Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 22

“Rapela Modimo”

“Rapela Modimo”

TSHENOLO 22:9

NTLHAKGOLO: Kgaolong ena re tlo bua ka dintlhakgolo tsa buka ya Ezekiele le hore na di ka re thusa jwang hona jwale le nakong e tlang

1, 2. (a) Kaofela ha rona re lokela ho etsa qeto efe? (b) Lengeloi le tshepahalang le ile la reng ha Johanne a ne a batla ho le rapela?

 KAOFELA ha rona re lokela ho araba potso ena ya bohlokwa e reng: Ke tla rapela mang? Batho ba bang ba ka nna ba re potso ena e bonolo hobane ke Modimo feela eo re lokelang ho mo rapela. Empa ha re a lokela ho bua ka molomo feela, re lokela ho bontsha ka diketso hore re sebeletsa Jehova Modimo kapa Satane Diabolose.

2 Satane o batla hore re mo rapele. Taba ena e ile ya bonahala ha a ne a leka Jesu. Kgaolong ya 1 ya buka ena re ithutile hore Satane o ile a tshepisa Jesu moputso o moholo, a re o tla mo fa mebuso yohle e lefatsheng. Ha e le hantle Diabolose o ne a batlang? O ne a batla hore Jesu a mo ‘rapele.’ (Mat. 4:9) Ho fapana le Satane, lengeloi le ileng la isa molaetsa ho moapostola Johanne lona le ile la hana ho rapelwa. (Bala Tshenolo 22:8, 9.) Ha Johanne a ne a batla ho rapela lengeloi leo, ka boikokobetso le ile la re: “O se ke wa etsa jwalo.” Ho ena le hore lengeloi leo le re, ‘Rapela nna,’ le ile la re, “Rapela Modimo.”

3. (a) Morero wa buka ee ke ofe? (b) Hona jwale re tlo buisana ka eng?

3 Morero wa buka ena ke ho re thusa hore re ikemisetse ho etsa ntho eo lengeloi leo le ileng la re re e etse, e leng ho rapela Jehova Modimo feela. (Deut. 10:20; Mat. 4:10) A re hlahlobeng ka bokgutshwanyane hore na re ithutileng ka borapedi ba nnete boprofeteng ba Ezekiele le diponong tsa hae. Ka mora moo, Bibele e tla re thusa hore re bone hore ho tla ba jwang nakong e tlang ha motho e mong le e mong a tla be a lekwa ka lekgetlo la ho qetela. Batho ba tla hlola teko eo, ba tla ba le monyetla wa ho bona ha borapedi ba nnete ba Jehova bo tsosoloswa ka ho feletseng.

Dintho Tse Tharo Tseo re Ithutang Tsona Bukeng ya Ezekiele

4. Ke dintho dife tse tharo tseo re ithutang tsona bukeng ya Ezekiele?

4 Buka ya Ezekiele e re ruta hore ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang ho bolela (1) ho rapela yena feela, (2) ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang re le ha mmoho le (3) ho rata batho ba bang. Hlokomela ka moo boprofeta le dipono tseo ho buuweng ka tsona bukeng ena di hlakisang dintho tsena tse tharo ka teng.

Ntho ya pele: Rapela Jehova feela

5-9. Re ithutile hore ho rapela Jehova feela ho bolelang?

5 Kgaolo ya 3: a Pono e bontshang moo Jehova a potapotilweng ke mookodi a dutse hodima mangeloi, e re hopotsa ntlha ya bohlokwa ya hore Ya Matla Ohle ke yena feela ya tshwanelwang ke ho rapelwa.—Ezek. 1:4, 15-28.

6 Kgaolo ya 5: E tlameha ebe ho ne ho tshosa ho bona ha tempele ya Jehova e silafatswa. Pono eo e bontsha hore Jehova o bona dintho tsohle. O a bona ha batho ba hae ba sa mo tshepahalle mme ba etsa dintho tse kang ho rapela ditshwantsho, le haeba ba di etsetsa sephiring. Dintho tse jwalo di mo utlwisa bohloko ebile batho ba di etsang o ba fa kotlo.—Ezek. 8:1-18.

7 Kgaolo ya 7: Taba ya hore Jehova o ile a ahlola ditjhaba tse neng di “soma” Baiseraele e bontsha hore o tla ahlola batho ba tshwarang bahlanka ba hae hampe. (Ezek. 25:6) Tsela eo Baiseraele ba ileng ba sebedisana le ditjhaba tse ding ka yona e re ruta hore ho tshepahalla Jehova e lokela ho ba ntho ya bohlokwa bophelong ba rona. Ha re batle ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova hobane feela re batla ho kgahlisa ba malapa a rona ba sa mo sebeletseng. Hape ha re batle ho tshepa maruo kapa ho tshehetsa mebuso ya lefatshe lena ho ena le hore re tshehetse Mmuso wa Jehova feela.

8 Kgaolo ya 13 le 14: Pono ya tempele e thabeng e phahameng e re ruta hore re lokela ho phela ka melao ya Jehova hobane ke yena feela Modimo ya matla.—Ezek. 40:1–48:35.

9 Kgaolo ya 15: Boprofeta bo hlalosang Iseraele le Juda e le matekatse bo re hopotsa hore ke ntho e nyonyehang ho Jehova hore batho ba rapele medimo e meng.—Ezek., dikgao. 16, 23.

Ntho ya bobedi: Re rapele Jehova re le mmoho

10-14. Taba ya ho sebeletsa Jehova re le mmoho e ile ya hatiswa jwang?

10 Kgaolo ya 8: Boprofeta bo buang ka tshepiso ya Jehova ya hore o tla fa batho ba hae “modisa a le mong” hore a ba hlokomele e bontsha hore re lokela ho sebetsa ha mmoho le ka kgotso re tataiswa ke Jesu.—Ezek. 34:23, 24; 37:24-28.

11 Kgaolo ya 9: Ho na le dintho tseo batho ba batlang ho thabisa Jehova mehleng ena ba ka ithutang tsona boprofeteng ba Ezekiele bo buang ka hore batho ba Modimo ba ne ba tla lokollwa botlamuweng Babilona mme ba kgutlele naheng ya habo bona. Barapedi ba nnete ba Jehova ha ba a lokela ho etsa ntho le ha e le efe e amanang le borapedi ba bohata. Le hoja re ne re le madumeding a fapaneng, maemo a rona a ditjhelete a fapane ebile re tswa merabeng e fapaneng, re lokela ho dula re sebeletsa Jehova re le mmoho e leng ntho e tla bontsha hore re batho ba Modimo.—Ezek. 11:17, 18; 12:24; Joh. 17:20-23.

12 Kgaolo ya 10: Pono e bontshang ha masapo a omeletseng a boela a phela e hatisa taba ya hore re lokela ho sebeletsa Jehova ha mmoho. Re a thaba hore ebe re ba bang ba barapedi ba nnete ba Jehova ba sebetsang ha mmoho jwalo ka lebotho.—Ezek. 37:1-14.

13 Kgaolo ya 12: Taba ya ho sebeletsa Jehova ha mmoho e ile ya boela ya hatiswa ke boprofeta bo buang ka hore dithupa tse pedi e tla ba thupa e le nngwe. Tumelo ya rona e a matlafala ha re bona hore batlotsuwa le dinku tse ding ba phethahatsa boprofeta bona. Le hoja hona jwale bodumedi le dipolotiki di etsa hore batho ba hloyane, rona re dula re sebedisana ka kgotso hobane re a ratana ebile re a tshepahala.—Ezek. 37:15-23.

14 Kgaolo ya 16: Pono ya monna ya tshwereng lenaka la enke le ya banna ba tshwereng dibetsa tsa ntwa e re lemosa hore batho bao “mahlomola a maholo” a tla fihla e le barapedi ba nnete, ke bona feela ba tla tshwauwa hore ba pholohe.—Mat. 24:21; Ezek. 9:1-11.

Ntho ya boraro: Rata batho ba bang

15-18. Ke hobaneng ha re lokela ho rata batho ba bang mme re ka etsa seo jwang?

15 Kgaolo ya 4: Pono ya mangeloi a mane e re ruta ka makgabane a Jehova, haholoholo ka lerato. Ha re rata batho ebile re bua le bona hantle, re bontsha hore Jehova ke Modimo wa rona.—Ezek. 1:5-14; 1 Joh. 4:8.

16 Kgaolo ya 6 le 11: Ka ha Jehova o rata batho, o ile a beha balebedi ba jwalo ka Ezekiele. Modimo ke lerato ka hoo ha a batle hore motho le ha e le ofe a fediswe ha a fedisa puso ya Satane. (2 Pet. 3:9) Re ka bontsha hore re rata Modimo ka hore re phethe boikarabelo ba rona ba ho tshehetsa mosebetsi o etswang ke molebedi wa mehleng ena.—Ezek. 33:1-9.

17 Kgaolo ya 17 le 18: Jehova o a tseba hore batho ba bangata ba ke ke ba amohela mohau wa hae ebile ba tla leka ho fedisa barapedi ba hae ba tshepahalang. Ka ha Jehova o rata batho ba hae, o tla ba sireletsa ha “Gogo wa naha ya Magogo” a hlasela batho ba mo tshepahallang. Lerato le etsa hore re batle ho lemosa batho ba bangata ka moo re ka kgonang ka teng hore Jehova o tlo fedisa batho ba hatellang batho ba hae.—Ezek. 38:1–39:20; 2 Bathes. 1:6, 7.

18 Kgaolo ya 19, 20 le 21: Tsela eo Jehova a ratang batho ka yona e bonahala ka ho hlaka ponong ya noka e nang le metsi a fanang ka bophelo le ponong ya ho arola naha. Dipono tsena di bontsha hore Jehova o re rata haholo ka hore a fane ka bophelo ba Mora wa hae e le hore re ka tshwarelwa dibe mme re thabele bophelo re le karolo ya lelapa la Modimo, re se re phethahetse. Tsela e nngwe eo re ka bontshang ka yona hore re rata batho ke ka ho ba bolella ka bokamoso boo Jehova a bo lokiseditseng batho bohle ba dumelang ho Mora wa hae.—Ezek. 45:1-7; 47:1–48:35; Tshen. 21:1-4; 22:17.

Ntho e Tla Etsahala ka Mora Puso ya Dilemo Tse Sekete

19. Jesu o tla etsang nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete? (Sheba lebokose le reng “Teko ya ho Qetela.”)

19 Nakong ya Dilemo Tse Sekete, Jesu o tla tsosa batho ba bangata mme a fodise bohloko bo bakilweng ke sera sa rona “e leng lefu.” (1 Bakor. 15:26; Mar. 5:38-42; Dik. 24:15) Haesale batho ba hlahelwa ke mathata ebile ba etsahallwa ke dintho tse bohloko haholo. Empa Jesu o tla fedisa bohloko boo ha a tsosa bafu a bile a ba fa monyetla wa ho phela ha monate lefatsheng. Ka lebaka la sehlabelo sa lefu la hae, Jesu o tla lokisa dintho tse bohloko tse bakilweng ke ho kula, ntwa, malwetse le tlala. Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore o tla fedisa ntho e re bakelang mathata ohle a rona, e leng sebe seo re se futsitseng ho Adama. (Bar. 5:18, 19) Jesu o tla ‘senya mesebetsi ya Diabolose’ kaofela. (1 Joh. 3:8) Ho tla etsahalang ka mora moo?

Batho ba tsositsweng ba tla phela ha monate

20. Jesu le ba 144 000 ba tla bontsha jwang hore ba ikokobeditse? Hlalosa. (Sheba setshwantsho se qalang.)

20 Bala 1 Bakorinthe 15:24-28. Ha batho bohle ba se ba phethahetse, lefatshe e se e le Paradeise jwalo ka ha Jehova a ne a rerile, Jesu le ba 144 000 ba tlo busa le yena ba tla bontsha hore ba ikokobeditse mme ba kgutlisetse Mmuso ho Jehova. Ka mora ho busa ka dilemo tse sekete, ka ho rata le ka kgotso ba tla kgutlisetsa bolaodi ho Jehova. Dintho tsohle tse tla etswa ke Mmuso wa Modimo di ke ke tsa fela.

Teko ya ho Qetela

21, 22. (a) Bophelo bo tla be bo le jwang qetellong ya dilemo tse sekete? (b) Ke hobaneng ha Jehova a tla lokolla Satane le bademona?

21 Jehova o tla etsa ntho e makatsang, e bontshang hore o tshepa bahlanka ba hae ba lefatsheng. O tla laela hore Satane le bademona ba lokollwe sekoting se tebileng seo ba neng ba kwalletswe ho sona ka dilemo tse 1 000. (Bala Tshenolo 20:1-3.) Ha ba lokollwa ba tla fumana dintho di fetohile lefatsheng. Pele ho Armagedone Satane o ile a kgelosa batho ba bangata mme lehloyo le kgethollo di ile tsa etsa hore batho ba se ke ba phedisana ka kgotso. (Tshen. 12:9) Ka mora dilemo tse 1 000, batho bohle ba tla be ba rapela Jehova ha mmoho jwalo ka lelapa le ratanang. Lefatshe e tla ba Paradeise mme ho tla ba le kgotso.

22 Ke hobaneng ha Jehova a tla lokolla Satane le bademona ba hae? Ke hobane batho ba bangata ba tla beng ba phela qetellong ya dilemo tse 1 000, e tla be e le barapedi ba Jehova ba tshepahalang, bao tumelo ya bona e eso kang e lekwa. Ba bangata ba bona ba tla be ba ile ba hlokahala ba eso tsebe Jehova mme Jehova a ba tsosetsa Paradeiseng. Jehova o tla be a ba file bophelo le dintho tsohle tseo ba di hlokang. Ba tla be ba sa tsebe hore na ho jwang ho phela le batho ba ba susumetsang ho etsa dintho tse mpe. Ba tla be ba phela le batho ba ratang Jehova le ba mo sebeletsang. Satane a ka qosa batho bana ba tsositsweng jwalo ka ha a ile a qosa Jobo, a re ba sebeletsa Modimo hobane feela a ba sireletsa a bile a ba hlohonolofatsa. (Jobo 1:9, 10) Pele Jehova a ngola mabitso a rona ka pene bukeng ya bophelo, o tla re fa monyetla wa hore re bontshe hore re a mo tshepahalla jwalo ka Ntate le Morena wa rona.—Tshen. 20:12, 15.

23. Ke qeto efe eo motho e mong le e mong a tla lokela ho e etsa?

23 Satane o tla fuwa nako e kgutshwanyane ya hore a leke ho kgelosa batho hore ba tlohele ho sebeletsa Modimo. O tla etsa seo jwang? Motho e mong le e mong o tla lokela ho etsa qeto jwalo ka Adama le Eva, ya hore na o tla phela ka melao ya Jehova, a tshehetse bobusi ba hae le ho mo rapela kapa o tla fetohela Modimo a tshehetse Satane.

24. Ke hobaneng ha batho ba fetohelang Modimo ba bitswa Gogo le Magogo?

24 Bala Tshenolo 20:7-10. Batho ba tla fetohela Modimo qetellong ya dilemo tse sekete ba tla bitswa Gogo le Magogo. Ba tla etsa dintho tse tshwanang le tseo Ezekiele a ileng a profeta hore batho ba tla hlasela batho ba Modimo ba tla di etsa nakong ya mahlomola a maholo. Sehlopha seo sa batho e leng “Gogo wa naha ya Magogo,” e tla ba ditjhaba tse sa batleng ho buswa ke Jehova. (Ezek. 38:2) Ka tsela e tshwanang, batho ba tla fetohela Modimo qetellong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete ba hlaloswa e le “ditjhaba.” Taba ya hore ho sebedisitswe lentswe “ditjhaba” e a makatsa. Hobaneng? Hobane ka nako eo mebuso yohle e tla be e fedisitswe mme batho ba tla be ba buswa ke mmuso o le mong feela, e leng Mmuso wa Modimo. Kaofela re tla be re le setjhaba se le seng. Taba ya hore batho ba tla fetohela Modimo ba tla bitswa Gogo le Magogo le “ditjhaba,” e bontsha hore Satane o tla kgona ho arola batho ba bang ba Modimo. Ha ho na motho ya tla qobellwa hore a sebeletse Satane. Kaofela ha rona re tla be re phethahetse mme re tla ikgethela hore na re batla ho sebeletsa mang.

Batho ba tla kgeloswa ke Satane ba bitswa Gogo le Magogo (Sheba serapa sa 24)

25, 26. Ke batho ba bakae ba tla kgeloswa ke Satane mme ho tla etsahalang ka bona?

25 Ke batho ba bakae ba tla kgeloswa ke Satane? Palo ya bona e tla ba jwalo ka “lehlabathe la lewatle.” Polelo eo ha e bolele hore ho tla kgeloswa batho ba bangata. Re tseba seo jwang? Nahana ka tshepiso e ileng ya fuwa Abrahama. Jehova o ile a re bana ba Abrahama ba tla ba jwalo ka “lehlabathe le lebopong la lewatle.” (Gen. 22:17, 18) Le ha ho le jwalo, palo ya bana ba hae e ile ya eba 144 001 feela. (Bagal. 3:16, 29) Le ha ho ka bonahala eka palo ena e kgolo, e nyenyane haholo ha e bapiswa le palo ya batho bohle lefatsheng. Ka tsela e tshwanang, batho ba tla kgeloswa ke Satane ba ka nna ba ba bangata empa eseng haholo. Le ha ho le jwalo, bahlanka ba tshepahalang ba Jehova ba ke ke ba tshoswa ke bona.

26 Batho ba tla kgeloswa ke Satane ba tla fediswa ka pele. Ba tla fediswa le Satane le bademona ba hae mme ba ke ke ba hlola ba eba teng hape. Ntho feela eo re tla e hopola ka bona ke diqeto tse mpe tseo ba ileng ba di etsa le ditlamorao tsa tsona.—Tshen. 20:10.

27-29. Batho ba tla dula ba tshepahala ba tla fumana ditlhohonolofatso dife?

27 Mabitso a batho ba tla dula ba tshepahala a ke ke a hlakolwa “bukeng ya bophelo.” (Tshen. 20:15) Ka nako eo, lelapa la Jehova e leng bara le baradi ba hae bohle ba tshepahalang, ba tla mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang.

28 Nahana hore na bophelo bo tlo ba jwang nakong e tlang. O tla thabela mosebetsi oo o o etsang ebile o tla be o ena le metswalle e o kgothatsang. Wena le batho bao o ba ratang le ke ke la hlola le utlwa bohloko. O ke ke wa hloka sehlabelo sa Jesu e le hore o be le kamano e ntle le Jehova hobane o tla be o se na sebe. Motho e mong le e mong e tla be e le motswalle wa Modimo. Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore batho bohle lehodimong le lefatsheng ba tla rapela Jehova ka tsela e nepahetseng. Ka tsela eo, borapedi ba nnete bo tla be bo tsosolositswe.

Ha o se o phethahetse o ke ke wa hloka sehlabelo sa Jesu e le hore o be le kamano e ntle le Jehova hobane o tla be o se na sebe (Sheba serapa sa 28)

29 Na o tla be o le teng mohla ho etsahalang dintho tsee? O ka ba teng ha feela o dula o etsa dintho tsena tse tharo tseo re ithutileng tsona bukeng ya Ezekiele, e leng ho rapela Jehova feela, ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang re le ha mmoho le ho rata batho ba bang. Ho na le ntlha ya bohlokwa eo re ithutang yona boprofeteng ba Ezekiele. Ke ntlha efe?

Nahana feela hore ho tlo ba monate jwang ha batho bohle lehodimong le lefatsheng ba sebeletsa Modimo ka tsela eo a e amohelang (Sheba serapa sa 27 ho ya ho 29)

“Tseba Hore ke Nna Jehova”

30, 31. Mantswe a reng “ba tla tseba hore ke nna Jehova” a tla bolelang ho (a) dira tsa Modimo? (b) batho ba Modimo?

30 Bukeng ya Ezekiele mantswe a reng “ba tla tseba hore ke nna Jehova” a phetwa hangata. (Ezek. 6:10; 39:28) Ho dira tsa Modimo, mantswe ana a tla bolela ntwa le lefu. Ba tla tseba hore Jehova o teng ebile ba tla ithuta hore lebitso la hae le bolela “O Etsa Hore ho Be.” “Jehova wa mabotho” e tla ba “mohale ya matla” mme o tla ba lwantsha. (1 Sam. 17:45; Ex. 15:3) Ba tla hlokomela nako e se e ile hore ha ho na ntho e ka thibelang Jehova ho etsa ntho eo a batlang ho e etsa.

31 Ho batho ba Modimo mantswe a reng, “ba tla tseba hore ke nna Jehova,” a tla bolela hore ba tla ba le kgotso mme ba phele ha monate. Jehova o tla etsa hore re be bara le baradi ba hae ba nang le makgabane ohle a hae, e leng ntho eo esale a e batla. (Gen. 1:26) Jehova e se e ntse e le Ntate wa rona ya re ratang le Modisa ya re sireletsang. Haufinyane e tla ba Morena wa rona. Pele letsatsi leo le fihla, a re mameleng molaetsa wa Ezekiele. Letsatsi le letsatsi, a re bontsheng ka mantswe le ka diketso hore re a tseba hore na Jehova ke mang le hore o lebeletse hore re phele jwang. Ha re etsa jwalo, re ke ke ra tshoha nakong ya mahlomola a maholo empa re tla ema tswee! hobane re tla be re tseba hore re haufi le ho lokollwa. (Luka 21:28) Ha re ntse re emetse hore nako eo e fihle, a re thuseng batho bohle ho tseba le ho rata Modimo a le mong feela ya lokelang ho rapelwa le Ya nang le lebitso le phahameng, e leng Jehova.—Ezek. 28:26.

a Dikgaolo tseo ho buuwang ka tsona mona ke tsa buka ena.