Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 10B

Boprofeta ba “Masapo a Omeletseng” le ‘Dipaki Tse Pedi’ bo Amana Jwang?

Boprofeta ba “Masapo a Omeletseng” le ‘Dipaki Tse Pedi’ bo Amana Jwang?

KA SELEMO sa 1919, ho ile ha phethahala boprofeta ba “masapo a omeletseng” le ba ‘dipaki tse pedi.’ Boprofeta ba “masapo a omeletseng” bo bua ka nako e telele (e ileng ya eba dilemo tse makgolo) e neng e tla fela ha sehlopha se seholo sa batho ba Modimo se phela. (Ezek. 37:2-4; Tshen. 11:1-3, 7-13) Boprofeta bo buang ka ‘dipaki tse pedi’ bona bo hlalosa nako e kgutshwanyane e ileng ya fela ha sehlopha se senyenyane sa bahlanka ba Modimo se phela (boprofeta bona bo ile ba phethahala qetellong ya selemo sa 1914 ho fihlela maqalong a 1919). Boprofeta bona ka bobedi bo tshwantshetsa tsoho mme bo ile ba phethahala mehleng ena ya rona ka 1919 ha Jehova a etsa hore bahlanka ba hae ba tlotsitsweng ‘ba eme ka maoto,’ ba tswe botlamuweng Babilona e Moholo le hore ba bokellwe phuthehong e tsosolositsweng.—Ezek. 37:10.

Hlokomela hore ho na le ntho ya bohlokwa e etsang hore boprofeta ba “masapo a omeletseng” le ba ‘dipaki tse pedi’ bo fapane. Boprofeta ba “masapo a omeletseng” bo bua ka ho phela ha Bakreste bohle ba tlotsitsweng ba ntseng ba le lefatsheng. Boprofeta ba ‘dipaki tse pedi’ bona bo bua ka ho phela ha Bakreste ba bang ba tlotsitsweng ba neng ba le lefatsheng ba etella pele mokgatlo e le “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale.”—Mat. 24:45; Tshen. 11:6. a

‘Thota . . . e Tletseng Masapo’—Ezek. 37:1

  1. KA MORA 100 C.E.

    Ho tloha ka selemo sa 100 C.E. ho ya pele ha phutheho ya Bokreste e ne e bolailwe ka tsela ya tshwantshetso, ‘thota’ e ile ya tlala “masapo”

  2. MAQALONG A 1919

    1919: “Masapo a omeletseng” a ile a phela ha Jehova a etsa hore Bakreste ba tlotsitsweng ba tswe Babilona e Moholo mme ba bokellwe phuthehong e tsosolositsweng

‘Dipaki Tse Pedi’—Tshen. 11:3

  1. QETELLONG YA 1914

    ba ruta ba “tenne lesela le hwashang”

    1914: ‘Dipaki tse pedi’ di ile tsa ruta batho Bibele dilemo tse tharo le halofo di “tenne lesela le hwashang.” Ha nako eo e fela, di ile tsa bolawa ka tsela ya tshwantshetso

  2. lefu la tshwantshetso

  3. MAQALONG A 1919

    1919: ‘Dipaki tse pedi’ di ile tsa phela ha sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsweng se kgethwa hore se etelle pele mokgatlo e le “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale”

a Sheba Molula-Qhooa wa March 2016 sehloohong se reng “Dipotso Tse Tswang ho Babadi.”