Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 4

‘Mangeloi a Nang le Difahleho Tse Nne’ ke Bomang?

‘Mangeloi a Nang le Difahleho Tse Nne’ ke Bomang?

EZEKIELE 1:15

NTLHAKGOLO: Seo pono ya mangeloi a mane e re rutang sona

1, 2. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding Jehova a ne a sebedisa dipono le ditoro ho bolella bahlanka ba hae ba lefatsheng dintho tse ding?

 NAHANA ka lelapa le nang le bana ba banyenyane le dutse tafoleng le ntse le ithuta Bibele. Ntate wa bona o ba bontsha ditshwantsho tse ba thusang ho utlwisisa lengolo leo ba ntseng ba ithuta lona. Bana bana ba a thaba hobane ba utlwisisa seo ntate wa bona a ntseng a ba ruta sona. Ditshwantsho tsena di thusa bana ho utlwisisa dithuto tsa Jehova tseo ba neng ba ke ke ba di utlwisisa ho latela dilemo tsa bona.

2 Ka tsela e tshwanang, ntate wa rona Jehova o sebedisitse dipono le ditoro ho re thusa ho utlwisisa dintho tse lehodimong tseo re neng re ke ke ra kgona ho di utlwisisa. Ka mohlala, Jehova o ile a bontsha Ezekiele pono e nang le ditshwantsho tse re thusang ho utlwisisa hore na Jehova o jwang. Re se re ithutile ka setshwantsho se seng kgaolong e fetileng. Hona jwale a re bueng ka setshwantsho se seng se hlahileng ponong eo, re bone hore na ho se utlwisisa ho tla re thusa jwang hore re be metswalle ya Jehova.

“Ka Bona . . . Dintho Tse Kang Mangeloi a Mane”

3. (a) Ho ya ka lengolo la Ezekiele 1:4, 5, Ezekiele o ile a bonang ponong? (Sheba setshwantsho se qalang.) (b) Ezekiele o sebedisitse dipolelwana tse kang dife ho hlalosa dintho tseo a di boneng ponong?

3 Bala Ezekiele 1:4, 5. Ezekiele o hlalosa “dintho tse kang mangeloi” tse nang le ditshobotsi tsa mangeloi, batho le diphoofolo. Hlokomela hore na Ezekiele o hlalosa seo a se boneng ka tsela e hlakileng jwang. O re o bone “dintho tse kang” mangeloi. Ha o ntse o bala ka pono e kgaolong ya pele ya Ezekiele, o tla hlokomela hore hangata moprofeta enwa o sebedisa dipolelwana tse kang “dintho tse kang,” “e ne eka” le “e shebahalang jwalo ka.” (Ezek. 1:13, 24, 26) Ho hlakile hore Ezekiele o ile a hlokomela hore dintho tseo a di bonang ke ditshwantsho tsa dintho tse sa bonahaleng tse lehodimong.

4. (a) Pono ee e ile ya etsa hore Ezekiele a ikutlwe jwang? (b) E ka nna yaba Ezekiele o ne a tsebang ka dikerubime?

4 E tlameha ebe Ezekiele o ile a utlwa a hloletswe ke dintho tseo a ileng a di bona le ho di utlwa ponong eo. Mangeloi ao a ne a tshwana le “mashala a hlenneng a mollo.” A ne a fofa ka lebelo hoo e neng eka “ho hlaha lehadima.” “Mapheo a wona a ne a etsa modumo o kang wa metsi a phallang ka matla.” “Ha a tsamaya, e ne eka modumo wa lebotho.” (Ezek. 1:13, 14, 24-28; sheba lebokose le reng “Ke ne ke ‘Shebile Mangeloi.’”) Ponong e nngwe, Ezekiele o ile a hlokomela hore mangeloi ane a mane ke “dikerubime” kapa mangeloi a matla. (Ezek. 10:2) Ho ka etsahala hore ebe Ezekiele o ne a tseba hore dikerubime di amana le hore Modimo o teng le hore di a mo sebeletsa hobane o holetse lelapeng la boprista.—1 Dikron. 28:18; Pes. 18:10.

“Le Leng le le Leng le ne le Ena le Difahleho Tse Nne”

5. (a) Dikerubime le difahleho tsa tsona tse nne di bontsha jwang hore Jehova o matla haholo ebile o hlompheha haholo? (b) Ke hobaneng ha dikerubime tse nne di re hopotsa moelelo wa lebitso la Modimo? (Sheba naletsana.)

5 Bala Ezekiele 1:6, 10. Ezekiele o ile a boela a hlokomela hore kerubime ka nngwe e na le difahleho tse nne. E ne e ena le sefahleho sa motho, sa tau, sa poho le sa ntsu. Ha Ezekiele a bona difahleho tseo tse nne, e tlameha ebe o ile a hlokomela hore Jehova o matla haholo ebile o hlompheha haholo ho feta ka moo a neng a nahanne ka teng. Re tjho jwalo hobane sefahleho ka seng e ne e le sa sebopuwa se emelang boholo le matla. Tau ke phoofolo e kgolo, poho le yona e kgolo ebile e matla athe motho yena o hlompheha ho feta dintho tsohle tseo Modimo a di bopileng lefatsheng ebile o fuwe matla a ho di laola. (Pes. 8:4-6) Le ha ho le jwalo, ponong ena, Ezekiele o ile a bona hore dikerubime tsena tse nang le difahleho tse nne di ka tlasa terone ya Jehova e leng yena ya nang le matla a ho busa dintho tsohle. Taba ena e bontsha hantle hore Jehova a ka sebedisa dintho tseo a di bopileng ho phetha morero wa hae. a Efela mopesaleme o ne a bua nnete ha a re ka Jehova: “Ke yena ya hlomphehang ka ho fetisisa lefatsheng le lehodimong.”—Pes. 148:13.

Dikerubime le difahleho tsa tsona tse nne di re rutang ka matla a Jehova, ho hlompheha ha hae le makgabane a hae? (Sheba serapa sa 5 le 13)

6. E ka nna yaba keng e thusitseng Ezekiele ho utlwisisa hore na difahleho tsena tsa dikerubime di emelang?

6 Ka mora nako ha Ezekiele a se a nahanisisitse ka pono eo a e boneng, e ka nna yaba o ile a hopola hore bahlanka ba Modimo ba phetseng pele ho yena ba ile ba sebedisa dipapiso tsa diphoofolo. Ka mohlala, Jakobo o ne a ile a tshwantsha mora wa hae Juda le tau, Benjamine yena a mo tshwantsha le phiri. (Gen. 49:9, 27) Hobaneng? Hobane tau le phiri di na le makgabane ao Benjamine le Juda ba neng ba tla tsebahala ka wona. Ka hoo, ha Ezekiele a nahana ka mehlala ena e hlahang mangolong a halalelang ao Moshe a a ngotseng, e ka nna yaba o ile a nka hore difahleho tsa dikerubime tsane le tsona di emela makgabane a itseng a ikgethang. Ke makgabane afe ao?

Makgabane a Jehova le a Lelapa la Hae le Lehodimong

7, 8. Difahleho tse nne tsa dikerubime di emela makgabane afe a mane?

7 Bangodi ba Bibele ba phetseng pele ho Ezekiele ba bapisitse tau, ntsu le poho le makgabane afe? Utlwa hore na ba itseng ditemaneng tsena: “Monna ya sebete sa tau.” (2 Sam. 17:10; Diprov. 28:1) ‘Ntsu e fofela hodimo’ le “mahlo a yona a kgona ho bona hole.” (Jobo 39:27, 29) “Matla a poho a etsa hore ho be le dijo tse ngata.” (Diprov. 14:4) Ho ya ka mangolo ana, sefahleho sa tau e sebete se tshwantshetsa toka, sefahleho sa ntsu se tshwantshetsa bohlale bo bongata ebe sefahleho sa poho sona se tshwantshetsa matla a maholo jwalo ka ha re ye re bone ho ngotswe dingolweng tsa rona.

8 Sefahleho “sa motho” sona se emelang? (Ezek. 10:14) Se emela ntho eo diphoofolo di ke keng tsa kgona ho ba le yona, ke batho feela ba ka bang le yona hobane ba bopilwe ba tshwana le Modimo. (Gen. 1:27) Ntho ena e ikgethang e hlakisitswe taelong ena ya Modimo e reng: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle” le e reng “o rate motho e mong jwalo ka ha o ithata.” (Deut. 6:5; Lev. 19:18) Ha re mamela ditaelo tsena ka hore re rate batho ba bang ka sohle seo re nang le sona, re a bontsha hore Jehova le yena o lerato. Le moapostola Johanne o ile a re: “Re bontsha lerato hobane Modimo o ile a re rata pele.” (1 Joh. 4:8, 19) Ke ka hoo sefahleho “sa motho” se emelang lerato.

9. Makgabane a emelwang ke difahleho tsa dikerubime ke a mang?

9 Makgabane aa ke a mang? Ka ha difahleho tsena ke tsa dikerubime, ho hlakile hore makgabane ana ke a lelapa la Jehova le lehodimong la mangeloi le emelwang ke dikerubime tsena tse ponong. (Tshen. 5:11) Ho feta moo, Jehova ke yena ya bopileng dikerubime tsena, e leng hore ke yena mohlodi wa makgabane ana. (Pes. 36:9) Ka hona, makgabane a emelwang ke difahleho tsa dikerubime ke a Jehova ka boyena. (Jobo 37:23; Pes. 99:4; Diprov. 2:6; Mik. 7:18) Jehova yena o bontsha makgabane aa ka ditsela dife?

10, 11. Ke melemo efe eo re e fumanang ka lebaka la makgabane a mane a Jehova a maholo?

10 Toka. Ka ha Jehova ke Modimo ya ‘ratang toka,’ ha a ‘tshware motho le ha e le ofe ka leeme.’ (Pes. 37:28; Deut. 10:17) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re na le monyetla wa ho dula re le bahlanka ba Jehova le ho fumana ditlhohonolofatso tse sa feleng ho sa tsotellehe hore na maemo a rona ke afe kapa hore na re tswa ditsong dife. Bohlale. Ka ha Jehova “o bohlale,” o re file buka e nang le dikeletso tse ngata tse “bohlale.” (Jobo 9:4; Diprov. 2:7) Ha re di mamela, re kgona ho sebetsana le mathata a re hlahelang letsatsi le letsatsi le ho phela bophelo bo monate. Matla. Jehova o sebedisa moya wa hae o halalelang ho re fa “matla a sa tlwaelehang” hobane ke Modimo ya “matla haholo.” Matla ao a sa tlwaelehang a re thusa ho mamella mathata le ha e le afe a boima a ka re hlahelang.—Nah. 1:3; 2 Bakor. 4:7; Pes. 46:1.

11 Lerato. Ha ho mohla Jehova a lahlang bahlanka ba hae hobane o “lerato.” (Pes. 103:8; 2 Sam. 22:26) Ka hoo, le haeba re se re sa kgone ho sebeletsa Jehova haholo jwalo ka pele hobane re kula kapa re hodile, re tshediswa ke taba ya hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oo re mo etseditseng wona ka lerato. (Baheb. 6:10) Ho hlakile hore ho na le melemo eo re e fumanang hobane Jehova a na le toka, a le bohlale, a le matla ebile a le lerato. Makgabane ana a Jehova a mane a maholo a tla dula a re tswela molemo le nakong e tlang.

12. Keng eo re lokelang ho dula re e hopola ka dintho tseo re di utlwisisang ka makgabane a Jehova?

12 Re lokela ho hopola hore dintho tseo rona batho re di utlwisisang ka makgabane a Jehova “ke dinyane feela tsa ditsela tsa hae.” (Jobo 26:14) “Ha ho motho ya ka utlwisisang Ya Matla ohle.” “O moholo ka tsela eo re ke keng ra e utlwisisa.” (Jobo 37:23; Pes. 145:3) Makgabane a Jehova a mangata haholo hoo re ke keng ra kgona ho a bala kapa ho a beha ka mekgahlelo. (Bala Baroma 11:33, 34.) Pono ena ya Ezekiele e a re bontsha hore makgabane a Jehova a mangata hoo re ke keng ra kgona ho a bala kapa ho a lekanya. (Pes. 139:17, 18) Ke karolo efe ya pono ya Ezekiele e tiisang taba ee ya bohlokwa?

“Difahleho Tse Nne . . . Mapheo a Mane

13, 14. Difahleho tse nne tsa dikerubime di emelang, hona ke hobaneng ha re tjho jwalo?

13 Ponong, Ezekiele o ile a bona hore kerubime ka nngwe e na le difahleho tse nne. Taba ee e bontshang? Hopola hore ka Lentsweng la Modimo, palo nne e sebediswa hangata bakeng sa ntho e kwetseng kapa e felletseng. (Esa. 11:12; Mat. 24:31; Tshen. 7:1) Ponong ena ka ho kgetheha, Ezekiele o sebedisitse palo nne ka makgetlo a ka hodimo ho 11. (Ezek. 1:5-18) Jwale re ka etsa qeto efe? Jwalo ka ha re ithutile hore dikerubime tse nne di emela mangeloi ohle, difahleho tse nne tsa dikerubime le tsona ha di kopane kaofela di emela makgabane ohle a Jehova. b

14 E le hore o tle o utlwisise hore difahleho tse nne tsa dikerubime ha di emele makgabane a mane feela a Jehova, ere re bapise difahleho tsena le mabidi a mane a hlahang ponong ena. Lebidi ka leng le leholo empa ha mabidi ao a mane a nkwa e le ntho e le nngwe, e ba karolo ya bohlokwa ya koloi ya Jehova hobane a e jere. Ha e sa ba mabidi a mane a ikemetseng. Ka tsela e tshwanang, ha difahleho tsena tse nne di kopane kaofela, ha di emele makgabane a mane feela a Jehova a ikemetseng. Di emela makgabane ohle a Jehova mme makgabane ao ke karolo ya bohlokwa ya botho ba hae.

Jehova o Rata Bahlanka ba Hae

15. Pono ya pele ya Ezekiele e ile ya mo ruta thuto efe ya bohlokwa?

15 Ponong ena ya pele, Ezekiele o ile a ithuta thuto ya bohlokwa le e kgothatsang ka kamano ya hae le Jehova. Thuto ena e hlaha mantsweng a qalang a ngotsweng ke moprofeta enwa. Ka mora hore Ezekiele a bolele hore o ne a le “naheng ya Bakalde,” o ile a bua ka ntho eo a ileng a e utlwa a re: “Ha ke le moo, ka utlwa matla a Jehova a le hodima ka.” (Ezek. 1:3) Hlokomela hore Ezekiele o re o ile a bontshwa pono a le moo Babilona c eseng Jerusalema. Taba ee e ile ya mo rutang? O ile a ithuta hore le haeba a ne a le Babilona ebile a le hole le Jerusalema le tempele, o ne a se hole le Jehova ebile o ne a ntse a ka mo rapela. Taba ya hore Jehova o ile a hlaha ho Ezekiele a le Babilona e a bontsha hore borapedi ba nnete ha bo re na motho o hokae le hore na o boemong bofe. Taba ya bohlokwa e ne e le hore Ezekiele a rate Jehova ka pelo yohle le hore a batle ho mo sebeletsa.

16. (a) Pono ya Ezekiele e ka re tshedisa jwang? (b) Keng e etsang hore o sebeletse Jehova ka pelo yohle ya hao?

16 Thuto eo Ezekiele a ileng a ithuta yona e re tshedisa jwang? E a re kgodisa hore haeba re sebeletsa Jehova ka dipelo tsohle, o tla dula a le haufi le rona ho sa tsotellehe hore na re hokae, re nyahame hakae kapa re maemong afe. (Pes. 25:14; Dik. 17:27) Ka ha Jehova o rata mohlanka e mong le e mong wa hae, ha a re nyahamele kapele. (Ex. 34:6) Re ka kgodiseha hore Modimo o tla dula a re rata. (Pes. 100:5; Bar. 8:35-39) Hape, pono ena e re bontshitse hore Jehova o a halalela le hore o matla haholo, e a re hopotsa hore ke Jehova feela eo re lokelang ho mo rapela. (Tshen. 4:9-11) Ka nnete re leboha Jehova haholo hore ebe o sebedisitse dipono tse kang ena ho re thusa ho utlwisisa dithuto tsa bohlokwa ka yena le ka makgabane a hae. Ho utlwisisa makgabane a Jehova haholwanyane ho etsa hore re mo rate le ho feta le hore re mo rorise le ho mo sebeletsa ka dipelo tsohle le ka matla ohle.—Luka 10:27.

Modimo o tla dula a o rata (Sheba serapa sa 16)

17. Re tlo araba dipotso dife dikgaolong tse latelang?

17 Ka bomadimabe, mehleng ya Ezekiele borapedi ba nnete bo ile ba silafatswa. Ho tlile jwang? Jehova o ile a etsang? Diketsahalo tsa mehleng eo di re ama jwang mehleng ee? Re tlo araba dipotso tsena dikgaolong tse latelang.

a Tlhaloso ya Ezekiele ya mangeloi ana e re hopotsa lebitso la Modimo e leng Jehova. Lebitso leo le bolela “Ke Tla ba Seo ke Kgethang ho ba Sona.” Tlhaloso ya lebitso la hae e a bontsha hore a ka sebedisa dintho tseo a di bopileng hore e be eng kapa eng e le ho phethahatsa morero wa hae.—Sheba Ntlha ya A4 Bibeleng ya Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

b Ka dilemo tse ngata, dingolwa tsa rona di ile tsa bua ka makgabane a fapaneng a 50 a Jehova.—Sheba Watch Tower Publications Index tlasa sehlooho se reng “Jehovah” sehloohwaneng se reng “Qualities by Name.”

c Setsebi se seng sa Bibele se re: “Lentswe ‘moo’ le bontsha ka moo Ezekiele a neng a hloletswe ka teng. . . . Modimo o ne a le moo Babilona. Matshediso a makaalo!”