Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 17

“Ke Tla o Lwantsha Wena Gogo”

“Ke Tla o Lwantsha Wena Gogo”

EZEKIELE 38:3

NTLHAKGOLO: Kgaolong ena ho tlo hlaloswa hore na “Gogo” ke mang le hore na “naha” eo a e hlaselang ke efe

1, 2. Ke ntwa efe e kgolo e tlang mme ke dipotso dife tseo re ka ipotsang tsona ka yona? (Sheba setshwantsho se qalang.)

 DILEMONG tse ngata tse fetileng ho ile ha bolawa batho ba bangata ka sehloho lefatsheng, haholoholo ntweng ya pele le ya bobedi ya lefatshe dilemong tsa bo1900. Empa ntwa e kgolo ka ho fetisisa historing e sa tla. Le ha ho le jwalo, ntwa ena e ke ke ya eba dipakeng tsa ditjhaba tse lwantshanang ka lebaka la boithati. Ho ena le hoo, e tla be e le “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle.” (Tshen. 16:14) Ntwa ena e tla qala ka hore sera se seholo sa Modimo se hlasele naha eo Modimo a e ratang. Ntho ena e tla etsa hore Jehova Mmusi wa dintho tsohle a bonahatse matla a hae a maholo ka hore a fedise sera sena.

2 Re ka nna ra ipotsa dipotso tsena tse latelang: Sera see ke mang? Se tla hlasela naha efe? Se tla hlasela naha eo neng, jwang hona hobaneng? Ka ha diketsahalo tsena di a re ama rona ba rapelang Jehova ka tsela eo a e amohelang mona lefatsheng, re lokela ho tseba dikarabo tsa tsona. Re ka di fumana boprofeteng bo thabisang bo hlahang ho Ezekiele kgaolo ya 38 le 39.

Sera ke Gogo wa Magogo

3. Hlalosa dintlha tsa bohlokwa tse hlahang boprofeteng ba Ezekiele tse buang ka Gogo wa Magogo.

 3 Bala Ezekiele 38:1, 2, 8, 18; 39:4, 11. Dintlha tsa bohlokwa tsa boprofeta bona ke tsena: “Qetellong ka mora dilemo tse ngata,” sera se bitswang “Gogo wa . . . Magogo” se tla hlasela “naha” ya batho ba Modimo. Tlhaselo eo e tla etsa hore Jehova ‘a halefe haholo’ mme o tla lwana a hlole Gogo. a Jehova o tla hlola mme a fane ka sera sa hae le bohle ba se tshehetsang hore e be “dijo tsa dinonyana tsa mefuta yohle tse jang nama le dibata tsa naha.” Qetellong, Jehova o tla fa Gogo “sebaka sa lepato.” E le hore re utlwisise hore na boprofeta bona bo tlo phethahala jwang haufinyane, re lokela ho qala pele ka ho utlwisisa hore na Gogo ke mang.

4. Re ithutang ka Gogo wa Magogo serapeng see?

4 Gogo wa Magogo ke mang? Ho latela tlhaloso ya Ezekiele re ka re Gogo ke sera sa batho ba Modimo. Na Gogo ke Satane, e leng sera se seholo se sa batleng hore Jehova a rapelwe ka tsela e nepahetseng? Dilemong tse ngata tse fetileng dingolwa tsa rona di ne di tjho jwalo. Le ha ho le jwalo, kutlwisiso ya rona e ile ya ntlafatswa ha ho ntse ho hlahlojwa boprofeta ba Ezekiele haholwanyane. Tora ya ho Lebela e ile ya hlalosa hore Gogo wa Magogo ha se lengeloi empa ke sera sa Modimo e leng ditjhaba tse ikopantseng tse tla lwantsha barapedi ba nnete ba Modimo. b Pele re bua ka mabaka a hore na ke hobaneng ha re tjho jwalo, a re qaleng pele ka ho hlahloba dintlha tse pedi tse hlahang boprofeteng ba Ezekiele, tse bontshang hore Gogo ha se lengeloi.

5, 6. Boprofeteng ba Ezekiele keng e bontshang hore Gogo wa Magogo ha se lengeloi?

5 “Ke tla fana ka lona hore le be dijo tsa dinonyana tsa mefuta yohle tse jang nama.” (Ezek. 39:4) Hangata Bibele e bua ka dinonyana tse jang ditopo ha e lemosa batho ka kahlolo ya Modimo. Ena ke tsela eo Modimo a neng a lemosa setjhaba sa Iseraele le ditjhaba tse ding ka yona. (Deut. 28:26; Jer. 7:33; Ezek. 29:3, 5) Modimo o ne a sa lemose mangeloi empa o ne a lemosa batho. Taba ena e a utlwahala hobane dinonyana tse jang nama le dibata ho ke ke ha etsahala hore di je mangeloi empa di ja dintho tse lefatsheng. Ka hoo, temoso ena e hlahang boprofeteng ba Ezekiele e bontsha hore Gogo ha se lengeloi.

6 “Ke tla fa Gogo sebaka sa lepato Iseraele.” (Ezek. 39:11) Ka Bibeleng ha ho na moo ho thweng mangeloi a kile a patelwa lefatsheng. Ho ena le hoo, Satane le bademona ba hae ba tla kwallwa ka sekoting se tebileng ka dilemo tse 1 000 mme ha morao ba tla lahlelwa ka letsheng la mollo la tshwantshetso, le emelang ho fediswa ka ho sa feleng. (Luka 8:31; Tshen. 20:1-3, 10) Ka ha ho thwe Gogo o tlo fuwa “sebaka sa lepato” lefatsheng, ho a hlaka hore ha se lengeloi.

7, 8. “Morena wa leboya” o tla fediswa neng mme tsela eo a tla fediswa ka yona e tshwana jwang le eo Gogo wa Magogo a tla fediswa ka yona?

7 Haeba Gogo ha se lengeloi, jwale ke eng kapa ke mang sera see se tlo hlasela barapedi ba nnete? A re bueng ka dintlha tse pedi tsa boprofeta ba Bibele tse tla re thusa ho bona hore na Gogo wa Magogo ke mang.

8 “Morena wa leboya.” (Bala Daniele 11:40-45.) Daniele o ile a bua ka mebuso e matla ya lefatshe e neng e tla hlaha ho tloha mehleng ya hae ho fihlela mehleng ya rona. Hape boprofeta bo ile ba bua ka mebuso e neng e tla lwanela ho busa lefatshe. Dilemong tse makgolo tse fetileng ha dinaha di ntse di lwanela ho busa lefatshe, ho ile ha eba le mebuso e mengata e ileng ya eba “morena wa borwa” le “morena wa leboya.” Ha Daniele a bua ka seo morena wa leboya a neng a tla se etsa “nakong ya bofelo,” o re: “O tla tswa a halefile haholo hore a yo fedisa ba bangata.” Ha e le hantle, batho bao morena wa leboya a batlang ho ba hlasela ke barapedi ba Jehova. c Empa jwalo ka Gogo wa Magogo, morena wa leboya “o tla fediswa” ka mora hore a hlolwe ha a hlasela batho ba Modimo.

9. Keng e tla etsahalla Gogo wa Magogo e tshwanang le e tla etsahalla “marena a lefatshe lohle”?

9 “Marena a lefatshe lohle.” (Bala Tshenolo 16:14, 16; 17:14; 19:19, 20.) Buka ya Tshenolo e ile ya re “marena a lefatshe” a tla hlasela “Morena wa marena,” e leng Jesu ya lehodimong. Empa ka ha marena ana a ke ke a kgona ho fihla lehodimong, a tla hlasela batho ba tshehetsang Mmuso wa Modimo mona lefatsheng. Marena a lefatshe a tla hlolwa ka ntwa ya Armagedone. Hlokomela hore a tla fediswa ka mora hore a hlasele batho ba Jehova. Ho tla etsahala ntho e tshwanang le ka Gogo wa Magogo. d

10. Gogo wa Magogo ke mang?

10 Ka mora dintlha tseo re buileng ka tsona, re ka re Gogo ke mang? Ntlha ya pele ke hore Gogo ha se lengeloi. Ntlha ya bobedi ke hore Gogo o emela ditjhaba tsa lefatshe tse tla hlasela batho ba Modimo haufinyane. Ditjhaba tseo di tla ikopanya hore e be ntho e le nngwe. Hobaneng? Ditjhaba di tla lokela ho ikopanya e le hore di ba hlasele. (Mat. 24:9) Re a tseba hore Satane ke yena ya tla rera le ho hlophisa hore batho ba Modimo ba hlaselwe. Haesale a susumetsa ditjhaba tsa lefatshe hore di hanyetse barapedi ba nnete. (1 Joh. 5:19; Tshen. 12:17) Empa boprofeta ba Ezekiele bo hlalosang Gogo wa Magogo bo bua ka seo ditjhaba tsa lefatshe di tla se etsa ha di hlasela batho ba Jehova. e

“Naha” ke Eng?

11. Boprofeta ba Ezekiele bo hlalosa “naha” eo Gogo a tlo e hlasela jwang?

11  Serapeng sa boraro re ithutile hore Gogo wa Magogo o tla halefisa Jehova haholo ha a hlasela naha eo a e ratang. Naha eo ke efe? A re bueng hape ka boprofeta ba Ezekiele. (Bala Ezekiele 38:8-12.) Boprofeta boo bo re Gogo “o tla hlasela naha eo batho ba yona ba ileng ba kgutla” le “ba latilweng ditjhabeng tse ding.” Hape bo re barapedi ba nnete ba ileng ba kgutla, ba dulang naheng eo “ba dula ba sireletsehile,” “ba dula dibakeng tse sa sireletswang ka marako, mekwallo le dikeiti” ebile ba “bokella maruo.” Ena ke naha eo barapedi ba Jehova ba nnete ba lefatsheng lohle ba dulang ho yona. Naha ee re ka e tseba jwang?

12. Ho ile ha etsahalang naheng ya Iseraele ha Bajuda ba ne ba kgutla botlamuweng?

12 Ho bohlokwa ho nahana ka se ileng sa etsahala Iseraele ha batho ba Modimo ba ne ba kgutlela naheng ya habo bona, e leng naha eo ba neng ba dula ho yona, ba sebetsa ho yona ba bile ba sebeletsa Modimo ho yona ka dilemo tse ngata. Ha Baiseraele ba ne ba sa tshepahale, Jehova o ile a roma Ezekiele hore a profete hore naha ya bona e ne e tla senngwa mme e sale e se na baahi. (Ezek. 33:27-29) Empa Jehova o ile a boela a profeta hore ho ne ho tla ba le batho ba mmalwa ba neng ba tla kgutla botlamuweng Babilona ebe ba tsosolosa borapedi ba nnete naheng ya Iseraele. Jehova o ne a tla hlohonolofatsa naha ya Iseraele, e be ntle mme e ‘tshwane le serapa sa Edene.’ (Ezek. 36:34-36) Borapedi ba nnete bo ile ba boela ba eba teng hape ka selemo sa 537 pele ho mehla ya Jesu ha Bajuda ba tswang botlamuweng ba kgutlela Jerusalema naheng ya habo bona.

13, 14. (a) Naha ya batho ba Modimo ke eng? (b) Ke hobaneng ha Jehova a rata naha eo haholo?

13 Bodumedi ba nnete bo ile ba boela ba tsosoloswa mehleng ena. Kgaolong ya 9 ya buka ena re ithutile hore ka 1919 batho ba Modimo ba ile ba lokollwa botlamuweng Babilona e Moholo. Selemong seo, Jehova o ile a isa barapedi ba hae naheng ya bona. Naha eo ke tsela eo re phelang ka yona re thabile re bile re sireletsehile ha re ntse re sebeletsa Modimo wa rona. Naheng ena re dula re sireletsehile ebile re ena le kgotso. (Diprov. 1:33) Re rutwa dintho tse ngata tse matlafatsang tumelo ya rona ebile re etsa mosebetsi o kgotsofatsang ka ho bolella batho ka Mmuso wa Modimo. Re utlwisisa hantle mantswe ana a reng: “Tlhohonolofatso e tswang ho Jehova e ruisa motho ebile ha e tlise bohloko.” (Diprov. 10:22) Re tla dula re le naheng ena ho sa tsotellehe hore na re dula sebakeng sefe lefatsheng ha feela re tshehetsa borapedi ba nnete ka hore re etse dintho tseo Jehova a di ratang.

14 Jehova o rata naha ena haholo. Hobaneng? Hobane batho ba dulang ho yona ke batho bao a ileng a ba kgetha hore ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang mme ke “matlotlo a ditjhaba tsohle.” (Hag. 2:7; Joh. 6:44) Ba leka ka matla ho apara botho bo botjha bo bontshang makgabane a matle a Modimo. (Baef. 4:23, 24; 5:1, 2) Ka ha ke barapedi ba Jehova, ba thabela ho mo sebeletsa mme ba etsa seo ka tsela e bontshang hore ba a mo tlotlisa ebile ba a mo rata. (Bar. 12:1, 2; 1 Joh. 5:3) Jehova o a thaba ha a bona balatedi ba hae ba sebetsa ka thata ho kgabisa naha ena. Nahana ka taba ena, haeba o nka borapedi ba nnete e le ba bohlokwa bophelong ba hao, o tla be o etsa hore naha ya batho ba Modimo e be ntle ebile o tla thabisa pelo ya hae.—Diprov. 27:11.

Ho sa tsotellehe hore na re dula hokae, haeba re tshehetsa borapedi ba nnete, re naheng ya batho ba Modimo (Sheba serapa sa 13 le 14)

Gogo o Tla Hlasela Naha ya Batho ba Modimo

15, 16. Gogo wa Magogo o tla hlasela naha ya batho ba Modimo neng?

15 Ho tseba hore haufinyane ditjhaba tse ikopantseng di tla hlasela naha ya batho ba Modimo ho etsa hore re dule re fadimehile. Ka ha ho ile ha bolelwa esale pele hore rona barapedi ba Jehova ba nnete re tlo hlaselwa, re batla ho tseba haholwanyane ka taba eo. A re bueng ka dipotso tse tharo tseo re ka nnang ra ipotsa tsona.

16 Gogo wa Magogo o tla hlasela naha ya batho ba Modimo neng? Bibele e re: “Qetellong ka mora dilemo tse ngata, o tla hlasela naha.” (Ezek. 38:8) Sena se bontsha hore nako eo e tla fihla ha nako ya bofelo e se e atametse. Hopola hore mahlomola a maholo a tla qala ha ho fediswa Babilona e Moholo, e leng mokgatlo wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Ka mora hore borapedi ba bohata bo fediswe le pele Armagedone e qala, Gogo o tla hlasela batho ba Modimo ka lekgetlo la ho qetela.

17, 18. Jehova o tla laola dintho jwang nakong ya mahlomola a maholo?

17 Ke hobaneng ha Gogo a tla hlasela naha ya batho ba Jehova? Boprofeta ba Ezekiele bo bua ka dintlha tsena tse pedi. Ntlha ya pele, Jehova o tlo etsang ka mahlomola a maholo? Ntlha ya bobedi eo re tlo bua ka yona ke merero e mebe ya Gogo.

18 Jehova o tlo etsang ka mahlomola a maholo? (Bala Ezekiele 38:4, 16.) Utlwa hore na Jehova o reng ho Gogo: ‘Ke tla . . . o kenya dihakisi mehlahareng’ mme “ke tla etsa hore o lwantshe naha ya ka.” Na taba ee e bolela hore Jehova o tla qobella ditjhaba tse ding hore di lwantshe batho ba hae? Ha ho jwalo. Le ka mohla a ke ke a utlwisa batho ba hae bohloko. (Jobo 34:12) Jehova o a tseba hore dira tsa hae di tla hloya batho ba hae le hore di tla sebedisa monyetla le ha e le ofe hore di ba fedise. (1 Joh. 3:13) Jehova o tla etsa hore dintho di etsahale ho ya ka thato ya hae le ka nako eo a e behileng. Ho tla tshwana le ha eka o kenya Gogo dihakisi mehlahareng. Ka mora hore Babilona e Moholo e fediswe, Jehova a ka nna a susumetsa ditjhaba ho etsa ntho eo di neng di ntse di rerile ho e etsa. Ntwa e kgolo ya Armagedone e tla qala nakong eo ditjhaba di reng di hlasela batho ba Modimo. Ka nako eo, Jehova o tla pholosa batho ba hae mme a bontshe hore bobusi ba hae ke bona bo phahameng a be a halaletse lebitso la hae.—Ezek. 38:23.

Ditjhaba di tla leka ka hohle ho re thibela hore re se ke ra rapela Jehova hobane di hloile borapedi ba nnete le batho ba bo tshehetsang

19. Keng e tla etsa hore Gogo a batle ho fedisa borapedi ba nnete?

19 Merero e mebe ya Gogo. Ditjhaba di tla “rera morero o mobe.” Ditjhaba di tla ntshetsa bohale ho batho ba Jehova hobane esale di ba hloile. Ka nako eo bahlanka ba Jehova ba tla bonahala eka ha ba a sireletseha jwalo ka ha eka “ba dula dibakeng tse sa sireletswang ka marako, mekwallo le dikeiti.” Ditjhaba di tla boela di “inkele dintho tse ngata” ho ‘ba ntseng ba bokella maruo.’ (Ezek. 38:10-12) Ho buuwa ka “maruo” afe? Batho ba Jehova ba na le maruo a dintho tse ba thusang hore ba be le tumelo e matla. Ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang ke yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ho rona mme re rapela yena feela. Ditjhaba di tla leka ka hohle ho re thibela hore re se ke ra rapela Jehova hobane di hloile borapedi ba nnete le batho ba bo tshehetsang.

Gogo o tla “rera morero o mobe” wa ho fedisa borapedi ba nnete empa o tla hloleha (Sheba serapa sa 19)

20. Gogo o tla hlasela naha ya batho ba Modimo jwang?

20 Gogo o tla hlasela naha ya batho ba Modimo jwang? Ditjhaba di tla leka ho sitisa tsela eo re phelang ka yona jwalo ka Bakreste mme di leke le ho re thibela ho tswela pele ka borapedi ba rona. Mohlomong ka nako eo, di tla leka ho re thibela ho fumana dingolwa le divideo tse matlafatsang tumelo ya rona, di re thibele ho bokana ha mmoho, di senye bonngwe boo re nang le bona di be di re thibele ho bolela molaetsa wa Modimo ka tjheseho. Dintho tsena kaofela ke tsona tse re thabisang ebile ke lona letlotlo la rona la bohlokwa. Satane o tla susumetsa ditjhaba hore di leke ho fedisa borapedi ba nnete le batho ba bo tshehetsang mona lefatsheng.

21. Ke hobaneng ha re thaba hore ebe Jehova o re lemositse ka se tla etsahala haufinyane?

21 Gogo wa Magogo o tla hlasela naha ya batho ba Modimo ka hore a hlasele barapedi ba nnete. Re leboha Jehova ka hore ebe o re lemositse ka dintho tsena tse tla etsahala haufinyane. Ha re ntse re emetse mahlomola a maholo, re ka ikemisetsa ho tshehetsa borapedi ba nnete le ho etsa hore bo tle pele bophelong ba rona. Ha re etsa jwalo, re tla be re etsa hore naha ya batho ba Modimo e be ntle hona jwale. Hape re tla ba le monyetla wa ho bona ha ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa e etsahala haufinyane. Re tla bona ha Jehova a lwanela batho ba hae le lebitso la hae le halalelang ka ntwa ya Armagedone, e leng yona ntho eo re tla bua ka yona kgaolong e latelang.

a Kgaolong e latelang ya buka ena, re tlo bua ka hore na Jehova o tla halefela Gogo wa Magogo jwang hona neng.

c Daniele 11:45 e bontsha hore morena wa leboya o tla hlasela batho ba Modimo hobane e re morena eo “o tla hloma ditente tsa hae tsa borena pakeng tsa lewatle le leholo [Mediterranean] le thaba e halalelang ya Mokgabiso [moo tempele ya Modimo e kileng ya eba teng le moo batho ba Modimo ba neng ba mo rapela teng].”

d Bibele e boetse e bua ka tlhaselo ya “Moasiria” wa mehleng ena, ya tla batla ho fedisa batho ba Modimo. (Mik. 5:5) Bibele e ile ya bolela esale pele hore batho ba Modimo ba ne ba tla hlaselwa ke Gogo wa Magogo, morena wa leboya, marena a lefatshe le Moasiria. Ditlhaselo tsena kaofela ke tlhaselo e le nngwe e bitswang ka mabitso a fapaneng.

e Sheba Kgaolo ya 22 ya buka ena ho fumana dintlha tse hlalosang “Gogo le Magogo” eo ho builweng ka yena ho Tshenolo 20:7-9.