabeng eo ba neng ba e qotsa Lengolong leo.”

  • Bafetoledi ba Bibele ba hlomphuwang ba sebedisitse lebitso la Modimo Mangolong a Segerike a Bakreste. Ba bang ba bafetoledi bana ba sebedisitse lebitso leo nako e telele le pele Phetolelo ya Lefatshe le Letjha e fetolelwa. Ba bang ba bafetoledi bana ha mmoho le Dibibele tseo ba di fetoletseng ke bana: A Literal Translation of the New Testament . . . From the Text of the Vatican Manuscript, ya Herman Heinfetter (1863); The Emphatic Diaglott, ya Benjamin Wilson (1864); The Epistles of Paul in Modern English, ya George Barker Stevens (1898); St. Paul’s Epistle to the Romans, ya W. G. Rutherford (1900); The New Testament Letters, ya J.W.C. Wand, Mobishopo wa London (1946). Ho phaella moo, Bibeleng ya Sepanishe e fetoletsweng maqalong a dilemo tsa bo1900, mofetoledi ya bitswang Pablo Besson o sebedisitse “Jehová” ho Luka 2:15 le Juda 14. Phetolelong ya hae, ka makgetlo a fetang 100 ditlhalosong tse hlahang dinaletsaneng o ile a bontsha hore ditemaneng tse ding e ka nna yaba ho ne ho sebedisitswe lebitso la Modimo. Nako e telele pele ho etswa diphetolelo tseo, diphetolelo tsa Seheberu tsa Mangolo a Segerike a Bakreste tsa ho tloha dilemong tsa bo1500 ho ya pele di sebedisitse Tetragrammaton ditemaneng tse ngata. Puong ya Sejeremane feela, bonyane diphetolelo tse 11 di sebedisa “Jehovah” (kapa phetolelo ya lentswe ka lentswe ya Seheberu e leng “Yahweh”) ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ha bafetoledi ba bang ba bane ba kenya lebitso leo ka masakaneng ka mora ho ngola “Morena.” Diphetolelo tse fetang 70 tsa Sejeremane di sebedisa lebitso la Modimo dinaletsaneng kapa ditlhalosong tsa diphetolelo tseo.

    Lebitso la Modimo ho Diketso 2:34 phetolelong ya The Emphatic Diaglott, ya Benjamin Wilson (1864)

  • Diphetolelo tsa Bibele ka dipuo tse sa tshwaneng tse fetang lekgolo di na le lebitso la Modimo ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Diphetolelo tse ngata tsa Testamente e Ntjha tsa dipuo tsa Afrika, Amerika, Asia le sehlekehlekeng sa Pacific di sebedisa lebitso la Modimo ka makgetlo a mangata. (Sheba lethathamo le  leqepheng la 1998 le la 1999.) Bafetoledi ba diphetolelo tsena ba ile ba etsa qeto ya ho sebedisa lebitso la Modimo ka mabaka a tshwanang le a boletsweng ka hodimo. Tse ding tsa diphetolelo tsena tsa Mangolo a Segerike a Bakreste ke tsa haufinyane tjena, tse kang Bibele ya Serotuman (ya 1999), e sebedisang “Jihova” ka makgetlo a 51 ditemaneng tse 48 le phetolelo ya Sebatak (Toba) (ya 1989) ya Indonesia, e sebedisang “Jahowa” ka makgetlo a 110.

    Lebitso la Modimo ho Mareka 12:29, 30 phetolelong ya puo ya Hawaii

Ntle ho pelaelo, ho na le mabaka a hlakileng a ho kgutlisetsa lebitso la Modimo e leng Jehova moo le neng le hlaha teng Mangolong a Segerike a Bakreste. Sena ke sona hantle seo bafetoledi ba Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ba se entseng. Ba hlompha lebitso la Modimo ebile ba tshaba ho tlosa ntho le ha e le efe e neng e ngotswe mangolong a kgale.—Tshenolo 22:18, 19.