Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 10C

Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape

Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape

RE KA matlafatswa ke ho nahanisisa ka thuto eo re e fumanang ponong e lengolong la Ezekiele 37:1-14. Thuto eo re ka e sebedisa bophelong ba rona ha re ena le mathata. Ke thuto efe?

Ka dinako tse ding re ka utlwa re nyahame ka lebaka la mathata ao re thulanang le ona ebe re utlwa re sa kgone ho etsa letho. Le ha ho le jwalo, ha re ikutlwa jwalo, re ka matlafatswa ke ho nahanisisa ka tlhaloso ya pono ya Ezekiele ya ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Boprofeteng boo, re a ithuta hore Modimo ya kgonang ho tsosa masapo a omeletseng, a ka re fa matla ao re a hlokang ho hlola mathata a rona ao ka botho ho ka bonahalang eka re ke ke ra a hlola.—Bala Pesaleme ya 18:29; Bafil. 4:13.

Dilemo tse ngata pele ho mehla ya Ezekiele, moprofeta Moshe o ile a re Jehova o na le matla ebile o batla ho a sebedisa molemong wa batho ba hae. Moshe o ile a re: “Haesale Modimo e le setshabelo ho tloha kgale, matsoho a hae a tla dula a le tlasa hao ka ho sa feleng.” (Deut. 33:27) Re ka kgodiseha hore haeba re kopa hore Jehova a re thuse ha re ena le mathata, o tla dula a re tsheheditse a be a re thuse hore re eme hape.—Ezek. 37:10.