Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA BOHLANO

‘Ke Tla Dula Hara Setjhaba’—Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete

‘Ke Tla Dula Hara Setjhaba’—Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete

EZEKIELE 43:7

NTLHAKGOLO: Karolo ena e tlo bua ka dikarolo tsa pono ya tempele le hore na di re rutang ka borapedi ba nnete

Jehova o ile a etsa hore moprofeta Ezekiele le moapostola Johanne ba bone dipono tse nang le dintho tse tshwanang. Dintho tse hlahang diponong tseo di re ruta dintho tsa bohlokwa tse re thusang hore re rapele Jehova ka tsela eo a e amohelang hona jwale ebile di re thusa hore re bone hore na bophelo bo tla ba jwang Paradeiseng ha Mmuso wa Modimo o se o busa.

KAROLONG ENA

KGAOLO YA 19

‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’

Ke hobaneng ha re ka re boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka e phallang ho tswa tempeleng bo ile ba phethahala, bo a phethahala ebile bo tlo phethahala nakong e tlang?

KGAOLO YA 20

“Arola Naha e le Lefa”

Ponong Modimo o laela Ezekiele le Bajuda ba botlamuweng hore ho arolelwe maloko a Iseraele Naha e Tshepisitsweng.

KGAOLO YA 21

“Lebitso la Motse . . . e Tla ba Jehova o Teng Moo”

Re ithutang ponong eo Ezekiele a e boneng e buang ka motse le hore lebitso la wona le bolelang?

KGAOLO YA 22

“Rapela Modimo”

Morero wa buka ena ke ho re thusa hore re ikemisetse ho rapela Jehova Modimo feela.