Feta

Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?

Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?

O ka araba potso ee jwang? Ka . . .

  • e?

  • tjhe?

  • kapa ka mohlomong?

BIBELE YONA E RENG?

“Modimo o tla tsosa batho.”—Diketso 24:15, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

Ho ka o tshedisa ha o shwelwa ke batho bao o ba ratang.—2 Bakorinthe 1:3, 4.

Ho ka o lokolla hore o se ke wa tshaba ho shwa.—Baheberu 2:15.

Ho ka o fa tshepo ya hore baratuwa ba hao ba tla phela hape.—Johanne 5:28, 29.

NA RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mararo:

  • Modimo ke Mmopi. Bibele e re Jehova Modimo ke “mohlodi wa bophelo.” (Pesaleme ya 36:9; Diketso 17:24, 25) Ka ha ke yena ya fileng dibopuwa tsohle bophelo, o na le matla a ho tsosa bafu.

  • Modimo o ile a tsosa bafu nakong e fetileng. Bibele e bua ka batho ba robedi ba ileng ba tsoswa bafung—bao e neng e le bana, e le batho ba baholo, e le banna le basadi—hona mona lefatsheng. Ba bang ba ne ba sa tswa hlokahala, empa e mong o ne a qetile matsatsi a mane ka lebitleng.—Johanne 11:39-44.

  • Modimo o labalabela ho boela a tsosa bafu. Jehova o hloile lefu, o le tadima e le sera. (1 Bakorinthe 15:26) O hlolohelwa ho hlola sera seo, ho fedisa lefu ka hore a tsose bafu. O labalabela ho tsosa ba mohopolong wa hae le ho ba bona ba phela hape lefatsheng.—Jobo 14:14, 15.

O KA NNA WA IPOTSA

Ke hobaneng ha re tsofala ebile re shwa?

Bibele e araba potso ena ho GENESE 3:17-19 le ho BAROMA 5:12.