Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 3

“Ke Bona Dipono Tse Tswang ho Modimo”

“Ke Bona Dipono Tse Tswang ho Modimo”

EZEKIELE 1:1

NTLHAKGOLO: Kakaretso ya pono eo Ezekiele a e boneng ya koloi ya Modimo

1-3. (a) Hlalosa hore na Ezekiele o boneng le ho utlwang. (Sheba setshwantsho se qalang.) (b) Keng e ileng ya susumetsa Ezekiele hore a bone pono ee, hona o ile a ikutlwa jwang ka mora hore a e bone?

 EZEKIELE o eme tlekelele! O lahlela mahlo pele mane thoteng e nammeng. O sesefaditse mahlo o leka ho shebisisa hantle. Empa ha a re mahlo tloha! ha a kgolwe seo a se bonang. Pele mane maru a matsho a ntse a teteana, ho bonahala ho tla sefefo se matla. Empa sena ha se sefefo feela se tlwaelehileng. O utlwa moya o matla, o hlabang o hlahang ka leboya o fefolang moriri le diaparo tsa hae. Ho nyoloha maru a maholo a tshosang. Maru ana a fehlwa ke lehadima la mollo mme ho benya ha ona ho mo hopotsa tshepe e phatsimang. a Ha maru ana a ntse a atamela Ezekiele ka sekgahla, ho utlwahala modumo o ntseng o phahama o kang wa lebotho le leholo la masole a ntseng a tsamaya.—Ezek. 1:4, 24.

2 Monna enwa ya dilemo di 30 o bona e nngwe ya dipono tse ngata tseo a ke keng a di lebala bophelong. O utlwa “matla a Jehova” a le hodima hae, ke matla a tshabehang a moya o halalelang wa Jehova. Dintho tseo moya oo o tla etsa hore a di bone le ho di utlwa ke dintho tse hlollang ka ho fetisisa, mehlolo e fetang hole e hlahang difiliming dife kapa dife tseo batho ba di etsang mehleng ena. Pono ena eo Ezekiele a e bonang e tlo etsa hore a kgumame fatshe a sale a ahlame.—Ezek. 1:3, 28.

3 Jehova o ne a sa bontshe Ezekiele pono ena hobane feela a batla ho etsa hore a sale a hloletswe. Pono ena ya pele eo Ezekiele a e boneng e tshwana le dipono tse ding tse hlahang bukeng ena e monate ya boprofeta. Ponong ena ho na le dintho tse ngata tsa bohlokwa haholo tseo a tla ithuta tsona le tseo bahlanka ba Jehova mehleng ena ba tla ithuta tsona. Ere re ke re hlahlobe dintho tsena tseo Ezekiele a di bonang le ho di utlwa.

Maemo

4, 5. Maemo e ne e le afe ha Ezekiele a bona pono ee?

4 Bala Ezekiele 1:1-3. A re ke re nahane ka hore na maemo e ne e le afe ha Ezekiele a tla bona pono ena. Selemo e ne e le sa 613 pele ho mehla ya Jesu. Jwalo ka ha re ithutile kgaolong e fetileng, Ezekiele o ne a le Babilona a dula pela noka ya Kebare le batho bao a neng a hapilwe le bona. Ho bonahala noka ena e ne e le molatswana o iketseditsweng ke batho o kgelohang nokeng ya Eufrate ebe o boela o kgutlela ho yona hape.

Ezekiele o ne a dula pela noka ya Kebare le batho bao a neng a hapilwe le bona (Sheba serapa sa 4)

5 Motse wa batho bana ba hapilweng e leng Jerusalema o ne o le bohole ba dikhilomithara tse 800 ho tloha moo ba neng ba le teng. b Tempele e Jerusalema moo ntate wa Ezekiele a neng a kile a sebeletsa teng e le moprista, e ne e se e fetohile sebaka sa borapedi ba ditshwantsho le bobodu. Motse ona oo ho wona ho neng ho kile ha busa Davida le Solomone marena a hlomphehang, o ne o se o fetohile mahlabisadihlong feela. Morena Jojakine ya neng a sa tshepahale le yena o ne a hapilwe a isitswe Babilona. Tsedekia e leng morena ya ileng a mo hlahlama boreneng e ne e le morena ya tswileng tseleng ya neng a duletse ho hulwa ka nko ke morena wa Babilona.—2 Mar. 24:8-12, 17, 19.

6, 7. Ke hobaneng ha e ka nna yaba Ezekiele o ile a utlwa eka o phela dinakong tse boima ka ho fetisisa bophelong ba hae?

6 Ka ha Ezekiele o ne a rata Modimo, e tlameha ebe nako ena e ne e le e boima ka ho fetisisa bophelong ba hae. E ka nna yaba ba bang ba Baiseraele ba neng ba hapuwe le yena ba ne ba ipotsa: ‘Na ebe Jehova o re lahletse ruri? Na ebe mmuso oo o kgopo wa Babilona ka medimo ya wona e mengata ya bohata o tla hle o fedise borapedi ba nnete le puso ya Jehova lefatsheng?’

7 Jwale o sa ntse o nahanne ka ditaba tseo, ako ithute haholwanyane ka taba ena ka hore o bale tlhaloso e qaqileng ya pono ena ya pele eo Ezekiele a e boneng. (Ezek. 1:4-28) Ha o ntse o e bala, leka ho ikenya dieteng tsa Ezekiele, o bone dintho tseo a di boneng o be o utlwe le dintho tseo a di utlwileng.

Noka ya Eufrate e fetang pela Karkemishe (Sheba serapa sa 5-7)

Koloi ya Mabonwa

8. Ezekiele o ile a bonang ponong? Ntho eo a e boneng e ne e emelang?

8 Ha re akaretsa pono ena, re ka re Ezekiele o boneng? O bone koloi e boholo bo makatsang. E ne e ena le mabidi a mane a maholo mme pela ona ho eme mangeloi a mane a neng a shebahala ka tsela e sa tlwaelehang a hlaloswang e le dikerubime. (Ezek. 10:1) Ka hodima ona ho ne ho ena le sepakapaka se seholo se kang leqhwa. Ka hodima sepakapaka seo ho ne ho ena le terone e kganyang ya Modimo eo ho yona ho neng ho dutse Jehova ka boyena. Empa ha e le hantle koloi ee e emelang? E emela ntho e le nngwe feela e leng karolo e lehodimong ya mokgatlo o moholo wa Jehova wa bokahohleng bohle. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Bona dintlha tsena tse tharo tse etsang hore re dumele seo.

9. Jehova o amana jwang le mangeloi, hona taba eo re ka e tshwantsha jwang le koloi?

9 Kamano ya Jehova le mangeloi. Ponong ena, terone ya Jehova e dutse hodima dikerubime. Ditemaneng tse ding tsa Bibele, Jehova o hlaloswa ka tsela e tshwanang. O hlaloswa a dutse teroneng ka hodima dikerubime kapa pakeng tsa tsona. (Bala 2 Marena 19:15; Ex. 25:22; Pes. 80:1) Ha se hore ehlile Jehova o dutse hodima dikerubime tseo jwalo ka ha eka o hloka hore di mo kakase kapa hona hore o hloka ho palama koloi eo. Taba ya hore o dutse ka hodima tsona e bontsha hore dikerubime tsena di tshehetsa bobusi ba hae ka ha a ka di roma hohle ho phetha thato ya hae. Jwalo ka mangeloi a mang kaofela, le tsona di sebeletsa Jehova ka ho etsa thato ya hae. (Pes. 104:4) Ka kutlwisiso eo, Jehova o dutse hodima tsona kaofela, o a di laola jwalo ka ha eka ke koloi e le nngwe e kgolo e kopaneng.

10. Keng e bontshang hore koloi ya Modimo ha e tshwantshetse dikerubime tse nne feela?

10 Koloi ya Modimo ha e tshwantshetse dikerubime feela. Ezekiele o bone dikerubime tse nne. Hangata ka Bibeleng palo nne e hlalosa ntho e felletseng kapa e kwetseng. Ho hlakile hore dikerubime tse nne di emela mangeloi ohle a tshepahalang. Hlokomela hore mabidi le dikerubime tsena di tletse mahlo hohle e leng se bolelang hore mangeloi ohle a dula a le tjhatsi ebile a fadimehile, eseng dikerubime tsena tse nne feela. Ha Ezekiele a hlalosa boholo ba koloi ena, re hlokomela hore e ne e le kgolo hoo le dikerubime di neng di le nyenyane haholo ha di bapiswa le yona. (Ezek. 1:18, 22; 10:12) Ka tsela e tshwanang, karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova e kgolo haholo, e feta hole dikerubime tsena tse nne.

Ezekiele o ne a hloletswe ke pono ya koloi ya Jehova (Sheba serapa sa 8 ho ya ho sa 10)

11. Pono ya Daniele e tshwana jwang le ya Ezekiele, hona re ka etsa qeto efe?

11 Daniele o ile a bona pono e tshwanang ya lehodimo. Moprofeta Daniele o qetile dilemo tse ngata a le botlamuweng Babilona mme le yena o ile a bona pono ya lehodimo. Ntho e makatsang ke hore ponong ya hae terone ya Jehova e ntse e ena le mabidi. Pono ya Daniele e bua haholo ka lelapa le leholo la Jehova le lehodimong. Daniele o ile a bona “dikete tsa dikete le dimilione tse ngata” tsa mangeloi a Jehova a eme ka pela hae. A ne a dutse ka pela Modimo e le lekgotla, le leng le le leng sebakeng sa lona. (Dan. 7:9, 10, 13-18) Na ha se ntho e utlwahalang ho dumela hore pono ya Ezekiele e emela lekgotla le tshwanang la lehodimo?

12. Ho ithuta boprofeta bo kang boo ba Ezekiele ba pono ya koloi ya Modimo ho tla re sireletsa jwang?

12 Jehova o a tseba hore re tla sireletseha ha feela re dula re nahana ka dintho tsa lehodimo tseo moapostola Pauluse a reng ke “dintho tseo re sa di boneng.” Hobaneng? Ka ha re batho ba nama le madi, re tlwaetse ho nahana haholo ka “dintho tseo re di bonang” e leng ditlhoko tsa rona tsa nakwana (Bala 2 Bakorinthe 4:18.) Satane o tseba bofokodi boo ba rona mme o re tshwara hona moo. O etsa hore re qetelle re le batho ba dulang ba nahana ka dintho tseo re di bonang. E le hore re hlole maqiti ana a Satane, Jehova o re file dintho tse ka re thusang tse kang boprofeta bona ba Ezekiele bo re thusang ho tseba lelapa la Jehova le leholo le lehodimong.

“Mabidi Tsamayang!”

13, 14. (a) Ezekiele o ile a hlalosa mabidi ao a a boneng jwang? (b) Ke hobaneng ha ho nepahetse hore ebe koloi ya Jehova e na le mabidi?

13 Qalong Ezekiele o ile a shebisisa dikerubime tsane tse nne. Kgaolong ya 4 ya buka ena, re tla ithuta hore na dikerubime tseo le tjhebahalo ya tsona e sa tlwaelehang e re rutang ka Jehova. Le ha ho le jwalo, Ezekiele o ile a bona mabidi a mane a le pela dikerubime, ho bonahala a ne a le mahlakoreng a mane. (Bala Ezekiele 1:16-18.) A ne a bonahala a entswe ka lejwe la bohlokwa la krisolite leo e ka nnang yaba le ne le bonaletsa hape le le lesehla kapa le le bosehla bo botala. Le ne le le letle ebile le phatsima.

14 Ntho e neng e hlile e hlahelletse haholo ponong ena ya Ezekiele ke mabidi a koloi. Ka nnete e ne e le ntho e sa tlwaelehang haholo hore ebe terone e na le mabidi. Terone ke ntho eo re tlwaetseng e dula nqa e le nngwe hobane ho na le moo matla a marena a lefatshe a fellang teng. Empa Mmuso wa Jehova o fapane hole le mebuso ya batho. Jwalo ka ha Ezekiele a ne a tla ithuta ha pono ena e ntse e tswela pele, Jehova o na le matla a ho busa dintho tsohle. (Neh. 9:6) Mmuso wa hae o ka busa kae kapa kae.

15. Ezekiele o ile a bona mabidi a le maholo hakae ebile a bopehile jwang?

15 Ezekiele o ne a sa kgolwe boholo ba mabidi a koloi ena. O ile a re: “Dirimi tsa mabidi ao a mane di ne di phahame ka tsela e makatsang.” Re se re ka inahanela Ezekiele e le eo a sheba hodimo e le hore a bone dirimi tsena tse phatsimang tse boholo bo fihlang mahodimong. O ile a boela a bua ntho ena e makatsang: “Dirimi tsa mabidi ao a mane di ne di . . . tletse mahlo ka hohle.” Mohlomong ntho e neng e makatsa ka ho fetisisa ke tsela e sa tlwaelehang eo mabidi ana a neng a entswe ka yona. Ezekiele o ile a hlalosa mabidi ao tjena: “A ne a bonahala a entswe jwalo ka ha eka lebidi le ka hara lebidi le leng.” Mantswe aa a bolelang?

16, 17. (a) Ho bolelwang ha ho thwe lebidi le ka hara lebidi le leng? (b) Mabidi aa a re rutang ka bokgoni ba koloi ya Jehova ba ho tjeka?

16 Ho bonahala lebidi ka leng leo Ezekiele a le boneng e ne e le mabidi a mabedi a kopaneng, le leng le shebile kwana, le leng le shebile kwana. Ke ka hoo a neng a kgona ho etsa ntho ena eo Ezekiele a e hlalosang: “Ha a tsamaya, a ne a kgona ho ya mahlakoreng a wona a mane a sa tjeke.” Mabidi aa a re rutang ka koloi eo Ezekiele a e boneng?

17 Mabidi a boholo bo makatsang tjena a ka tsamaya sebaka se selelele a bidikile hanngwe feela. Ha e le hantle, ponong ena ho bonahala hore koloi eo e ne e fofa ka lebelo le kang la lehadima. (Ezek. 1:14) Mabidi ana a ikgetha ka ntho e nngwe hape. Ha ho na moenjiniere ofe kapa ofe lefatsheng ya ka kgonang ho etsa mabidi a tshwanang le ana. Koloi ena e kgona ho ya mahlakoreng ohle e sa hloke ho fokotsa lebelo kapa ho tjeka. Empa ha se hore e tjeka feela e sa shebe hore na e ya hokae. Ka ha e na le mahlo diriming, e kgona ho bona ntho e nngwe le e nngwe e e potapotileng.

Mabidi a ne a le boholo bo makatsang ebile lebelo la ona le tshabeha (Sheba serapa sa 17)

18. Re ka ithutang ka boholo ba mabidi a koloi eo le ka mahlo a yona a mangata?

18 Keng eo Jehova a neng a e ruta Ezekiele le bahlanka bohle ba hae ka karolo e lehodimong ya mokgatlo wa hae? Nahana ka seo re seng re ithutile sona ho fihlela hona jwale. Mabidi ao a phatsimang a maholo a bontsha hore karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova e kgolo ebile e lokela ho hlomphuwa. Taba ya hore ebe mabidi a tletse mahlo ka hohle e a bontsha hore karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova e bona ntho e nngwe le e nngwe. Esita le Jehova ka boyena o bona ntho e nngwe le e nngwe. (Diprov. 15:3; Jer. 23:24) Hape o na le mangeloi a dimilione a mo sebeletsang ao a ka a romang kae kapa kae moo a batlang. Mangeloi ana a sheba ntho e nngwe le e nngwe ka hloko ebe a kgutlisetsa tlaleho ho Mmusi wa ona.—Bala Baheberu 1:13, 14.

Tsela eo mabidi a entsweng ka yona e thusa koloi hore e kgone ho tjekela hohle (Sheba serapa sa 17 le 19)

19. Lebelo la koloi ya Jehova le taba ya hore e kgona ho tjekela hohle di re rutang ka Jehova le ka karolo e lehodimong ya mokgatlo wa hae?

19 Hape re a ithuta hore lebelo la koloi ena le a tshabeha ebile e kgona ho tjekela hohle. Nahana ka phapang e teng dipakeng tsa karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova le mebuso ya batho le mekgatlo ya bona. Mebuso le mekgatlo ya batho ha e tsebe ho rarolla mathata a lefatshe ebile ha e kgone ho fetoha le maemo. Ka lebaka leo, e ke ke ya atleha ebile e tla fela. Empa koloi ya Jehova yona e bontsha hantle hore e kgannwa ke Modimo ya bohlale le ya fetohang le maemo. Lebitso la hae ka bolona le a bontsha hore e ka ba eng kapa eng e hlokahalang e le hore a phethahatse morero wa hae. (Ex. 3:13, 14) Mohlala, a ka fetoha ka ho panya ha leihlo hore e be Mohlabani ya matla ya lwanelang batho ba hae. A ka boela a fetoha kapele, ya eba Modimo ya mohau ya tshwarelang dibe tsa rona le ya thobang dipelo tsa baetsadibe ba bakileng.—Pes. 30:5; Esa. 66:13.

20. Ke hobaneng ha re lokela ho hlompha koloi ya Jehova?

20 Boemong bona pono ya Ezekiele e ka etsa hore e mong le e mong wa rona a ipotse: ‘Na ka nnete ke hlompha koloi ee ya Jehova?’ Re lokela ho hopola hore koloi ena e emela dintho tse etsahalang hona jwale. Le ka mohla re se ke ra nahana hore Jehova, Mora wa hae le mangeloi ohle ha ba bone mathata a re nyahamisang. Hape re se ke ra tshwenyeha hobane re nahana hore Jehova o tla dieha ho re fa dintho tseo re di hlokang kapa ra nahana hore mokgatlo wa hae o tla hloleha ho fetoha le maemo lefatsheng lena leo re sa tsebeng hore na ho tla etsahalang hosane. Re lokela ho hopola hore mokgatlo wa Jehova o sebetsa ka thata ebile o dula o hatela pele. Ezekiele o ile a utlwa lentswe le hlahang lehodimong le reng: “Mabidi tsamayang!” (Ezek. 10:13) Ha re nahana ka tsela eo Jehova a tsamaisang mokgatlo wa hae ka yona, na ha re utlwe re hloletswe? Empa re utlwa re hlollwa le ho feta ha re nahana ka Jehova ka boyena.

Mokganni wa Koloi

21, 22. O ka hlalosa jwang hore na keng e tshwereng koloi?

21 Ezekiele o ile a sheba ka hodima mabidi ao yaba o bona “ntho e kang sepakapaka se benyang jwalo ka leqhwa ebile se hlolla.” (Ezek. 1:22) Sepakapaka seo se ne se le hodimo haholo le dihlooho tsa dikerubime, se kganya ebile se benya. Boemong bona motho ya nang le ditsebo tsa metjhine a ka nna a ipotsa dipotso di hana ho fela ka koloi ena. Mohlala, a ka nna a re: ‘Keng e tshwereng sepakapaka see hore se dule se le ka hodima mabidi? Mabidi aa a kgona jwang ho ya pele empa a sa kopanngwa ka diase?’ O hopole hore koloi ena ke koloi ya tshwantshetso e bontshang dintho tse etsahalang lehodimong. Ka hoo ha e sebetse ka tsela e tshwanang le eo dikoloi tse entsweng ke batho di sebetsang ka yona. Hape hlokomela ntlha ena ya bohlokwa: “Moya o neng o tataisa mangeloi ao o ne o boetse o le mabiding.” (Ezek. 1:20, 21) Ke moya ofe oo o neng o tataisa dikerubime ebile o le mabiding?

22 Ha re hloke le ho ipotsa, e ne e le moya o halalelang wa Jehova, moya o matla ka ho fetisisa bokahohleng bohle. Moya oo ke wona o tshwereng koloi ena. O e fa matla ebile o a e laola hore e tsamaye ka tsela e hlophisehileng hantle. Re sa ntse re nahanne ka taba ena, a re ke re bueng ka hore na Ezekiele o reng ka ya ntseng a kganna koloi ena.

Ezekiele o ne a bona ntho e mo makatsang hoo a sitwang ho fumana mantswe a nepahetseng a ho e hlalosa

23. Ezekiele o sebedisa dipolelwana dife ho leka ho hlalosa Jehova? Hobaneng?

23 Bala Ezekiele 1:26-28. Ha Ezekiele a hlalosa pono ena, ka makgetlo a mmalwa o sebedisa dipolelwana tse kang “ntho e shebahalang jwalo ka,” “ho bonahala eka” le “ntho e kang.” Empa ditemaneng tsena o di sebedisa hangata le ho feta. Ntho eo Ezekiele a e bonang e mo makatsa hoo a sitwang ho fumana mantswe a nepahetseng a ho e hlalosa. O bona “ntho e shebahalang jwalo ka terone e entsweng ka lejwe la safire.” Nahana feela terone e entsweng ka lejwe le leholo le boputswa bo tebileng la safire! Hodima yona “ho ne ho bonahala eka ho dutse motho.”

24, 25. (a) Mookodi o potapotileng terone ya Jehova o re hopotsang? (b) Dipono tse kang ee di ile tsa etsa hore bahlanka ba bang ba Jehova ba ikutlwe jwang?

24 Ezekiele o ne a bona hore ho na le motho teroneng feela a sa mo bone hantle hobane ho tloha thekeng ho ya tlase le ho tloha thekeng ho ya hodimo, Jehova o ne a ntsha malakabe a kganyang. Re se re ka inahanela Ezekiele a tlameha ho penya mahlo le ho theha meriti ha a ntse a shebile ntho eo e kganyang e kang motho. Ka mora moo, Ezekiele a bona ntho ena e ileng ya mo qetela: “Ho ne ho ena le kganya e mo potolohileng e jwalo ka ’mookodi o bang teng marung ha pula e na.” Na ha o thabe ha o bona mookodi? Mookodi oo o re hopotsa ka moo Jehova a kganyang ka teng. Hape o ka re hopotsa selekane sa kgotso seo Jehova a ileng a se etsa ka mora hore a fedise lefatshe ka morwallo. (Gen. 9:11-16) Le hoja Jehova a le matla ohle, ke Modimo wa kgotso. (Baheb. 13:20) Ka pelong ya hae ho rena kgotso mme o e fa batho bohle ba mo rapelang ka botshepehi.

Mookodi o kganyang o potapotileng terone ya Jehova o re hopotsa hore re sebeletsa Modimo wa kgotso (Sheba serapa sa 24)

25 Ezekiele o ile a ikutlwa jwang ka mora hore a bone kganya ya Jehova Modimo ponong ee? O re: “Ha ke e bona ke ile ka kgumama.” Ka lebaka la ho hlollwa le ho tshoha, Ezekiele o ile a kgumama. Ho na le baprofeta ba bang ba ileng ba ikutlwa ka tsela e tshwanang ha ba bona dipono tse tswang ho Jehova hobane dintho tseo ba di bonang di ne di hlolla ka tsela e tshosang. (Esa. 6:1-5; Dan. 10:8, 9; Tshen. 1:12-17) Ha morao tumelo ya bona e ile ya matlafala haholo ka lebaka la seo Jehova a ileng a ba senolela sona. Re kgodisehile hore ho ile ha eba jwalo le ka Ezekiele. Jwale rona re lokela ho ikutlwa jwang ha re bala boprofeta bo kang boo?

26. Pono eo Ezekiele a e boneng e ile ya mo matlafatsa jwang?

26 Haeba Ezekiele o ne a ena le dipelaelo, a tshwenyehile ka boemo ba batho ba Modimo ba Babilona, e tlameha ebe pono ena e ile ya mo matlafatsa. Ho hlakile hore ho ne ho sa tsotellehe hore na bahlanka ba Modimo ba hokae, hore na ba Jerusalema kapa ba Babilona, koloi e hlollang ya Jehova e ne e ka fihla hohle moo ba leng teng. Satane ha a na matla a ho sitisa Modimo ya laolang karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Modimo. (Bala Pesaleme ya 118:6.) Ezekiele o ile a bona hore koloi ya lehodimo ha e hole le batho hobane mabidi a yona a ne a thetsitse lefatsheng. (Ezek. 1:19) Taba ena e bontsha hore Jehova o ne a ntse a tsotella batho ba hae ba tshepahalang ba botlamuweng. Ntate wa bona ya lerato o ne a tla dula a ba tsotella ho sa tsotellehe hore na ba hokae.

Koloi ya Lehodimo e o Ama Jwang?

27. Pono ya Ezekiele e ka re tswela molemo jwang mehleng ee?

27 Le rona mehleng ena, pono ya Ezekiele e ka re tswela molemo. Hopola hore Satane o dula a batla ho hlasela borapedi ba nnete ba Jehova. O batla hore re ikutlwe eka re bang, ha re na mang we re be re utlwe eka re hole le Ntate wa rona ya lehodimong le mokgatlo wa hae. Le ka mohla o se ke be wa dumela mashano ao a Satane. (Pes. 139:7-12) Le hoja re ke ke ra wa fatshe jwalo ka Ezekiele, le rona re lokela ho ikutlwa re hloletswe ke tsela eo karolo e lehodimong ya mokgatlo wa Jehova wa bokahohleng bohle o leng matla, o leng lebelo, o kgemang le dinako le ka moo o fetofetohang le maemo ka teng.

28, 29. Keng e bontshang hore haesale koloi ya Jehova e ntse e tsamaya dilemong tse lekgolo tse fetileng?

28 Mokgatlo wa Jehova o boetse o na le karolo e lefatsheng. Karolo ena e lefatsheng e entswe ka batho ba sa phethahalang empa Jehova o e sebedisitse ho etsa dintho tse kgolo. Lefatsheng lohle, o thusitse batho hore ba etse dintho tseo ba neng ba ke ke ba kgona ho di etsa ka matla a bona. (Joh. 14:12) Ha re sheba bukeng ya Mmuso wa Modimo o a Busa! re bona mosebetsi o tswileng matsoho wa ho ruta batho ka Modimo o entsweng dilemong tse lekgolo tse fetileng. Re ka boela ra hopola hore mokgatlo wa Jehova o sebeditse ka thata ho ruta Bakreste ba pele, ho hlola dinyewe le ho sebedisa marangrang a moraorao bakeng sa ho phetha thato ya Modimo.

29 Ha re sheba dintho tseo mokgatlo wa Jehova o seng o di entse ho tsosolosa borapedi ba nnete mehleng ena ya bofelo, eo ho yona re buswang ke mebuso e kgopo, ho hlakile hore haesale koloi ya Modimo e ntse e tsamaya. Ka nnete ke tlotla e kgolo hore ebe re karolo ya mokgatlo ona le hore re sebeletsa Mmusi ya tshwanang le Jehova.—Pes. 84:10.

Karolo e lefatsheng ya mokgatlo wa Jehova e dula e ya pele (Sheba serapa sa 28 le 29)

30. Re tlo bua kang kgaolong e latelang?

30 Le ha ho le jwalo, ho sa na le dintho tse ngata tseo re tlo ithuta tsona ponong ena ya Ezekiele. Kgaolong e latelang, re tlo ithuta haholwanyane ka “mangeloi” a mane kapa dikerubime le hore na a re rutang ka Mmusi wa rona Jehova Modimo.

a Ezekiele o buile ka motswako wa kgauta le silevera.

b Dikhilomithara tseo tse 800 e ne e le tsa tsela e tobileng e yang Babilona empa ho ka etsahala hore ebe bona ba tsamaile ka tsela e bolelele ba dikhilomithara tse 1 600.