Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 7

Ditjhaba di “Tla Tseba Hore ke Nna Jehova”

Ditjhaba di “Tla Tseba Hore ke Nna Jehova”

EZEKIELE 25:17

NTLHAKGOLO: Dintho tseo re tlo ithuta tsona tseleng eo ditjhaba tse ileng tsa senya Jehova lebitso di ileng tsa tshwara Baiseraele ka yona

1, 2. (a) Baiseraele ba ne ba tshwana jwang le nku hara diphiri? (Sheba setshwantsho se qalang.) (b) Baiseraele le marena a bona ba ile ba etsang?

 KA DILEMO tse ngata, Baiseraele ba ne ba tshwana le nku hara diphiri. Baamone, Bamoabe le Baedomo e ne e le dira tsa Baiseraele tse ka botjhabela. Bafilista bona e ne e le dira tsa Baiseraele tse dulang ka bophirimela mme e bile dira tsa bona ka nako e telele. Ka leboya teng, e ne e le motse wa Tire o neng o ruile ebile e le sebaka se seholo haholo sa kgwebo. Ka borwa e ne e le Egepeta e neng e buswa ke Faro ya neng a nkwa e le Modimo.

2 Ha Baiseraele ba ne ba tshepa Jehova, o ne a ba sireletsa direng tsa bona. Empa ka makgetlo a mangata Baiseraele le marena a bona ba ile ba itumella hore ba susumetswe ke mekgwa ya ditjhaba tse haufi le bona. Morena Akabe ke e mong wa marena a ileng a itumella hore a susumetswe ke ditjhaba tse ding hoo a ileng a qetella a se a sa sebeletse Jehova. O ne a busa maloko a leshome a Iseraele nakong eo Morena Josafate a neng a busa Juda. O ile a nyala moradi wa morena wa Mosidone ya neng a busa naha e ruileng ya Tire. Jezebele mosadi wa Morena Akabe, o ile a susumelletsa Baiseraele le monna wa hae hore ba rapele Baale, a ba a etsa hore monna wa hae a silafatse borapedi ba nnete ka tsela e ke keng ya lekanngwa.—1 Mar. 16:30-33; 18:4, 19.

3, 4. (a) Lekgetlong lee Ezekiele o ile a profetang? (b) Re tlo araba dipotso dife?

3 Jehova o ile a lemosa batho ba hae ka ditlamorao tsa ho se mo tshepahalle. Lekgetlong lena mamello ya hae e ile ya fela. (Jer. 21:7, 10; Ezek. 5:7-9) Ka selemo sa 609 pele ho mehla ya Jesu, lebotho la Babilona le ile la kgutlela Naheng e Tshepisitsweng ka lekgetlo la boraro. Ho ne ho se ho fetile dilemo tse ka bang leshome lebotho la Babilona le sa hlasele Naha e Tshepisitsweng. Lekgetlong lena, le ne le tlo diha marako a Jerusalema le ho bolaya ba sa tshehetseng Nebukadnezare. Ha boprofeta bohle boo Modimo a bo boleletseng Ezekiele bo phethahala mme Bababilona ba qala ho thibella Baiseraele, Ezekiele o ile a qala ho profeta ka hore na ho tla etsahalang ka ditjhaba tse neng di potolohile Baiseraele.

Jehova o tla otla ditjhaba tse mo sentseng lebitso

4 Jehova o ile a bolella Ezekiele hore dira tsa Baiseraele di ne di tla thaba ha Jerusalema e fediswa di be di hlorise batho ba phonyohileng. Le ha ho le jwalo, Jehova o ne a tla otla ditjhaba tse mo sentseng lebitso, tse hlorisitseng batho ba hae le tse entseng hore ba se ke ba mo tshepahalla. Ke dintho dife tsa bohlokwa tseo re ka ithutang tsona tseleng eo ditjhaba tse ding di ileng tsa tshwara Baiseraele ka yona? Dintho tseo Ezekiele a ileng a re di tla etsahalla ditjhaba tse neng di potolohile Baiseraele di re fa tshepo jwang mehleng ee?

Baiseraele ba Tshwarwa Hampe ke Bana ba bo Bona

5, 6. Baamone ba ne ba amana le Baiseraele jwang?

5 Baamone, Bamoabe le Baedomo ba ne ba amana le Baiseraele. Le hoja bona le baholoholo ba bona ba ne ba amana, ba ile ba hloya batho ba Modimo ka nako e telele, ba ba tshwara hampe le ho ba “soma.”—Ezek. 25:6.

6 A re ke re bueng ka Baamone. E ne e le ditloholo tsa Lota ngwana wa ngwanabo Abrahama ka moradi wa Lota wa ho fela. (Gen. 19:38) Ba ne ba bua puo e batlileng e tshwana le Seheberu mme ho ka etsahala hore ebe Baiseraele ba ne ba e utlwisisa. Jehova o ile a re Baiseraele ba se ke ba lwantsha Baamone hobane ba ne ba amana le bona. (Deut. 2:19) Empa mehleng ya Baahlodi, Baamone ba ile ba ikopanya le Morena Eglone wa Moabe ho hatella Baiseraele. (Baahl. 3:12-15, 27-30) Ha morao ha Saule e se e le morena, Baamone ba ile ba hlasela Baiseraele. (1 Sam. 11:1-4) Le mehleng ya Morena Josafate, ba ile ba ikopanya le Bamoabe ho hlasela Baiseraele.—2 Dikron. 20:1, 2.

7. Bamoabe ba ile ba tshwara bana ba bo bona jwang?

7 Bamoabe le bona e ne e le ditloholo tsa Lota ka moradi wa hae e moholo. (Gen. 19:36, 37) Jehova o ile a re Baiseraele ba se ke ba lwantsha Bamoabe. (Deut. 2:9) Empa Bamoabe bona ha ba a ka ba tshwara Baiseraele hantle. Ho ena le hore ba thuse bana ba bo bona ha ba ne ba baleha Baegepeta ba neng ba ba entse makgoba, ba ile ba ba sitisa ho kena Naheng e Tshepisitsweng. Balake morena wa Bamoabe o ile a hira Balame hore a bitsetse Baiseraele bomadimabe. Balame le yena o ile a bolella Balake hore na a ka etsang ho tjhehela banna ba Baiseraele leraba e le hore ba rapele ditshwantsho le ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. (Num. 22:1-8; 25:1-9; Tshen. 2:14) Bamoabe ba ile ba hatella Baiseraele ka dilemo tse ngata ho tla fihlela mehleng ya Ezekiele.—2 Mar. 24:1, 2.

8. Ke hobaneng ha Jehova a ile a re Baedomo le Baiseraele ke bana ba motho? Baedomo ba ile ba tshwara Baiseraele jwang?

8 Baedomo e ne e le ditloholo tsa Esau lefahla la Jakobo. Baiseraele le Baedomo ba ne ba amana haholo hoo Jehova a ileng a re ke bana ba motho. (Deut. 2:1-5; 23:7, 8) Le ha ho le jwalo, Baedomo e ile ya eba dira tsa Baiseraele ho tloha ha ba tswa Egepeta ho fihlela ha Jerusalema e fediswa ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu. (Num. 20:14, 18; Ezek. 25:12) Ka nako eo, Baedomo ba ile ba thaba ha Baiseraele ba le mathateng ba ba ba kgothaletsa Bababilona hore ba timetse Jerusalema. Ha ba a ka ba fella moo feela, ba ile ba thibella Baiseraele ba neng ba baleha, ba fana ka bona ho Bababilona.—Pes. 137:7; Obad. 11, 14.

9, 10. (a) Ho etsahetseng ka Baamone, Bamoabe le Baedomo? (b) Keng e bontshang hore ha se batho bohle ba ditjhaba tseo ba neng ba hloile Baiseraele?

9 Jehova o ile a ahlola ditjhaba tseo tse amanang le Baiseraele ka lebaka la tsela eo di neng di ba tshwere ka yona. O ile a re: “Ke tla nehelana ka Baamone . . . e le hore batho ba ka botjhabela ba ba hape. Baamone ba ke ke ba hlola ba hopolwa hara ditjhaba.” A boela a re: “Ke tla ahlola Bamoabe mme ba tla tseba hore ke nna Jehova.” (Ezek. 25:10, 11) Dilemo tse ka bang hlano ka mora hore Jerusalema e fediswe, boprofeta boo bo ile ba phethahala ha Bababilona ba hapa Baamone le Bamoabe. Hape Jehova o ile a re: “Ke tla ahlola Baedomo ka hore ke fedise naha ya bona, diphoofolo le batho.” (Ezek. 25:13) Feela jwalo ka ha ho boletswe, Baamone, Bamoabe le Baedomo ba ile ba fediswa.—Jer. 9:25, 26; 48:42; 49:17, 18.

10 Le ha ho le jwalo, ha se batho bohle ba ditjhaba tseo ba neng ba hloile batho ba Modimo. Ka mohlala, Zeleke wa Moamone le Ithma wa Momoabe e ne e le ba bang ba masole a Morena Davida a matla. (1 Dikron. 11:26, 39, 46; 12:1) Ruthe wa Momoabe le yena e ile ya eba mohlanka wa Jehova.—Ruthe 1:4, 16, 17.

O se ke wa kgaotsa ho tshepahalla Jehova esita le hanyenyane feela

11. Re ka ithutang tlalehong ya Baiseraele le ditjhaba tse neng di ba potolohile?

11 Re ka ithutang tlalehong ee ya Baiseraele le ditjhaba tse neng di ba potolohile? Re ithuta hore Baiseraele ba ile ba itumella ho susumetswa ke ditjhaba tse ba potolohileng. Ntho eo e ile ya etsa hore ba qetelle ba rapela medimo ya bohata e kang Baale wa Peore ya neng a rapelwa ke Bamoabe le Moloke Modimo wa Baamone. (Num. 25:1-3; 1 Mar. 11:7) Re ka etsahallwa ke ntho e tshwanang. Batho bao re amanang le bona bao e seng Dipaki ba ka re susumelletsa hore re se ke ra tshepahalla Jehova. Ka mohlala, ba ka nna ba se ke ba utlwisisa hore na ke hobaneng ha re sa keteke Paseka, re sa fanane dimpho ka Keresemese kapa re sa etse dintho tse ding tse tlwaelehileng tse amanang le ditumelo tsa madumedi a bohata. Le haeba ba se na merero e mebe, ba ka leka ho re susumelletsa hore re se ke ra mamela Jehova le ha e le ka ntho e nyenyane feela. Ho bohlokwa haholo hore re se ke ra itumella ho iswa hosele le ha e ka ba hanyenyane feela. Pale ya Baiseraele e a bontsha hore ha re ka kgaotsa ho tshepahalla Jehova esita le hanyenyane feela, re ka hlahelwa ke mathata a tshabehang.

12, 13. Re ka hloriswa jwang empa ho tla etsahalang haeba re dula re tshepahala?

12 Ho na le ntho e nngwe hape eo re ka ithutang yona tseleng eo Baamone, Bamoabe le Baedomo ba ileng ba tshwara Baiseraele ka yona. Beng ka rona bao e seng Dipaki ba ka re hlorisa haholo. Jesu o ile a tjho hore molaetsa oo re o bolellang batho kajeno o tla “baka karohano.” O ile a re ka lebaka la molaetsa oo, “mora o tla lwantsha ntate, moradi a lwantshe mme.” (Mat. 10:35, 36) Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba lwantsha ditjhaba tse amanang le bona. Le rona ha re lwantshe beng ka rona bao e seng Dipaki. Empa re se ke ra makala ha ba re hlorisa.—2 Tim. 3:12.

13 Le haeba beng ka rona ba sa hanyetse tumelo ya rona, ha re a lokela ho ba dumella hore ba re susumelletse ho mamela bona ho feta Jehova. Hobaneng? Hobane Jehova ke yena eo re lokelang ho mo rata ho feta motho e mong le e mong. (Bala Matheu 10:37.) Ho feta moo, haeba re dula re tshepahalla Jehova, batho ba bang bao re amanang le bona ba ka tshwana le Zeleke, Ithma le Ruthe yaba ba qetella e le barapedi ba nnete. (1 Tim. 4:16) Le bona ba tla utlwa monate wa ho sebeletsa Modimo a le mong feela wa nnete, ba utlwe monate wa ho ratwa le ho sireletswa ke yena.

Jehova o “Halefela” Dira Tsa Hae

14, 15. Bafilista ba ile ba tshwara Baiseraele jwang?

14 Bafilista ba ile ba falla sehlekehlekeng sa Kreta yaba ba yo dula naheng eo Jehova a e tshepisitseng Abrahama le ditloholo tsa hae. Abrahama le Isaka ba ne ba kile ba sebedisana le Bafilista. (Gen. 21:29-32; 26:1) Nakong eo Baiseraele ba fihlang Naheng e Tshepisitsweng, Bafilista e ne e se e le setjhaba se seholo se nang le lebotho le matla la sesole. Ba ne ba rapela medimo ya bohata e kang Baale-zebube le Dagone. (1 Sam. 5:1-4; 2 Mar. 1:2, 3) Ka dinako tse ding Baiseraele ba ne ba rapela medimo yona ena.—Baahl. 10:6.

15 Jehova o ile a dumella Bafilista hore ba hatelle Baiseraele ka dilemo tse ngata hobane ba sa ka ba mo tshepahalla. (Baahl. 10:7, 8; Ezek. 25:15) Ba ile ba fa Baiseraele melao e boima a le ho ba bolaya ka bongata. (1 Sam. 4:10) Le ha ho le jwalo, ha Baiseraele ba ne ba baka mme ba kgutlela ho Jehova, o ne a ba pholosa. O ile a sebedisa banna ba kang Samsone, Saule le Davida hore a ba pholose. (Baahl. 13:5, 24; 1 Sam. 9:15-17; 18:6, 7) Ezekiele o ne a profetile hore Jehova o tla “halefela” Bafilista ka “ho ba fa kotlo.” Mantswe ao a ile a phethahala ha Bababilona le Bagerike ba hlasela naha ya bona.—Ezek. 25:15-17.

16, 17. Re ka ithutang tseleng eo Bafilista ba ileng ba tshwara Baiseraele ka yona?

16 Re ka ithutang tseleng eo Bafilista ba ileng ba tshwara Baiseraele ka yona? Batho ba Jehova mehleng ena ba hlorisitswe ke e meng ya mebuso e matla ka ho fetisisa e kileng ya busa batho. Rona re fapana le Baiseraele ka hore haesale re tshepahalla Jehova ka dilemo tse ngata. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding ho ka bonahala eka batho ba hloileng borapedi ba nnete ba atleha ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, dilemong tse ka bang lekgolo tse fetileng, mmuso wa United States o ile wa leka ho emisa mosebetsi wa batho ba Jehova ka hore o tshware bana ba bo rona ba neng ba etella mokgatlo pele le ho ba ahlolela dilemo tse ngata teronkong. Nakong ya ntwa ya bobedi ya lefatshe, mokga wa Manazi wa Jeremane o ile wa leka ho fedisa batho ba Modimo. O ile wa ba kwalla diteronkong le ho ba bolaya ka bongata. Ka mora hore ntwa eo e lale, mokgatlo wa Soviet Union o ile wa tswa letsholo ka dilemo tse ngata ka sepheo sa ho hlorisa Dipaki Tsa Jehova. O ne o isa Dipaki tse ngata dikampong tseo ho tsona ho neng ho etswa mosebetsi o boima kapa o di tlosa mahaeng a tsona ka nkane o di isa dibakeng tse hole haholo.

17 Mehleng ena mebuso e ntse e ka tswela pele ho leka ho emisa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele, ya re tshwara kapa ya bolaya ba bang ba rona. Na dintho tsee di lokela ho etsa hore re tshohe kapa re fellwe ke tumelo? Le letho! Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae. (Bala Matheu 10:28-31.) Mebuso ena e matla e hlorisitseng batho ba Jehova e hlahile ya ba ya nyamela empa batho ba Jehova bona ba ntse ba tswela pele ho eketseha. Haufinyane mebuso yohle e teng lefatsheng e tla etsahallwa ke ntho e tshwanang le e etsahaletseng Bafilista, e tla tseba Jehova! Hape jwalo ka Bafilista, le yona e tla fediswa.

‘Maruo a Mangata’ a ke ke a re Sireletsa

18. Tire e ne e le motse o jwang?

18 Motse wa Tire b e ne e le o mong wa metse e ruileng ka ho fetisisa lefatsheng mehleng ya kgale o bile o di hula pele ditabeng tsa kgwebo. Tire e ne e ena le dikepe tsa kgwebo tse neng di tsamaela Lewatleng la Mediterranean ho ya fihla dibakeng tse ngata ka bophirimela. Ka botjhabela teng, e ne e ena le ditsela tse ngata tseo borakgwebo ba neng ba tsamaya ho tsona tse neng di ba fihlisa dibakeng tse hole. Ka dilemo tse ngata Tire e ne e hweba le dinaha tse hole mme maruo a yona a ntse a eketseha. Borakgwebo ba Tire ba ne ba ruile hoo ba neng ba inka e le dikgosana.—Esa. 23:8.

19, 20. Baahi ba Tire le baahi ba Gibeone ba ne ba fapane jwang?

19 Nakong ya puso ya Davida le Solomone, Iseraele e ne e sebetsa haholo le batho ba Tire ditabeng tsa kgwebo. Batho ba Tire ba ile ba fana ka thepa le banna ba etsang mosebetsi wa matsoho e le hore ho hahwe phaleisi ya Davida le tempele e ileng ya hahwa ha Solomone a ne a busa. (2 Dikron. 2:1, 3, 7-16) Batho ba Tire ba sebeditse le Baiseraele nakong eo dintho di neng di tsamaela Baiseraele hantle. (1 Mar. 3:10-12; 10:4-9) Nahana feela hore na batho ba bangata ba Tire ba ne ba ena le monyetla o motle hakaakang wa hore ba ithute ka borapedi ba nnete, ba tsebe Jehova le hore ba iponele melemo e tliswang ke ho sebeletsa Modimo wa nnete!

20 Le hoja batho ba Tire ba ne ba ena le monyetla o motle hakaalo, ba ile ba nna ba itswella pele ka bophelo ba bona ba ho lelekisa maruo. Ha ba a ka ba etsisa Bakanana ba motse o moholo wa Gibeone, ba ileng ba utlwela feela ka mesebetsi e meholo eo Jehova a e entseng yaba ba qetella ba mo sebeletsa. (Josh. 9:2, 3, 22–10:2) Ho ena le hore batho ba Tire ba etse jwalo, ba ile ba qetella ba se ba hlorisa batho ba Modimo le ho rekisa ba bang ba bona hore e be makgoba.—Pes. 83:2, 7; Joele 3:4, 6; Amose 1:9.

Le ka mohla re se ke ra nka hore maruo a ka re sireletsa

21, 22. Ho etsahetseng ka Tire hona hobaneng?

21 Jehova o ile a sebedisa Ezekiele hore a re ho batho ba Tire: “Wena Tire, ke tla o ahlola ke etse hore ditjhaba tse ngata di o lwantshe feela jwalo ka ha lewatle le nyolla maqhubu a lona. Di tla diha mabota le ditora tsa hao. Ke tla tlosa mobu o ho wena, o be jwalo ka lefika le benyang.” (Ezek. 26:1-5) Batho ba Tire ba ne ba tshepile maruo a bona, ba utlwa a ba sireleditse jwalo ka lerako le neng le potapotile motse wa bona o sehlekehlekeng le neng le le bophahamo ba dimithara tse 46. Hoja ba ile ba mamela Solomone ha a ne a re: “Maruo a morui ke motse wa hae o matla. Monahanong wa hae, a jwalo ka lerako le sireletsang.”—Diprov. 18:11.

22 Ha Bababilona le Bagerike ba phethahatsa boprofeta ba Ezekiele, baahi ba Tire ba ile ba bona hore maruo a bona le marako a bona ao ba neng ba nahana hore a ba sireleditse ha a na thuso. Ka mora hore Bababilona ba fedise Jerusalema, ba ile ba nka dilemo tse 13 ba tswile letsholo ho hlasela Tire. (Ezek. 29:17, 18) Yaba ka selemo sa 332, Morena Alexandere e Moholo o etsa ntho e kgolo e ileng ya phethahatsa boprofeta ba Ezekiele. c Lebotho la hae le ile la bokella mesaletsa ya motse o moholo wa Tire ka mora hore o fediswe. Ka mora moo, la lahlela majwe, mobu le dintho tse entsweng ka patsi ka metsing e le hore le etse tsela e tla le fihlisa motseng o sehlekehlekeng wa Tire. (Ezek. 26:4, 12) Alexandere o ile a thuha marako, a nka sohle se motseng, a bolaya baahi le masole a dikete a ba a rekisa ba bang ba mashome a dikete hore e be makgoba. Baahi ba Tire ba ile ba tseba Jehova mme ba ithuta ha bohloko hore ‘maruo a mangata’ a ke ke a ba sireletsa.—Ezek. 27:33, 34.

Le hoja ho ne ho bonahala eka Tire e sireletsehile ka hohlehohle, e ile ya fediswa feela jwalo ka ha Ezekiele a ne a profetile (Sheba serapa sa 22)

23. Re ithutang ho baahi ba Tire?

23 Re ithutang ho baahi ba Tire? Le ka mohla re se ke ra dumella “tabatabelo ya ho rua” hore e etse hore re tshepe maruo kapa re nke hore a a re sireletsa. (Mat. 13:22) Re ke ke ra “sebeletsa Modimo le Maruo.” (Bala Matheu 6:24.) Batho ba sebeletsang Jehova ka moya wohle ke bona feela ba sireletsehileng e le ka nnete. (Mat. 6:31-33; Joh. 10:27-29) Boprofeta bo buang ka ho fediswa ha lefatshe lena bo tla phethahala kaofela feela jwalo ka ha boprofeta bo buang ka Tire le bona bo ile ba phethahala. Ka nako eo, ha Jehova a fedisa maruo a lefatshe lena le beng ba ona ba meharo le ba itjhebileng bobona, batho ba tshepileng maruo ba tla tseba Jehova hantle.

Mebuso ya Dipolotiki e Tshwana le “Lehlaka le sa Tiyang”

24-26. (a) Ke hobaneng ha Jehova a ile a re Egepeta ke “lehlaka le sa tiyang”? (b) Morena Tsedekia o ile a etsang ho bontsha hore ha a mamele Jehova, hona o ile a fumana ditlamorao dife?

24 Ho tloha pele ho mehla ya Josefa ho fihlela ha Bababilona ba hlasela Jerusalema, mmuso wa Egepeta o ne o laola karolo e kgolo ya naha eo Baiseraele ba ileng ba dula ho yona. Ka ha puso ya Egepeta e ne e ena le dilemo tse ngata e le teng, ho ne ho ka bonahala eka e tsitsitse jwalo ka sefate seo e leng kgale se le teng. Empa ha Egepeta e bapiswa le Jehova, e ne e fokola jwalo ka “lehlaka le sa tiyang.”—Ezek. 29:6.

25 Morena Tsedekia wa lerabele ha a ka a hlokomela hore na Egepeta e fokola hakae. Jehova o ile a roma moprofeta Jeremia hore a bolelle Tsedekia hore a ikokobeletse morena wa Babilona. (Jer. 27:12) Tsedekia o ile a ba a ikana ka lebitso la Jehova hore a ke ke a fetohela Nebukadnezare. Empa o ile a kgetha ho se mamele Jehova, a fetohela kano eo a e etseditseng Nebukadnezare a ba a kopa Baegepeta hore ba mo thuse ho lwantsha Bababilona. (2 Dikron. 36:13; Ezek. 17:12-20) Baiseraele ba ileng ba tshepa matla a Egepeta ba ile ba ipitsetsa bomadimabe. (Ezek. 29:7) Ho ne ho ka bonahala eka Egepeta e matla jwalo ka “phoofolo e kgolohadi ya lewatle.” (Ezek. 29:3, 4) Empa Jehova o ile a re o tla e etsa ntho e tshwanang le eo ditsomi di e etsang ha di tshwasa dikwena Nokeng ya Nile. O ne a tla e kenya dihakisi mehlahareng a e hule a yo e fedisa. O ile a phethahatsa mantswe a hae ka ho roma Bababilona hore ba hape Egepeta.—Ezek. 29:9-12, 19.

26 Ho ile ha etsahalang ka Tsedekia wa molotsana? Ka ha o ile a fetohela Jehova, Ezekiele o ile a profeta hore “kgosana” ena e kgopo e ne e tla rola korone le hore borena ba yona bo ne bo tla fela. Empa Ezekiele o ile a profeta ntho e nngwe e fanang ka tshepo. (Ezek. 21:25-27) Jehova o ile a re a profete hore motho ya tswang lelokong la borena, ya nang le “tokelo ya molao” o ne a tla nka marapo a puso. Kgaolong e latelang ya buka ena re tlo bona hore na motho eo ke mang.

27. Ditshebedisano tseo Iseraele e ileng ya eba le tsona le Egepeta di re rutang?

27 Ditshebedisano tseo Iseraele e ileng ya eba le tsona le Egepeta di re rutang? Batho ba Jehova mehleng ena ba lokela ho qoba ho tshepa mebuso ya lefatshe ebe ba nahana hore mebuso eo e tla ba sireletsa. Le dintho tseo re di nahanang di lokela ho bontsha hore ‘ha re ba lefatshe.’ (Joh. 15:19; Jak. 4:4) Mebuso ya lefatshe e ka bonahala eka e matla empa e itshwanela le Egepeta ka hore e fokola jwalo ka lehlaka le sa tiyang. Haeba re ka tshepa motho ya ka itjhwellang neng kapa neng ho ena le hore re tshepe Modimo ya matla ohle ya busang dintho tsohle, e tla ba ha re bohlale.—Bala Pesaleme ya 146:3-6.

Re lokela ho qoba ho kenella ditabeng tsa dipolotiki le moo re leng bang (Sheba serapa sa 27)

Ditjhaba ‘di Tla Tseba’

28-30. Ditjhaba ‘di tla tseba’ Jehova jwang? Ho fapana le ditjhaba, rona re tseba Jehova jwang?

28 Bukeng ya Ezekiele Jehova o pheta mantswe a reng “ba tla tseba hore ke nna Jehova” ka makgetlo a mangata. (Ezek. 25:17) Mantswe ana a ile a fela a phethahala mehleng ya kgale ha Jehova a ne a otla dira tsa batho ba hae. Empa mantswe ao a tla phethahala ka tsela e kgolwanyane mehleng ena. Jwang?

29 Jwalo ka batho ba Modimo ba mehleng ya kgale, re potapotilwe ke ditjhaba tse bonang re tshwana le nku e tsamayang e le nngwe e ke keng ya kgona ho itshireletsa. (Ezek. 38:10-13) Jwalo ka ha re tla bona Kgaolong ya 17 le 18 ya buka ena, haufinyane ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tswa letsholo ho hlasela batho ba Modimo ka bokgopo bohle. Empa mohla di ba hlaselang, di tla tseba hantle hore na ke mang ya matla. Mohla Jehova a di fedisang ka ntwa ya Armagedone di tla mo tseba hantle, di bone hore ke yena ya nang le matla a ho busa.—Tshen. 16:16; 19:17-21.

30 Empa rona Jehova o tla re sireletsa a be a re hlohonolofatse. Hobaneng? Hobane re bontshitse esale hona jwale hore re tseba Jehova ka hore re mo tshepe, re mo mamele re be re mo rapele ka tsela eo a e amohelang ka ha ke yona ntho e mo tshwanelang.—Bala Ezekiele 28:26.

a Ka mohlala, Bafilista ba ne ba thibetse Baiseraele hore ba se ke ba eba le batho ba etsang dintho tsa tshepe. Baiseraele ba ne ba tlameha ho ya ho Bafilista hore ba ba betlele disebediswa tsa masimong ebe Bafilista ba ba patadisa tjhelete e lekanang le mokgolo wa matsatsi a mangata.—1 Sam. 13:19-22.

b Ho bonahala Tire e ne e le motse o hahilweng mafikeng o se hole le boemakepe. O ne o le bohole ba dikhilomithara tse ka bang 50 ka leboya ho Thaba ya Karmele. Ha morao motse oo o ile wa eketswa yaba karolo e nngwe ya wona e tsejwang e le motse o moholo e hahwa thoko le lewatle. Ka Seheberu naha eo e bitswa Sur e bolelang “Lefika.”

c Esaia, Jeremia, Joele, Amose le Zakaria le bona ba ile ba profeta ka Tire mme boprofeta boo bo ile ba phethahala kaofela.—Esa. 23:1-8; Jer. 25:15, 22, 27; Joele 3:4; Amose 1:10; Zak. 9:3, 4.