Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Barapedi ba Jehova ba Ratehang:

Batho ba neng ba tlile Kopanong ya Setereke ya “Lebitso la Modimo” ka selemo sa 1971, ba ile ba thaba haholo ha ho lokollwa dingolwa tse mmalwa tse ntjha. Ho ne ho se na motho ya neng a nahana hore dibuka tse jwalo di ka ba teng. Ha morabo rona e mong a bua ka e nngwe ya dibuka tsena tse qetang ho lokollwa, o ile a re: “Ha re eso ka re fumana buka e hlalosang dintho tse tlo etsahala ka tsela e hlakileng jwalo!” O ne a bua ka buka efe? O ne a bua ka buka eo ka Senyesemane e bitswang “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How? Ke hobaneng ha batho ba ne ba thabetse buka ee? Ke hobane e ne e bua ka dithuto tse ntlafaditsweng tsa boprofeta ba buka ya Ezekiele, e leng boprofeta bo tla ama batho bohle nakong e tlang.

Ho tloha ha buka eo e lokollwa, Dipaki Tsa Jehova di eketsehile haholo ho tloha ho dimilione tse 1,5 ho ya ho dimilione tse fetang tse robedi. (Esa. 60:22) Bahlanka bao ba Jehova ba bua dipuo tse fapaneng tse fetang 1 000. (Zak. 8:23) Ba bangata ba bona ha ba eso ka ba fumana monyetla wa ho ithuta buka e hlalosang boprofeta ba Ezekiele ka tsela e hlakileng.

Ho ekelletsa moo, ho tloha ka selemo seo sa 1971 haesale tsela eo re utlwisisang dithuto tsa Bibele ka yona e ntse e ntlafatswa haholo jwalo ka ha eka kganya e ntse e eketseha le ho feta. (Diprov. 4:18) Ka 1985 re ile ra qala ho utlwisisa hore batho ba “dinku tse ding” le bona ke metswalle ya Modimo mme ba nkwa ba lokile. (Joh. 10:16; Bar. 5:18; Jak. 2:23) Ka 1995 re ile ra qala ho utlwisisa hore kahlolo ya ho qetela ya “dinku” le “dipodi” e tla etsahala nakong ya “mahlomola a maholo.” (Mat. 24:21; 25:31, 32) Diphetoho tsena kaofela di re thusitse ho utlwisisa buka ya Ezekiele.

“Mora motho, shebisisa, mamedisisa o be o ele hloko ntho e nngwe le e nngwe eo ke o bontshang yona hobane o tlisitswe mona ka lona lebaka leo.”—EZEKIELE 40:4

Dilemong tsa morao tjena kganya e ile ya nna ya eketseha. Nahana ka dintho tseo re ithutileng tsona dipapisong tsa Jesu. Hona jwale re se re utlwisisa dipapiso tseo ka tsela e hlakileng. Tse ngata tsa tsona di bua ka dintho tse tlo etsahala haufinyane nakong ya mahlomola a maholo. Ka tsela e tshwanang, kutlwisiso ya rona ya boprofeta bo bong bo hlahang bukeng ya Ezekiele e ntlafaditswe. Dintho tse ding tse ntlafaditsweng di akarelletsa boprofeta bo buang ka Gogo wa Magogo (kgaolo ya 38 le ya 39), mosebetsi wa monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi (kgaolo ya 9), thota e tletseng masapo a omeletseng le ho kopanngwa ha dithupa tse pedi ka tsela ya tshwantshetso (kgaolo ya 37). Ditlhaloso tsena kaofela di ntlafatsa dintho tse neng di ngotswe dilemo tse ngata tse fetileng bukeng ya ‘Know Jehovah.’

Ke ka hoo re sa makaleng hore ebe batho ba Jehova ba ne ba ipotsa ba re: “Re tla e fumana neng buka e nang le ditlhaloso tse ntlafaditsweng tsa boprofeta ba Ezekiele?” Buka ena ya Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete e tlo phetha morero oo. Ha o ntse o bala dikgaolo tsa yona tse 22, o nahanisisa le ka dipapiso tsa yona, o tla thaba ha o bona hore ho entswe dipatlisiso tse ngata ha ho ne ho ngolwa buka ena. Re ile ra rapela ra ba ra nahanisisa ka hore na ke hobaneng ha Jehova a ile a etsa hore ka Bibeleng ho be le buka ena e hlollang ya Ezekiele. Re ile ra nahana ka dipotso tse kang: Ke dintho dife tseo batho ba phetseng mehleng ya Ezekiele ba neng ba ka ithuta tsona bukeng ya Ezekiele le tseo rona re ka ithutang tsona kajeno? Ke boprofeta bofe bo buang ka dintho tse tlo etsahala nakong e tlang? Na ha re hlahloba boprofeta ba Ezekiele re lokela ho nka hore dintho tse itseng di tshwantshetsa dintho tse itseng? Dikarabo tsa dipotso tsena di re thusa ho utlwisisa ka ho hlakileng buka ena ya Ezekiele eo re thabelang ho e bala.

Ha o ntse o ithuta buka ena ya Ezekiele ho tloha qalong ho fihlela qetellong, o tla kgahlwa ke ho ithuta ka karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova. Re kgodisehile hore o boetse o kgahlwa ke melao ya Jehova e phahameng eo a e behetseng bahlanka ba hae ba lefatsheng le ba lehodimong ba batlang ho mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Buka ena ya Borapedi ba Nnete e tlo o thusa hore o ananele dintho tseo Jehova a seng a di etseditse batho ba hae le tseo a tla ba etsetsa tsona nakong e tlang. O tla hlokomela hore buka ena e phetapheta dintlhakgolo tse pedi. Ntlha ya pele, e le hore re kgahlise Jehova re lokela ho mo tseba le ho mo nka e le Mmusi wa Dintho Tsohle. Ya bobedi ke hore re lokela ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang re be re phele ka melao ya hae.

Re lakatsa eka buka ena e ka o matlafatsa yaba ya etsa hore o ikemisetse ho rapela Jehova ka tsela e tlotlisang lebitso la hae le leholo le le halalelang. E se eka e ka boela ya o kgothatsa mme ya etsa hore o dule o lebelletse nako eo ka yona ditjhaba tsohle di tla tseba hore lebitso la Modimo ke Jehova.—Ezek. 36:23; 38:23.

E se eka Ntate wa rona ya lerato Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho batla ho utlwisisa buka ena eo a ileng a susumetsa moprofeta Ezekiele hore a e ngole.

Bara ba bo lona,

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova