Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 19

‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’

‘Hohle Moo Metsi ao a Fihlang Teng Dintho Tsohle di Tla Phela’

EZEKIELE 47:9

NTLHAKGOLO: Tsela eo pono ya noka e phallang ho tswa tempeleng e ileng ya phethahala ka yona mehleng ya kgale, mehleng ena le ka moo e tla phethahala ka teng nakong e tlang

1, 2. Ho Ezekiele 47:1-12, Ezekiele o ile a bonang, a ba a ithutang? (Sheba setshwantsho se qalang.)

 EZEKIELE o boetse o bona ntho e makatsang ponong ya hae ya tempele. O bona noka e phalla ho tswa tempeleng. Ako mo bone feela a le ka hara noka eo e nang le metsi a hlwekileng, a e latela. (Bala Ezekiele 47:1-12.) E tloha monyako wa tempele mme e kopana le mohaho wa tempele pela keiti e ka botjhabela. Lengeloi le tsamaya le Ezekiele le mo tlosa tempeleng, le metha sebaka ha ba ntse ba tsamaya. Lengeloi le re Ezekiele a tshele noka ka makgetlo a mangata. Ha a le ka metsing o a hlokomela hore noka e ntse e teba mme haufinyane ho tla hlokahala hore a sese e le hore a kgone ho tshela.

2 Ezekiele o hlokomela hore noka e phallela Lewatleng le Shweleng mme e hlwekisa metsi a lona a letswai, ao diphoofolo di neng di sa kgone ho phela ka hara wona. Hohle moo noka e kopanang le metsi a lewatle lena ho ba le ditlhapi tse ngata. Lebopong la noka, o bona difate tse ngata tsa mefuta e fapaneng di hola. Kgwedi le kgwedi di hlahisa ditholwana tse nang le phepo e ntle ebile di hlahisa makgasi a fodisang. Ha Ezekiele a bona dintho tsena tsohle, di ile tsa etsa hore a be le tshepo le kgotso. Empa karolo ee ya boprofeta ba pono ya tempele e ne e le bohlokwa hakae ho yena le ho Bajuda ba neng ba le botlamuweng le yena? E bohlokwa hakae ho rona mehleng ee?

Noka eo Ezekiele a e Boneng e ne e le Bohlokwa Hakae ho Bajuda ba Botlamuweng?

3. Ke hobaneng ha Bajuda ba mehleng ya kgale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ya Ezekiele ke ya sebele?

3 Bajuda ba mehleng ya kgale ba ne ba sa nke hore noka e ponong ya Ezekiele ke noka e neng e le teng ka nako eo. Ho ena le hoo, ho ka etsahala hore e ile ya ba hopotsa mantswe a builweng ke moprofeta Joele dilemo tse fetang 200 tse fetileng. (Bala Joele 3:18.) Ha Bajuda ba botlamuweng ba bala mantswe a Joele, ba ne ba sa lebella hore dithaba tsa moo ba dulang teng di ‘rothe veine e monate’ le maralla a “phalle lebese.” Ba ne ba boetse ba sa lebella hore ho be le sediba “ntlong ya Jehova.” Ho ka etsahala hore Bajuda ba bang le bona ba ne ba utlwisisa hore noka e hlahang ponong eo Ezekiele a e boneng e ne e le ya tshwantshetso. a Ke molaetsa ofe oo Jehova a neng a fana ka wona ka pono ee? Mangolo a hlalosa ka ho hlaka hore na dikarolo tse ding tse setshwantshong sena di bolelang. Hona jwale re tlo bua ka dintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona boprofeteng bona.

4. (a) E ka nna yaba noka e ponong ya Ezekiele e ile ya etsa hore Bajuda ba lebelle ditlhohonolofatso dife tse tswang ho Jehova? (b) Tsela eo Bibele e sebedisitseng mantswe “noka” le “metsi” e re kgodisa jwang hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae? (Sheba lebokose le reng “Dinoka Tse Tlisang Ditlhohonolofatso Tse Tswang ho Jehova.”)

4 Noka e fanang ka ditlhohonolofatso. Hangata ka Bibeleng ha ho buuwa ka dinoka le metsi, e ya be e le ha ho buuwa ka tsela eo Jehova a hlohonolofatsang batho ba hae ka yona. Ezekiele o ile a bona noka e kang ena e phalla ho tswa tempeleng. Ka hoo, e ka nna yaba pono ena e ile ya etsa hore batho ba Modimo ba lebelle hore Jehova o tla tswela pele a ba hlohonolofatsa ha feela ba ntse ba mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. Ba ne ba tla fumana ditlhohonolofatso dife? Ba ne ba tla boela ba fumane melao e tswang ho baprista. Ka ha ho ne ho etswa mahlabelo tempeleng, ba ne ba ka boela ba kgodiseha hore ba tla tshwarelwa dibe. (Ezek. 44:15, 23; 45:17) Ka tsela eo, ba ne ba tla hlweka hape jwalo ka ha eka ba hlatsuwa ka metsi a hlwekileng a tswang tempeleng.

5. Noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong e ile ya kgodisa Bajuda jwang hore Jehova o tla ba hlohonolofatsa kaofela?

5 Na batho bohle ba ne ba tla dula ba fumana ditlhohonolofatso? Pono ya Ezekiele e ne e kgothatsa hobane e ne e bontsha hore ka mohlolo metsi a noka a ne a tla nne a eketsehe mme a be mangata. (Ezek. 47:3-5) Ho sa tsotellehe hore na Bajuda ba ne ba ka ba bangata hakae, ditlhohonolofatso tsa Jehova le tsona di ne di tla ba ngata, di ba lekane. Noka eo e ne e bontsha hore ditlhohonolofatso tsa Jehova di tla ba ngata.

6. (a) Pono ya Ezekiele e re kgodisa hore ho tla ba jwang nakong e tlang? (b) Pono ya Ezekiele e ile ya fana ka temoso efe? (Sheba naletsana.)

6 Metsi a fanang ka bophelo. Ponong ya Ezekiele noka e ile ya phallela Lewatleng le Shweleng mme la boela la eba le diphoofolo. Hlokomela hore metsi ao a ile a etsa hore ho phele ditlhapi tse ngata tse fapaneng ka lewatleng leo. Bongata ba ditlhapi tseo bo ne bo ka bapiswa le tse fumanehang Lewatleng le Leholo kapa Lewatleng la Mediterranean. Ho ne ho boetse ho ena le dikgwebo tse atlehang tsa ho tjheha ditlhapi lebopong la Lewatle le Shweleng le neng le le dipakeng tsa metse e mmedi e neng e arohane. Lengeloi le ile la re: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e nngwe le e nngwe e tla phela.” Na taba ee e bolela hore metsi a tswang ntlong ya Jehova a ne a fihla dikarolong tsohle tsa Lewatle le Shweleng? Tjhe. Lengeloi le ile la re metsi a fanang ka bophelo a ne a ke ke a fihla dibakeng tse tletseng seretse. Dibaka tseo di ne “di tla dula di ena le letswai.” b (Ezek. 47:8-11) Pono ena ya Ezekiele e a re kgodisa hore borapedi ba nnete bo tla etsa hore batho ba phele ha monate ba be ba atlehe. Empa ho ne ho boetse ho ena le temoso: E ne e se batho bohle ba neng ba tla amohela ditlhohonolofatso tsa Jehova ebile e ne e se batho bohle ba neng ba tla fodiswa.

7. Difate tse ponong tse neng di le pela noka di ile tsa etsa hore Bajuda ba botlamuweng ba kgodisehe ka eng?

7 Difate tse nang le ditholwana le tse fodisang. Difate tse lebopong la noka di etsa hore sebaka seo ho buuwang ka sona ponong se be setle. Di re thusa ho utlwisisa boprofeta bona. Ho ka etsahala hore Ezekiele le banna ba habo ba ne ba rata ho nahana ka ditholwana tse monate tseo difate tsena di neng di tlo di hlahisa kgwedi le kgwedi. Taba ena le yona e ile ya ba kgodisa hore Jehova o tla ba thusa hore ba mo sebeletse. Ba ile ba boela ba kgodiseha hore makgasi a difate tseo a tla ‘fodisa.’ (Ezek. 47:12) Jehova o ne a tseba hore Bajuda ba tswang botlamuweng ba ne ba lokela ho thuswa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. Kgaolong ya 9 ya buka ena re ile ra ithuta ka boprofeta bo bontshang hore na Modimo o ile a ba thusa jwang hore ba mo sebeletse.

8. Re tseba jwang hore pono ya Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela?

8 Bajuda ba tswang botlamuweng ha ba a ka ba bona ha boprofeta boo ho buuwang ka bona Kgaolong ya 9 bo phethahala kaofela. Ke bona ba ileng ba etsa hore boprofeta boo bo se ke ba phethahala kaofela. Ha ba a ka ba fumana ditlhohonolofatso tsa Jehova kaofela hobane ba ne ba mo fetohela, ba sa mo mamele ba bile ba sa mo rapele ka tsela eo a e amohelang. Dintho tseo Bajuda ba sa tshepahaleng ba neng ba di etsa, di ne di utlwisa batho ba tshepahalang bohloko. Le ha ho le jwalo, barapedi ba tshepahalang ba Jehova ba ne ba tseba hore ka mehla ditshepiso tsa hae di dula di phethahala. (Bala Joshua 23:14.) Ka hoo, pono ya Ezekiele e ne e tla phethahala kaofela. Empa neng?

Noka eo e Ntse e Phalla le Kajeno!

9. Boprofeta ba Ezekiele ba tempele bo tla phethahala le ho feta neng?

9 Kgaolong ya 14 ya buka ena re ithutile hore boprofeta ba Ezekiele ba pono ya tempele bo tla phethahala le ho feta “matsatsing a ho qetela,” e leng nakong eo ka yona batho ba bangata ba tla beng ba hlompha borapedi ba nnete le ho rapela Modimo ka tsela e nepahetseng. (Esa. 2:2) Karolo ee ya boprofeta ba Ezekiele e phethahala jwang kajeno?

10, 11. (a) Ke ditlhohonolofatso dife tseo re di fumanang mehleng ee tse tshwantshwang le noka e phallang? (b) Ditlhohonolofatso tse tswang ho Jehova di ile tsa eketseha jwang hore di lekane batho bohle mehleng ee ya bofelo?

10 Noka e tlisang ditlhohonolofatso. Metsi a phallang ho tswa ntlong ya Jehova a re hopotsa ditlhohonolofatso dife kajeno? A re hopotsa dintho tse ngata tseo Jehova a re fang tsona tse matlafatsang tumelo ya rona. Ntho ya bohlokwa eo a re hopotsang yona ke matla a sehlabelo sa Kreste, se re thusang hore re tshwarelwe dibe. Nnete e tswang ka Lentsweng la Modimo e tshwantshwa le metsi a hlwekisang le a fanang ka bophelo. (Baef. 5:25-27) Rona mehleng ee re fumana ditlhohonolofatso tseo jwang?

11 Ka selemo sa 1919, ho ne ho ena le bahlanka ba Jehova ba dikete tse mmalwa mme ba ne ba thabile haholo ha ba hlalosetswa nnete e tswang Bibeleng. Ha dilemo di ntse di eya, ba ile ba eketseha haholo. Kajeno batho ba Modimo ba feta dimilione tse robedi. Na batho baa kaofela ba fumana dintho tse ba rutang nnete e ka Bibeleng? Ho jwalo! Re na le dintho tse ngata tse re thusang ho utlwisisa nnete e ka Bibeleng. Dilemong tse 100 tse fetileng, batho ba Modimo ba fumane Dibibele, dibuka, dimakasine, dibukana le dipampitshana tse dibilione. Jwalo ka noka e phallang eo Ezekiele a e boneng ponong, nnete ya Lentswe la Modimo le yona e fihla ka bongata ho batho bohle ba batlang ho ithuta ka Modimo. Haesale dingolwa tse thehilweng Bibeleng di hatiswa ho tloha kgale. Mehleng ena re na le websaete ya jw.org e nang le dintho tse ngata tse thusang batho hore ba ithute ka Modimo tse fetoletsweng ka dipuo tse fetang 1 000. Nnete e tswang Lentsweng la Modimo e tshwantshwang le metsi e thusitse batho ba dipelo di ntle jwang?

12. (a) Nnete e ka Bibeleng e thusitse batho ba dipelo di ntle jwang? (b) Pono ya Ezekiele e re hlokomedisa eng kajeno? (Sheba naletsana.)

12 Metsi a fanang ka bophelo. Lengeloi le ile la re ho Ezekiele: “Hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e nngwe le e nngwe e tla phela.” Nahana ka moo nnete ya Bibele e ileng ya fihla ho batho bohle bao hona jwale e seng e le karolo ya naha ya batho ba Modimo. Nnete ya Bibele e thusitse batho ba bangata ba dipelo di ntle hore ba dumele ho Jehova. Pono ya Ezekiele e boetse e fana ka temoso: Ha se batho bohle ba tla dula ba amohela nnete e ka Bibeleng. Jwalo ka dibaka tse tletseng metsi le seretse tse Lewatleng le Shweleng tseo Ezekiele a di boneng ponong, ho na le batho ba ke keng ba amohela kapa ba tla hana ho mamela nnete e ka Bibeleng le ho sebedisa seo ba ithutileng sona. c Le ka mohla re se ke ra tshwana le batho bao.—Bala Deuteronoma 10:16-18.

13. Kajeno re ithutang difateng tse hlahileng ponong?

13 Difate tse nang le ditholwana le tse fodisang. Na kajeno ho na le dintho tse kgothatsang tseo re ka ithutang tsona ka difate tse lebopong la noka tse hlahileng ponong ya Ezekiele? Ho jwalo. Hopola hore difate tseo di ne di hlahisa ditholwana tse monate kgwedi le kgwedi mme makgasi a tsona a ne a fodisa. (Ezek. 47:12) Ka hoo, difate tsena di a re hopotsa hore re sebeletsa Modimo ya re fodisang le ya re fepang ka dintho tse matlafatsang tumelo ya rona. Kajeno batho ba bangata ha ba utlwisise dithuto tsa Bibele. Empa rona Jehova o re fa dintho tse ngata tse re thusang ho utlwisisa Bibele. Ka mora ho bala sehlooho se itseng se hlahang makasineng ya rona, ho bina pina e kwalang kopanong e kgolo kapa e nyenyane, ho shebella video kapa lenaneo la broadcasting, na ha o ke o ikutlwe o ananela dintho tseo Jehova a re fang tsona? Ka nnete Jehova o re hlokometse. (Esa. 65:13, 14) Na dintho tseo Jehova a re fang tsona di matlafatsa tumelo ya rona? Dikeletso tseo re di fumanang ka Lentsweng la Modimo di re thusa hore re se ke ra etsa boitshwaro bo bobe, ra ba meharo kapa ra fellwa ke tumelo. Jehova o hlophisitse hore Bakreste ba entseng dibe tse tebileng ba thuswe. (Bala Jakobo 5:14.) Ka nnete Jehova o a re hlokomela jwalo ka ha difate tse hlahileng ponong ya Ezekiele di bontsha.

14, 15. (a) Re ithutang dibakeng tse seretse tseo Ezekiele a ileng a di bona ponong? (b) Boprofeta ba Ezekiele ba noka bo re tswela molemo jwang kajeno?

14 Ho boetse ho na le ntho eo re ka ithutang yona dibakeng tse sa hlwekang tse dulang di tletse seretse. Le ka mohla ha re batle ho etsa dintho tse tla etsa hore Jehova a se ke a re hlohonolofatsa. E ka ba ntho e bohloko ho hana ditlhohonolofatso tsa Jehova jwalo ka ha batho ba bangata ba etsa kajeno. (Mat. 13:15) Ho ena le hoo, rona re a thaba ha Jehova a re hlohonolofatsa. Ha re ithuta Lentswe la Modimo, re bolella batho ba bang dintho tseo re ithutileng tsona, re eletswa, re kgothatswa ebile re thuswa ke baholo ba kwetlisitsweng ke mohlanka ya tshepahalang, dintho tsena kaofela di ka etsa hore re nahane ka noka e hlahang ponong ya Ezekiele. Noka ena e fana ka bophelo hohle moo e phallelang teng.

15 Boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka bo tla phethahala jwang nakong e tlang? Jwalo ka ha re tla ithuta, noka ena e tla ba kgolo haholo e leng se bolelang hore nakong e tlang Paradeiseng re tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata.

Boprofeta Boo bo Tla Phethahala Jwang Paradeiseng?

16, 17. (a) Noka ee e tla atoloha jwang Paradeiseng? (b) Ke ditlhohonolofatso dife tseo re tla di fumana Paradeiseng tse jwalo ka noka?

16 Na o ye o ipone o se o phela Paradeiseng le metswalle le ba lelapa le thabile? Ho ithuta ka boprofeta ba Ezekiele bo buang ka noka ho tla o thusa hore o ipone o se o le Paradeiseng. Jwang? Hona jwale a re bueng hape ka dikarolo tse tharo tsa boprofeta bona tse bontshang hore Jehova o lerato.

17 Noka e tlisang ditlhohonolofatso. Noka ena ya tshwantshetso e tla atoloha haholo Paradeiseng hobane e ke ke ya matlafatsa tumelo ya rona feela empa e tla re tswela molemo le bophelong. Nakong ya Puso ya Jesu ya Dilemo tse Sekete, Mmuso wa Modimo o tla thusa batho ba tshepahalang hore ba fumane ditlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la hore Jesu o ile a re shwela. Hanyane hanyane batho ba tla phethahala. Ho kula ho tla fela mme ho ke ke ha hlola ho eba le dingaka, baoki le dipetlele! Batho ba dimilione ba tla beng ba pholohile Armagedone e leng “bongata bo boholo” bo tla beng bo tswa ‘mahlomoleng a maholo’ bo tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata tse ka tshwantshwang le metsi a bophelo. (Tshen. 7:9, 14) Empa ditlhohonolofatso tseo di tla be di le nyenyane ha di bapiswa le tseo re tla di fumana nakong e tlang. Jwalo ka ha noka e hlahileng ponong ya Ezekiele e ile ya eba kgolo, ka ho tshwanang ditlhohonolofatso tseo re tla di fumana di tla ba ngata mme di thuse batho bohle.

Paradeiseng, noka e tlisang ditlhohonolofatso e tla etsa hore batho bohle ba be batjha mme ba phele hantle mmeleng (Sheba serapa sa 17)

18. Ho tla etsahalang ha “noka ya metsi a bophelo” e tlala nakong ya Dilemo Tse Sekete?

18 Metsi a fanang ka bophelo. Nakong ya Dilemo Tse Sekete “noka ya metsi a bophelo” e tla tlala haholo. (Tshen. 22:1) Batho ba bangata ba tla tsoswa mme ba fuwe monyetla wa ho phela Paradeiseng ka ho sa feleng. Ditlhohonolofatso tseo Jehova a tla di fa batho ha Mmuso wa hae o se o busa di akareletsa hore a tsose bafu e leng batho bao esale ba hlokahala kgale. (Esa. 26:19) Empa na batho ba tla be ba tsositswe ba tla phela ka ho sa feleng?

19. (a) Re tseba jwang hore re tla ithuta dintho tse ntjha Paradeiseng? (b) Ho bolelwang ha ho thwe nakong e tlang batho ba bang ba tla dula ba “ena le letswai”?

19 Motho e mong le e mong o tla tlameha ho ikgethela. Ka nako eo, ho tla bulwa meqolo e metjha. Ka hoo, re tla fuwa ditaelo le dithuto tse ntjha tse tswang ho Jehova tse tla ba jwalo ka metsi a kgathollang. Ho nahana ka taba ena ho a thabisa. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba tla hana ho mamela ditaelo tsa Jehova. Batho ba bang ba tla batla ho itaola nakong ya Dilemo Tse Sekete empa Modimo a ke ke a ba dumella hore ba senye Paradeise. (Esa. 65:20) Taba ena e re hopotsa dibaka tse hlahileng ponong ya Ezekiele tse neng di tletse diretse ebile ‘di dula di ena le letswai.’ Batho ba sa batleng ho mamela ditaelo tsa Jehova tse jwalo ka metsi a bophelo ke mawatla! Ka mora Dilemo Tse Sekete, batho ba fetohetseng Jehova ba tla ba ka lehlakoreng la Satane. Batho bohle ba sa mameleng melao ya Jehova ba tla fediswa ka ho sa feleng.—Tshen. 20:7-12.

20. Keng e tla etsahala nakong ya Dilemo Tse Sekete e re hopotsang difate tseo Ezekiele a ileng a di bona?

20 Difate tse nang le ditholwana le tse fodisang. Jehova o batla hore kaofela ha rona re fumane bophelo bo sa feleng. E le hore a re thuse hore re fumane monyetla oo, o tla etsa bonnete ba hore o boetse o etsa ntho eo Ezekiele a ileng a e bona ponong ya difate. Le ha ho le jwalo, Paradeiseng Jehova o tla re hlokomela mmeleng a be a re fe dintho tse matlafatsang tumelo ya rona. Jesu Kreste le batlotsuwa ba 144 000 ba tla busa e le marena lehodimong ka Dilemo Tse Sekete. Ka ha batlotsuwa ba 144 000 ke baprista, ba tla sebetsa le Jesu ho thusa batho ba tshepahalang hore ba phethahale ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. (Tshen. 20:6). Taba ena e re hopotsa difate tseo Ezekiele a ileng a di bona tse neng di le lebopong la noka. Difate tseo di ne di ena le ditholwana tse nang le phepo e ntle le makgasi a fodisang. Pono ya Ezekiele e tshwana le boprofeta bo bong bo ileng ba ngolwa ke moapostola Johanne. (Bala Tshenolo 22:1, 2.) Makgasi a difate tseo Johanne a ileng a di bona “a phekola ditjhaba.” Batho ba dimilione ba tshepahalang ba tla thabela dintho tseo ba tla di etsetswa ke baprista ba 144 000.

21. Ho nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ho etsa hore o ikutlwe jwang mme sehloohong se latelang re tlo bua ka eng? (Sheba lebokose le reng “Nokana e ba Noka e Kgolo”)

21 Ha o ntse o nahana ka noka eo Ezekiele a ileng a e bona ponong na ntho eo ha e etse hore o be le tshepo le kgotso? Ka nnete re emetswe ke dinako tse monate! E se e le dilemo tse dikete jwale Jehova a ntse a re fa boprofeta bo re thusang hore re ipone re se re le Paradeiseng. Ka mamello Jehova o ntse a re mema hore re be teng Paradeiseng e le hore re tle re bone ha boprofeta bona bo phethahala kaofela. Na o tla be o le teng? Mohlomong wena ha o a kgodiseha hore o tla ba teng Paradeiseng. Hona jwale re tlo bua ka karolo e qetellang ya boprofeta ba Ezekiele bo re thusang hore re kgodisehe ka taba eo.

a Ho ekelletsa moo, Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba neng ba hopola hantle hore na sebaka seo ba neng ba dula ho sona se ne se le jwang ba ne ba tseba hore noka ena ke ya tshwantshetso hobane e ne e phalla ho tswa tempeleng e neng e le thabeng e hodimo haholo. Empa ba ne ba tseba hore ho ne ho se na thaba e jwalo sebakeng seo ho buuwang ka sona. Taba e nngwe ke hore pono ena e bontsha eka noka e ne e tloha tempeleng mme e ya Lewatleng le Shweleng ka ho toba empa ho latela hore na sebaka seo ba neng ba dula ho sona se ne se le jwang, ntho ena e ne e ke ke ya kgoneha.

b Batho ba bang ba nka hore ntho ena ke ntho e ntle hobane ho tloha kgale haesale batho ba nka letswai Lewatleng le Shweleng mme ba le rekisa. Hlokomela hore tlaleho ena e re dibaka tseo tse tletseng seretse “di ke ke tsa hlwekiswa.” Di ne di tla dula di se na bophelo, di sa hlweka hobane metsi a fanang ka bophelo a tswang ntlong ya Jehova a ne a sa fihle ho tsona. Ka hoo, ho a hlaka hore taba ya hore dibaka tsena di tletse letswai ha se ntho e ntle.—Pes. 107:33, 34; Jer. 17:6.

c Taba ena re ka e tshwantsha le papiso ya Jesu ya letlowa le leholo. Letlowa leo le tshwasa ditlhapi tse ngata empa ha se kaofela ha tsona di leng “ntle.” Tse mpe di a lahlwa. Jesu o ile a re hlokomedisa hore ho na le batho ba bangata ba tla sebeletsa Jehova empa ha nako e ntse e eya ba tla tlohela ho mo sebeletsa.—Mat. 13:47-50; 2 Tim. 2:20, 21.