Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 7B

Dipolelwana Tse Sebedisitsweng Haholo Bukeng ya Ezekiele

Dipolelwana Tse Sebedisitsweng Haholo Bukeng ya Ezekiele

“Mora Motho”

E HLAHA KA MAKGETLO A FETANG 90

Ezekiele o bitswa “mora motho” ka makgetlo a fetang 90. (Ezek. 2:1) E ne e le tsela eo Jehova a mo hopotsang ka yona hore le hoja a fuwe mesebetsi e meholo, e ntse e le motho feela jwalo ka ba bang. Ka tsela e tshwanang, ka dikosepeleng Jesu o bitswa “Mora motho” ka makgetlo a 80 e le ho bontsha hore e ne e se lengeloi le ikentseng motho empa e ne e hlile e le motho.—Mat. 8:20.

“. . . Tla Tseba Hore ke Nna Jehova”

E HLAHA KA MAKGETLO A FETANG 50

Mantswe a buuwang ke Modimo a reng batho ba “tla tseba hore ke nna Jehova” a hlaha ka makgetlo a fetang 50 bukeng ya Ezekiele. Mantswe ao a a bontsha hore Jehova ke yena feela ya lokelang ho rapelwa.—Ezek. 6:7.

“Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle”

E HLAHA KA MAKGETLO A 210

Polelwana e reng “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle” e hlaha ka makgetlo a 210 bukeng ya Ezekiele e le ho etsa hore lebitso la Jehova le tsebahale le ho bontsha hore Jehova o phahametse dintho tsohle.—Ezek. 2:4.