Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 19B

Nokana e ba Noka e Kgolo!

Nokana e ba Noka e Kgolo!

Ezekiele o bona nokana e tswa ntlong ya Jehova mme ka mohlolo ha e ntse e ya pele e ba noka e tebileng. Lebopong la noka, o bona sefate se seholo se nang le ditholwana tse nang le phepo e ntle le tse fodisang. Dintho tsee kaofela di bolelang?

Noka Ena e Tlisa Ditlhohonolofatso

MEHLENG YA KGALE: Ha Bajuda ba neng ba le botlamuweng ba kgutlela naheng ya bona, Modimo o ile a ba hlohonolofatsa hobane ba ile ba nka karolo ho tsosolosa borapedi ba nnete tempeleng

MEHLENG ENA: Ka selemo sa 1919 borapedi ba nnete bo ile ba tsosoloswa mme Modimo o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tshepahalang ka hore a ba fe dintho tseo ba di hlokang e le hore ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang

NAKONG E TLANG: Ka mora Armagedone, Jehova o tla re hlohonolofatsa ka ditsela tse ngata, jwalo ka ho re thusa hore re be batho ba phethahetseng le ho re ruta dintho tse ntjha

Metsi a Fanang ka Bophelo

MEHLENG YA KGALE: Ha batho ba Jehova ba mo mamelang ba ntse ba eketseha, o ile a nna a ba hlohonolofatsa, a ba thusa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang

MEHLENG ENA: Ha batho ba sebeletsang Jehova ba ntse ba eketseha, dithuto tse ka Bibeleng tse ba rutang ka Jehova di ba thusa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang ha mmoho le bahlanka ba hae ba bang

NAKONG E TLANG: Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba tla pholoha Armagedone le ba dimilione ba tla tsoswa

Difate Tse Nang le Ditholwana le Tse Fodisang

MEHLENG YA KGALE: Jehova o ile a ruta batho ba hae dithuto tsa nnete a ba a etsa hore ba kgone ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. O ile a boela a ba thusa hore ba tlohele ho rapela ditshwantsho kapa ntho le ha e le efe e amanang le borapedi ba bohata

MEHLENG ENA: Dithuto tsa Bibele di thusa batho ba Modimo hore ba dule ba tshepahala, ba qobe ho etsa dibe tse tebileng le hore ba se ke ba nahana jwalo ka batho ba sa sebeletseng Jehova

NAKONG E TLANG: Kreste le batlotsuwa ba 144 000 ba tlo busa le yena ba tlo thusa batho bohle ba mamelang hore ba phethahale le hore ba phele hantle mmeleng ka ho sa feleng!