Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 2

“Modimo o Ile a Amohela” Dimpho Tsa Bona

“Modimo o Ile a Amohela” Dimpho Tsa Bona

BAHEBERU 11:4

NTLHAKGOLO: Tsela eo Jehova a nnileng a hlophisa borapedi ba nnete ka yona

1-3. (a) Re tlo araba dipotso dife? (b) Re tlo bua ka dintho dife tse nne tsa bohlokwa tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete? (Sheba setshwantsho se qalang.)

 ABELE o disitse mohlape. Haesale a hlokomela diphoofolo tsena ka lerato ho tloha ha di qeta ho hlaha. Jwale ke eo o kgetha tse ding ka hloko, o a di hlaba ebe o di fa Modimo e le mpho. Na Jehova o tla amohela sehlabelo see seo a se etsetswang ke motho ya sa phethahalang?

2 Ha moapostola Pauluse a ngola ka Abele o ile a re: “Modimo o ile a amohela dimpho tsa hae.” Le ha ho le jwalo, Jehova ha a ka a amohela mpho ya Kaine. (Bala Baheberu 11:4.) Taba ena e etsa hore re ipotse dipotso tsena: Ke hobaneng ha Modimo a ile a amohela mpho ya Abele empa a sa ka a amohela ya Kaine? Re ka ithutang ho Kaine, Abele le ba bang bao ho buuweng ka bona ho Baheberu kgaolo ya 11? Dikarabo tsa dipotso tsena di tla re thusa hore re utlwisise hore na hantlentle keng e hlokahalang borapeding ba nnete.

3 Ha re ntse re hlahloba kakaretso e kgutshwanyane ya dintho tse etsahetseng ho tloha mehleng ya Abele ho tla fihla mehleng ya Ezekiele, hlokomela dintlha tsena tse nne tse etsang hore borapedi e be bo amohelehang ho Modimo: (1) Motho ya lokelang ho rapelwa ke Jehova, (2) borapedi e lokela ho ba ba boleng bo phahameng, (3) mokgwa wa borapedi e lokela ho ba o amohelwang ke Modimo, (4) motho o lokela ho ba le sepheo se setle.

Ke Hobaneng ha Jehova a sa ka a Amohela Borapedi ba Kaine?

4, 5. Keng e entseng hore Kaine a etse qeto ya hore o lokela ho rapela Jehova?

4 Bala Genese 4:2-5. Kaine o ne a tseba hore motho eo a lokelang ho mo rapela ke Jehova. O ne a ena le menyetla e mengata le nako e ngata ya ho ithuta ka Jehova. Mohlomong yena le ngwanabo Abele ba ne ba le dilemo di ka bang 100 ha ba fa Jehova dimpho. a Le hoja ba hotse ba tseba serapa sena se setle sa Edene, ho ka etsahala hore ebe ba ne ba se bonela hojana. Mohlomong ba ne ba bile ba bona dikerubime tse thibileng tsela e kenang ho sona. (Gen. 3:24) Ho ka etsahala hore ebe batswadi ba bona ba ile ba ba bolella hore Jehova ke yena ya bopileng dintho tsohle le hore morero wa hae ka bophelo o ne o fapane hole le bophelo boo ba bo phelang, e leng bophelo bo lebisang lefung. (Gen. 1:24-28) Ho ka etsahala hore ebe Kaine o ne a batla ho fa Modimo mpho hobane a ne a tseba ka dintho tsena kaofela.

5 E ka nna yaba ke eng hape e ileng ya etsa hore Kaine a batle ho fa Jehova mpho? Jehova o ne a boletse esale pele hore ho tla hlaha “ngwana” ya tla kgoba “noha” hlooho, e leng yona e ileng ya thetsa Eva hore a etse sebe se seholo. (Gen. 3:4-6, 14, 15) Ka ha Kaine e ne e le mora wa letsibolo, e ka nna yaba o ne a nahana hore ke “ngwana” eo. (Gen. 4:1) Ho ekelletsa moo, Jehova o ne a ntse a tswela pele ho bua le batho bao ba baetsadibe hobane le ka mora hore Adama a etse sebe, o ile a nna a bua le yena a sebedisa lengeloi. (Gen. 3:8-10) Hape Jehova o ile a bua le Kaine ka mora hore a fane ka mpho ya hae. (Gen. 4:6) Kaine o ne a tseba hantle hore Jehova ke yena ya lokelang ho rapelwa.

6, 7. Hlalosa hore na ho ne ho ena le ntho e phoso ka boleng ba mpho ya Kaine kapa mokgwa oo a faneng ka mpho ya hae ka wona.

6 Jwale ke hobaneng ha Jehova a sa ka a amohela mpho ya Kaine? Na ho ne ho ena le ntho e phoso ka boleng ba mpho ya hae? Bibele ha e re bolelle. E re bolella feela hore Kaine o ile a fana ka “dijo tse tswang masimong.” Molao oo Jehova a ileng a o fa Moshe ha morao o ile wa bontsha hore o amohela dimpho tsa mofuta oo. (Num. 15:8, 9) Hape hopola hore mehleng eo, batho ba ne ba ja meroho feela. (Gen. 1:29) Ka ha Modimo o ne a itse sebaka se ka thoko ho Edene se ke ke sa eba le mobu o motle, Kaine o ile a lokela ho sebetsa ka thata pele a fana ka mpho ya hae. (Gen. 3:17-19) Le hoja Kaine a ile a sebetsa ka thata ho hlahisa dijo tse ntle, Jehova ha a ka a amohela mpho ya hae.

7 Na ho ne ho ena le ntho e phoso ka mokgwa oo Kaine a faneng ka mpho ya hae ka wona? Ha ho bonahale eka Kaine o ile a fana ka mpho ka tsela eo Jehova a sa e amoheleng. Re tjho jwalo hobane ha Jehova a sa amohele mpho ya Kaine, ha a ka a nyatsa mokgwa oo mpho e neng e fanwe ka wona. Ha e le hantle, ha ho na moo ho buuwang ka hore na Kaine le Abele ba ile ba fana ka dimpho tsa bona jwang. Jwale bothata bo ne bo le hokae?

Sepheo sa Kaine se ne se le sebe (Sheba serapa sa 8 le 9)

8, 9. (a) Ke hobaneng ha Jehova a sa ka a amohela Kaine kapa mpho ya hae? (b) Keng e ikgethang ka boitsebiso boo Bibele e faneng ka bona ka Kaine le Abele?

8 Mantswe ao Pauluse a a ngoletseng Baheberu a bontsha hore sepheo sa Kaine se ne se se setle. Kaine o ne a se na tumelo. (Baheb. 11:4; 1 Joh. 3:11, 12) Ke lona lebaka le entseng hore Jehova a se ke a amohela Kaine ka boyena, eseng mpho ya hae feela. (Gen. 4:5-8) Jehova o ile a leka ho thusa mora enwa wa hae hobane ke Ntate ya lerato. Empa Kaine ha a ka a amohela thuso eo ya Jehova. Ka ha Kaine ha a ka a mamela ha Jehova a mo thusa ho fetola mekgwa ena ya hae e mebe, o ile a fetella. (Bagal. 5:19, 20) Pelo e mpe ya Kaine e entse hore le mahlabelo ao a neng a a etseditse Jehova e be a lefeela. Mohlaleng wa Kaine re ithuta hore Jehova ha a kgahlwe feela ke seo re se etsang empa o batla hore re se etse ka pelo yohle.

9 Bibele e re bolella dintho tse ngata ka Kaine. Re bona ha Jehova a bua le yena, re bala dikarabo tsa hae, re ithuta mabitso a bana ba hae le dintho tse ding tseo ba di entseng. (Gen. 4:17-24) Ha e le Abele yena, ha ho na moo Bibele e reng o ile a ba le bana ebile ha e re bolelle dintho tseo a ileng a di bua. Le ha ho le jwalo, le mehleng ena re ntse re ithuta dinthong tseo Abele a ileng a di etsa. Ka tsela efe?

Abele o Bontshitse Hore na Jehova o Lokela ho Rapelwa Jwang

10. Re ithutang ho Abele ka borapedi ba nnete?

10 Ha Abele a etsetsa Jehova mpho, o ne a tseba hore motho ya lokelang ho amohela mpho eo ke Jehova feela. Boleng ba mpho ya Abele e ne e le bo ikgethang, o ne a kgethile “matsibolo a diphoofolo tsa hae.” Ha ho na moo ho buuwang ka hore na o ile a fana ka mpho ya hae aletareng kapa tjhe empa Jehova o ne a se na bothata le mokgwa oo ka wona a ileng a fana ka yona. Ntho e ikgethang ka mpho ya Abele ke sepheo sa hae sa ho fana ka yona. Le hoja ho se ho fetile dilemo tse dikete tse tsheletseng a fane ka mpho eo ya hae, re ntse re ithuta mohlaleng wa hae le kajeno. Abele o fane ka mpho ya hae hobane a ne a ena le tumelo ho Modimo ebile a rata melao ya hae e lokileng. Re tseba jwang?

Abele o ile a etsa dintho tse nne tsa bohlokwa tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete (Sheba serapa sa 10)

11. Ke hobaneng ha Jesu a ile a re Abele o lokile?

11 A re ke re bueng pele ka hore na Jesu o ile a reng ha a bua ka Abele, monna eo a neng a mo tseba hantle. Ha Abele a phela, Jesu o ne a se a ntse a le teng lehodimong mme o ne a rata mora enwa wa Adama haholo. (Diprov. 8:22, 30, 31; Joh. 8:58; Bakol. 1:15, 16) Ha Jesu a ne a hlalosa hore Abele ke monna ya lokileng, o ne a bua ka ntho eo a e tsebang hantle hobane o ne a mo tseba. (Mat. 23:35) Motho ya lokileng ke ya dumelang hore ke Jehova ya lokelang ho beha melao ya hore na ke dintho dife tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ha a felle moo feela. Dintho tseo a di etsang le tseo a di buang di a bontsha hore o rata melao eo. (Bapisa le Luka 1:5, 6.) Ho nka nako hore motho a nkwe a lokile. E leng hore le pele Abele a fa Modimo mpho ya hae, e tlameha ebe o ne a phela ka tsela e bontshang hore o rata melao ya Jehova. Ho hlakile hore ho phela ka tsela eo ho ne ho se bonolo. Kaine o ne a se a le kgopo haholo, ka hoo ho ka etsahala hore ebe o ne a sa thuse ngwanabo hore a rate Jehova. (1 Joh. 3:12) Mme wa Abele ha a ka a mamela taelo e tobileng ya Modimo. Ntate wa hae le yena o ile a itaola a batla ho iketsetsa qeto ya hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng. (Gen. 2:16, 17; 3:6) Sebete sa Abele se a tsoteha hobane o ile a batla ho phela bophelo bo fapaneng hole le boo ba lelapa labo ba neng ba bo kgethile!

12. Ntho ya bohlokwa e neng e etsa hore Kaine le Abele ba fapane ke efe?

12 Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a amahanya tumelo le ho loka jwang. O ile a re: “Ka ha Abele o ne a ena le tumelo, o ile a etsetsa Modimo sehlabelo sa boleng bo phahameng ho feta sa Kaine. Ka lebaka la tumelo eo, o ile a fuwa bopaki ba hore o lokile.” (Baheb. 11:4) Mantswe a Pauluse a ne a bontsha hore ho fapana le Kaine, haesale Abele a ena le tumelo e matla ho Jehova bophelo bohle ba hae ebile a rata tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona.

13. Re ithutang ho Abele?

13 Mohlaleng wa Abele re ithuta hore re lokela ho rapela Jehova ka sepheo se setle, e leng hore re lokela ho dumela ho Jehova ka pelo yohle le hore re rate melao ya hae. Ho ekelletsa moo, ha ho a lekana ho rapela Jehova ka tsela e nepahetseng hanngwe feela empa re lokela ho mo rapela ka tsela e nepahetseng bophelo bohle ba rona.

Dihlooho Tsa Malapa di Etsisa Abele

14. Ke hobaneng ha Jehova a ile a amohela dimpho tse fanweng ke Noe, Abrahama le Jakobo?

14 Abele e ne e le motho wa pele wa moetsadibe ya ileng a rapela Jehova ka tsela e nepahetseng empa e ne e se wa ho qetela. Moapostola Pauluse o bua ka batho ba bang ba ileng ba rapela Jehova ka tsela e nepahetseng, e leng Noe, Abrahama le Jakobo. (Bala Baheberu 11:7, 8, 17-21.) E mong le e mong wa bona o kile a etsetsa Jehova sehlabelo se amohelehang. Jehova o ile a amohela dimpho tsa bona hobane ba ile ba etsa dintho tsohle tsa bohlokwa tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete eseng hanngwe feela. A re bueng ka hore na ba ile ba etsang.

Mahlabelo a Noe a ne a bontsha hantle hore na o sebeletsa mang (Sheba serapa sa 15 le 16)

15, 16. Noe o ile a etsa dintho dife tsa bohlokwa tse nne tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete?

15 Noe o phetse dilemo tse 126 ka mora hore Adama a shwe. Le ha ho le jwalo, lefatshe le ne le se le senyehile ke borapedi ba bohata. b (Gen. 6:11) Pele ho Morwallo, hara batho bohle ba neng ba phela lefatsheng, ke Noe le lelapa la hae feela ba neng ba sebeletsa Jehova ka tsela eo a e amohelang. (2 Pet. 2:5) Ka mora hore Noe a pholohe Morwallo, o ile a ikutlwa a tlameha ho hahela Jehova aletare e le hore a mo etsetse mahlabelo mme ke yona aletare ya pele eo ho buuweng ka yona ka Bibeleng. Ntho eo Noe a ileng a e etsa e ile ya bontsha lelapa la hae le batho bohle ba neng ba tla tswalwa ke yena hore ke Jehova feela ya lokelang ho rapelwa. Ha a ne a kgetha diphoofolo tseo a neng a tlo etsetsa Jehova mpho ka tsona, o ile a “nka diphoofolo tse ding ho tsohle tse hlwekileng le dibopuwa tse ding ho tsohle tse fofang tse hlwekileng.” (Gen. 8:20) Diphoofolo tsena e ne e le tsa boleng bo hodimo haholo hobane Jehova ke yena ya neng a itse di hlwekile.—Gen. 7:2.

16 Noe o ile a nyehela mahlabelo ana hodima aletare eo a e hahileng. Jehova o ile a amohela mokgwa ona wa borapedi. Bibele e re Jehova o ile a utlwa monko o monate wa nyehelo ya Noe mme o ile a mo hlohonolofatsa le bara ba hae. (Gen. 8:21; 9:1) Le ha ho le jwalo, ntho e ka sehloohong e entseng hore Jehova a amohele mpho ya Noe ke sepheo sa hae sa ho e fana. Dinyehelo tseo Noe a ileng a di etsa di ne di bontsha hore o dumela ho Jehova ka pelo yohle ebile o rata melao ya hae. Bibele e re “Noe o ne a tsamaya le Modimo wa nnete” hobane o ne a dula a mamela Jehova a bile a hlompha melao ya hae. Ka lebaka leo, Noe o ile a tuma ka hore ke monna ya lokileng.—Gen. 6:9; Ezek. 14:14; Baheb. 11:7.

17, 18. Abrahama o ile a etsa dintho dife tsa bohlokwa tse nne tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete?

17 Abrahama o ne a dula sebakeng seo ho nang le batho ba rapelang medimo ya bohata. Motseng wa Abrahama wa Ure ho ne ho ena le tempele e hlaheletseng moo ho neng ho rapelwa modingwana wa kgwedi ya bitswang Nanna. c Le ntate wa Abrahama ho na le nako eo a neng a rapela medingwana ena ya bohata. (Josh. 24:2) Le ha ho le jwalo, Abrahama o ile a kgetha ho sebeletsa Jehova. Ho ka etsahala hore ebe o ile a ithuta ka Modimo wa nnete ho mora e mong wa Noe ya bitswang Sema. Abrahama o ne a ena le dilemo tse 150 ha Sema a hlokahala.

18 Ha Abrahama a ntse a phela o entse mahlabelo ka makgetlo a mangata. Empa mahlabelo ana kaofela ao a neng a a etsa o ne a a etsetsa Jehova e leng yena feela ya lokelang ho rapelwa. (Gen. 12:8; 13:18; 15:8-10) Na Abrahama o ne a ikemiseditse ho fa Jehova mpho ya boleng bo hodimo? Ho jwalo hobane o ile a ba a ya boholeng ba hore a ikemisetse ho fana ka mora wa hae eo a mo ratang, Isaka. Nakong eo Abrahama a neng a yo etsa sehlabelo ka mora wa hae, Jehova o ile a mo bolella hantle hore na a etse sehlabelo sa hae ka mokgwa ofe. (Gen. 22:1, 2) Abrahama o ne a ikemiseditse ho latela taelo eo ya Jehova hantle e le jwalo. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a thiba Abrahama hore a se ke a bolaya mora wa hae. (Gen. 22:9-12) Jehova o ile a amohela borapedi ba Abrahama hobane bo ne bo etswa ke motho ya nang le sepheo se setle. Pauluse o ile a ngola a re: “Abrahama o ile a bontsha tumelo ho Jehova mme a nkwa e le motho ya lokileng.”—Bar. 4:3.

Jakobo o bontshitse lelapa la hae hore na Jehova o lokela ho rapelwa jwang (Sheba serapa sa 19 le 20)

19, 20. Jakobo o ile a etsa dintho dife tsa bohlokwa tse nne tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete?

19 Jakobo o ile a qeta nako e ngata a phela Kanana, e leng naha eo Jehova a ileng a e tshepisa Abrahama le ditloholo tsa hae. (Gen. 17:1, 8) Naha ya Kanana e ne e tletse bodumedi ba bohata hoo Jehova a ileng a re batho ba teng “ba tla lelekwa naheng ya bona.” (Lev. 18:24, 25) Jakobo o ile a tloha Kanana ha a le dilemo di 77, a nyala yaba ha morao o kgutla a se a ena le lelapa le leholo. (Gen. 28:1, 2; 33:18) Empa ba bang lelapeng la hae moo, ba ne ba kgaoditse ho rapela Modimo wa nnete. Le ha ho le jwalo, ha Jehova a re Jakobo a ye Bethele a yo mo hahela aletare, Jakobo ha a ka a tsilatsila empa o ile a ya. Ntho ya pele eo a ileng a e jwetsa lelapa la hae ke ho re: “Lahlang medimo ya ditshwantsho e ho lona, le itlhwekise.” Ka mora moo, ka botshepehi bohle o ile a latela ditaelo tsohle tseo Jehova a neng a mo file tsona mabapi le ho ya Bethele hore a yo mo hahela aletare.—Gen. 35:1-7.

20 Jakobo o ile a haha dialetare tse ngata Naheng e Tshepisitsweng empa ka mehla o ne a rapela Jehova e leng yena ya lokelang ho rapelwa. (Gen. 35:14; 46:1) Ha Bibele e bua ka Jakobo e re ke “monna ya se nang molato,” e leng polelwana e sebediswang ha ho buuwa ka motho ya amohelwang ke Modimo. E mo hlalosa jwalo hobane boleng ba mahlabelo a hae, mokgwa oo a neng a rapela Jehova ka wona le sepheo seo a neng a etsa mahlabelo ka sona di ne di kgahlisa Jehova. (Gen. 25:27) Tsela eo Jakobo a neng a phela ka yona, e ile ya behela setjhaba sohle sa Iseraele mohlala e leng setjhaba se neng se tla hlaha ho yena.—Gen. 35:9-12.

21. Re ithutang ka borapedi ba nnete ho banna bao e neng e le dihlooho tsa malapa?

21 Re ithutang ka borapedi ba nnete ho banna baa bao e neng e le dihlooho tsa malapa? Jwalo ka bona, le rona re phela hara batho ba ka re sitisang ho sebeletsa Jehova ka dipelo tsohle. Mohlomong batho bao ba ka akareletsa beng ka rona. E le hore re se ke ra iphumana re tlohetse ho sebeletsa Jehova, re lokela ho ba le tumelo e matla ho yena le hore re ikgodise hore melao ya hae e dula e lokile. Re bontsha hore re na le tumelo ka hore re mamele Jehova, re mo fe nako ya rona, matla le dintho tseo re nang le tsona e le hore re mo sebeletse. (Mat. 22:37-40; 1 Bakor. 10:31) Ke ntho e thabisang ho tseba hore haeba re sebeletsa Jehova kahohle ka moo re ka kgonang ebile e le ka tsela eo a e thabelang le sepheo sa rona se le setle, o nka re lokile.—Bala Jakobo 2:18-24.

Setjhaba se Rapelang Jehova ka Tsela e Nepahetseng

22-24. Molao o ile wa hatisa jwang hore na mpho e lokela ho fuwa mang, e be ya boleng bofe le hore na e lokela ho fanwa ka mokgwa ofe?

22 Jehova o ile a fa ditloholo tsa Jakobo Molao e le hore di se ke tsa ipotsa hore na o rata ha di etsang. Haeba di ne di mamela Jehova, e ne e tla ba ‘thepa ya hae e kgethehileng’ le ‘setjhaba sa hae se halalelang.’ (Ex. 19:5, 6) Hlokomela hore na Molao o hatisa dintlha tse nne tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete jwang.

23 Jehova o ile a hlakisetsa setjhaba sa Iseraele hore na ke mang ya lokelang ho rapelwa. O ile a re ho sona: “O se ke wa rapela medimo e meng ntle ho nna.” (Ex. 20:3-5) Mahlabelo a sona a ne a lokela ho ba a boleng bo hodimo ka ho fetisisa. Mohlala, diphoofolo tseo se neng se etsa mahlabelo ka tsona e ne e lokela ho ba tse phetseng hantle. (Lev. 1:3; Deut. 15:21; bapisa le Malakia 1:6-8.) Le hoja Balevi ba ne ba fumana molemo dimphong tse neng di fuwa Jehova, le bona ba ne ba lokela ho fana ka dimpho. Ba ne ba lokela ho fana ka “dimpho tsohle tse ntlehadi” ho tseo ba neng ba di filwe. (Num. 18:29) Baiseraele ba ile ba bolellwa mokgwa oo ba lokelang ho rapela Jehova ka wona. Ba ile ba bolellwa hore na ha ba etsa mahlabelo ba etse mahlabelo a eng, ba a etsetse hokae le hore na ba a etse jwang. Ba ne ba fuwe melao e ka hodimo ho 600 e neng e ba thusa ho bona hore na ba lokela ho etsa dintho jwang. Ho ile ha thwe ho bona: “Le etse bonnete ba hore le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona. Le se ke la kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.”—Deut. 5:32.

24 Na ho ne ho le bohlokwa hore na Baiseraele ba etsetsa mahlabelo a bona hokae? E. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba hahe tabernakele. Ke hona moo ba neng ba rapella Jehova teng. (Ex. 40:1-3, 29, 34) Baiseraele ba ne ba lokela ho isa mahlabelo a bona tabernakeleng haeba ba ne ba batla hore Modimo a a amohele. dDeut. 12:17, 18.

25. Hlalosa hore na ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa e ne e le eng ha ho etswa mahlabelo.

25 Le ha ho le jwalo, ntho ya bohlokwa le ho feta e ne e le sepheo seo Baiseraele ba neng ba etsa dinyehelo ka sona. Ba ne ba lokela ho etsa dinyehelo hobane ba rata Jehova le melao ya hae ka dipelo tsohle. (Bala Deuteronoma 6:4-6.) Ha Baiseraele ba ne ba rapela Jehova hobane feela ba tlamehile, o ne a sa amohele mahlabelo a bona. (Esa. 1:10-13) Jehova o ile a sebedisa moprofeta Esaia ho bolella Baiseraele hore o kgona ho bona ha batho ba etsa eka ba a mo rata. O ile a re: “Batho bana . . . ba ntlhompha ka melomo feela empa dipelo tsa bona di suthetse hole le nna.”—Esa. 29:13.

Ho Rapellwa Tempeleng

26. Ke dintho dife tse amanang le borapedi ba nnete tse neng di etsetswa tempeleng e hahilweng ke Solomone?

26 Dilemo tse ngata ka mora hore Baiseraele ba dule Naheng e Tshepisitsweng, Morena Solomone o ile a haha tempele e neng e tla sebediswa bakeng sa borapedi ba nnete. Tempele eo e ne e le kgolo ebile e le ntle ho feta tabernakele. (1 Mar. 7:51; 2 Dikron. 3:1, 6, 7) Ka ha Jehova ke yena feela ya lokelang ho rapelwa, qalong mahlabelo a neng a etsetswa tempeleng ena a ne a etsetswa yena feela. Solomone le Baiseraele ba ile ba etsa mahlabelo a mangata a boleng bo hodimo ebile e le ka mokgwa oo Molao wa Modimo o laetseng ka teng. (1 Mar. 8:63) Le ha ho le jwalo, boleng ba mohaho le palo ya mahlabelo a entsweng e ne e se tsona tse neng di etsa hore Jehova a amohele mahlabelo a etsetswang tempeleng eo. Ntho ya bohlokwa e ne e le sepheo seo mahlabelo a neng a etswa ka sona. Solomone o ile a hatisa taba ena ha ho ne ho kgakolwa tempele a re: “Sebeletsang Jehova Modimo wa rona ka dipelo tsa lona tsohle ka hore le mamele ditaelo tsa hae le melao ya hae letsatsing lena.”—1 Mar. 8:57-61.

27. Baiseraele le marena a bona ba ile ba etsang, hona Jehova o ile a etsang?

27 Ka bomadimabe, Baiseraele ba ile ba kgaotsa ho mamela keletso eo e bohlale ya morena. Baiseraele ba ile ba hloleha ho phetha dintho tse ding tsa bohlokwa tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete. Marena a Iseraele le setjhaba sa ona ba ile ba itumella hore ba sitelwe Jehova, ba kgaotsa ho dumela ho yena hape ba tlohela melao ya hae. Kahobane Jehova o ne a rata setjhaba sa hae, ka makgetlo a mangata o ile a romela baprofeta e le hore a se kgalemele le ho se hopotsa hore se tla kotula dintho tse bohloko ka lebaka la diketso tsa sona. (Jer. 7:13-15, 23-26) E mong wa baprofeta bao ba tshepahalang e ne e le Ezekiele. O phetse nakong eo batho ba neng ba sa nkele borapedi ba nnete hloohong.

Ezekiele o Bona ha Borapedi ba Nnete bo Silafatswa

28, 29. Re tsebang ka Ezekiele? (Sheba lebokose le reng “Bophelo ba Ezekiele le Hore na o Phetse Neng.”)

28 Ezekiele o ne a tseba hantle hore na ho hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete tempeleng e hahilweng ke Solomone. Ntate wa hae e ne e le moprista. Ka hoo, e tlameha ebe ho ne ho ena le dinako tseo ka tsona a neng a sebeletsa tempeleng. (Ezek. 1:3) Ho ka etsahala hore ebe Ezekiele o hotse ha monate. Ntate wa hae o ile a mo ruta ka Jehova le ka Molao wa hae. Nakwana pele Ezekiele a hlaha, “buka ya Molao” e ile ya fumanwa ka tempeleng. e Morena ya neng a busa ka nako eo e leng Morena Josiase, o ile a ikemisetsa le ho feta ho etsa hore pusong ya hae batho ba bangata ba rapele Modimo ka tsela eo a e amohelang ka mora hore a utlwe dintho tse neng di ngotswe ka bukeng ya Molao.—2 Mar. 22:8-13.

Ntate wa Ezekiele o mo rutile ka Jehova le ka Molao wa hae (Sheba serapa sa 28)

29 Ezekiele o ile a etsisa banna ba tshepahalang ba phetseng pele ho yena ka hore a etse dintho tse nne tsa bohlokwa tse hlokahalang bakeng sa borapedi ba nnete. Ha re bala buka ya Ezekiele, re a ithuta hore o ne a sebeletsa Jehova feela, a dula a mo sebeletsa ka pelo yohle, a mamela melao ya hae ebile a mo sebeletsa ka tsela eo a neng a e batla. Ezekiele o ile a etsa dintho tsena tsohle hobane a ne a dumela ho Jehova ka pelo yohle ya hae. Dithaka tsa hae tsona di ne di fapane hole le yena. Ezekiele o hotse a mamela dintho tseo Jeremia a neng a di profeta. Jeremia o qadile mosebetsi wa hae wa ho profeta ka selemo sa 647 pele ho mehla ya Jesu. Ka mafolofolo Jeremia o ile a bolella setjhaba ka kahlolo ya Jehova e tlang.

30. (a) Re ithutang boprofeteng ba Ezekiele? (b) Boprofeta ke eng? Re lokela ho utlwisisa boprofeta ba Ezekiele jwang? (Sheba lebokose le reng “Utlwisisa Boprofeta ba Ezekiele.”)

30 Buka ya Ezekiele e bontsha ka moo batho ba Modimo ba neng ba se ba furaletse borapedi ba nnete ka teng. (Bala Ezekiele 8:6.) Ka mora hore Jehova a dumelle Babilona hore e hlole Juda, Ezekiele e ne e le e mong wa ba ileng ba iswa botlamuweng Babilona. (2 Mar. 24:11-17) Ezekiele o ne a se botlamuweng Babilona hobane Jehova a ne a mo file kotlo. O ne a le moo hobane Jehova a ne a mo file mosebetsi wa ho thusa batho ba hae ba moo. Dipono tse hlollang le boprofeta bo hlahang ka bukeng ya Ezekiele di bontsha ka moo borapedi ba nnete bo neng bo tla tsosoloswa ka teng Jerusalema. Re ithuta dintho tse ngata boprofeteng bona. Bo a re bolella hore na borapedi ba nnete bo ne bo tla tsosoloswa jwang Jerusalema le hore na bo tla tsosoloswa jwang bakeng sa batho bohle ba ratang Jehova.

31. Buka ee e tlo re thusa ho etsang?

31 Dikarolong tse latelang tsa buka ena, re tlo ithuta ka mahodimo ao Jehova a dulang ho ona re be re bone ka moo borapedi ba nnete bo ileng ba silafatswa ka teng. Re tla boela re ithute hore na Jehova o ile a tsosolosa borapedi ba nnete jwang le ka moo a sireletsang batho ba hae ka teng. Qetellong re tlo bona hore na ho tla ba jwang lefatsheng ha batho bohle ba se ba sebeletsa Jehova. Kgaolong e latelang, re tlo bua ka pono ya pele eo Ezekiele a ngotseng ka yona. Kgaolo ena e tlo re thusa hore re iketsetse setshwantsho sa hore na Jehova o jwang le hore na ha ho buuwa ka karolo e lehodimong ya mokgatlo wa hae ho buuwa kang. Hape re tla ithuta hore na ke hobaneng ha e le yena feela ya lokelang ho rapelwa.

a Ho ka etsahala hore ebe Abele o hlahile nako e kgutshwanyane ka mora hore Adama le Eva ba tebelwe serapeng sa Edene. (Gen. 4:1, 2) Genese 4:25 e re Modimo o fane ka Setha “bakeng sa Abele.” Ka mora hore Abele a bolawe ka sehloho, Setha o ile a hlaha ha Adama a le dilemo di 130. (Gen. 5:3) E ka nna yaba Abele o ne a le dilemo di 100 ha Kaine a mo bolaya.

b Genese 4:26 e re mehleng ya Enoshe setloholo sa Adama, “batho ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.” Le ha ho le jwalo, ho bonahala ba ne ba etsa jwalo ka mokgwa o sa hlompheng Jehova hobane mohlomong ba ne ba sebedisa lebitso la Jehova empa ba rapela medimo ya ditshwantsho.

c Lebitso le leng la modingwana Nanna e ne e le Sine. Le hoja batho ba bangata ba Ure ba ne ba rapela medimo e mengata, ditempele tsa teng le dialetare e ne e le tsa modingwana enwa.

d Ka mora hore Areka ya Modimo e tloswe tabernakeleng, ho bonahala eka Jehova o ile a dumella batho hore ba etsetse mahlabelo dibakeng tse ding ntle le tabernakeleng.—1 Sam. 4:3, 11; 7:7-9; 10:8; 11:14, 15; 16:4, 5; 1 Dikron. 21:26-30.

e Ho ka etsahala hore ebe Ezekiele o ne a le dilemo di 30 ha a qala ho profeta ka selemo sa 613 pele ho mehla ya Jesu. Mohlomong o hlahile ka selemo sa 643. (Ezek. 1:1) Josiase o qadile ho busa ka selemo sa 659. Ka hoo ho ka etsahala hore ebe buka ya Molao ya pele e ile ya fumanwa ka selemo sa bo18 a busa kapa hoo e ka bang dipakeng tsa selemo sa 642 le 641.