Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kopano e ikgethang e ileng ya tshwarwa ka 1919 e ile ya fana ka bopaki ba hore batho ba Modimo ba fela ba lokolotswe Babilona e Moholo

LEBOKOSE LA 9B

Hobaneng re re 1919?

Hobaneng re re 1919?

Ke hobaneng ha re re batho ba Modimo ba ile ba lokollwa Babilona e Moholo ka 1919? Boprofeta ba Bibele le histori di re thusa hore re fihlele qeto eo.

Boprofeta ba Bibele le histori di a bontsha hore Jesu e bile Morena lehodimong ka 1914, e leng ntho e neng e bontsha hore bofelo ba lefatshe lena la Satane bo qadile. Jesu o ile a etsang ha e se e le Morena? Na o ile a lokolla balatedi ba hae Babilona e Moholo hanghang? Na o ile a kgetha “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” ka 1914 le ho qala mosebetsi o moholo wa kotulo?—Mat. 24:45.

Tjhe. O hopole hore moya o halalelang o ile wa susumelletsa moapostola Petrose hore a ngole hore kahlolo “e tla qala ka ba ntlo ya Modimo.” (1 Pet. 4:17) Ka tsela e tshwanang, moprofeta Malakia o ile a profeta hore ho na le nako eo ka yona Jehova a tla tla tempeleng ya hae a feleheditswe ke “moromuwa wa selekane,” e leng Mora wa Modimo. (Mal. 3:1-5) E ne e le nako eo ka yona balatedi ba Kreste ba neng ba tla hlahelwa ke maemo a boima hape ba ne ba tla hlwekiswa. Na histori e dumellana le boprofeta boo?

Ho jwalo. Ho tloha ka 1914 ho ya maqalong a 1919, Diithuti Tsa Bibele e leng tsela eo Dipaki Tsa Jehova di neng di bitswa ka yona ka nako eo, di ile tsa thulana le maemo a boima hape di ile tsa hlwekiswa. Batho ba Modimo ba bangata ba ile ba swetseha ha ba bona bofelo bo sa fihle ka 1914 jwalo ka ha ba ne ba lebeletse. Ba ile ba swetseha le ho feta ka 1916 ha Morabo rona Charles T. Russell ya neng a etella batho ba Modimo pele ka nako eo a hlokahala. Batho ba bang ba neng ba rata Morabo rona Russell ho feta tekano ba ile ba hana ho mamela morabo rona Joseph F. Rutherford ya ileng a etella batho ba Modimo pele ka mora hore morabo rona Russell a hlokahale. Ho ile ha eba le maqulwana hoo mokgatlo o ileng wa batla o aroha ka 1917. Ka 1918, Morabo rona Rutherford le metswalle ya hae e supileng ba ile ba qoswa, ba ahlolwa le ho iswa teronkong empa ba ne ba se molato mme ho bonahala eka e ne e le ka tshusumetso ya baruti. Ntlokgolo e neng e le Brooklyn e ile ya kwalwa. Ho hlakile hore batho ba Modimo ba ne ba eso ka ba lokollwa Babilona e Moholo.

Le ha ho le jwalo, ho ile ha etsahalang ka 1919? Dintho di ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo. Maqalong a selemo seo, Morabo rona Rutherford le metswalle ya hae ba ile ba lokollwa teronkong yaba ba qalella mosebetsi hanghang. Ka mora nako e sa fediseng pelo, ba ile ba rera ho tshwara kopano e ikgethang mme sengolwa sa The Golden Age, (seo hona jwale se tsejwang e le Fadimehang!) se ne se tlo lokollwa. Sengolwa sena se ne se tla sebediswa matsholong a ho ruta batho Bibele a neng a tla etswa phatlalatsa. Ho ekelletsa moo, phuthehong e nngwe le e nngwe ho ile ha kgethwa molebedi ya neng a tla hlophisa le ho etella phutheho pele mosebetsing oo. Selemong sona seo, ho ile ha lokollwa sengolwa se bitswang Bulletin (eo hona jwale e tsejwang e le Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona) e neng e tla thusa ho hlophisa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele.

Dintho tsee di bontshang? Ho hlakile hore Kreste o ne a lokolotse batho ba hae ho Babilona e Moholo. O ne a kgethile mohlanka wa hae ya tshepahalang le ya bohlale. Mosebetsi wa ho kotula o ne o se o ntse o qadile. Esale mosebetsi oo o etswa ka sekgahla ho tloha ka selemo seo sa bohlokwa sa 1919.